Genese 29:1-35

  • Jakobo o kopana le Ragele (1-14)

  • Jakobo o rata Ragele (15-20)

  • Jakobo o nyala Lea le Ragele (21-29)

  • Bara ba bane ba Jakobo le Lea: Rubene, Simeone, Levi le Juda (30-35)

29  Jakobo a tsoela pele ka leeto la hae ’me a ea naheng ea batho ba Bochabela. 2  A bona seliba tšimong le lihlopha tse tharo tsa linku li bothile pel’a sona. Balisa ba ne ba tloaetse ho noesa liphoofolo selibeng seo. Ho ne ho e-na le lejoe le leholo le neng le koahetse seliba. 3  Ha liphoofolo tsohle li bokelletsoe moo, balisa ba tlosa lejoe le neng le koahetse seliba eaba ba noesa liphoofolo, ka mor’a moo ba le khutlisetsa holim’a seliba. 4  Jakobo a re ho bona: “Bana beso le tsoa hokae?” Ba re: “Re tsoa Harane.”+ 5  A re ho bona: “Na le tseba Labane+ setloholo sa Nakore?”+ Ba re: “Rea mo tseba.” 6  A re ho bona: “Na o ntse a ea hantle?” Ba re: “O ntse a ikela hantle ebile morali oa hae Ragele+ ke enoa o tla le linku.” 7  Jakobo a re: “E ntse e le motšehare. Ha se nako ea ho bokella liphoofolo. Noesang linku ’me ka mor’a moo le li fulise.” 8  Ba re: “Ha rea lumelloa ho etsa joalo ho fihlela liphoofolo tsohle li bokelletsoe ’me ho tlositsoe lejoe le holim’a seliba. Ka mor’a moo re ka noesa linku.” 9  Ha a ntse a bua le bona, Ragele a tla le linku tsa ntate oa hae kaha e ne e le molisa. 10  Ha Jakobo a bona Ragele morali oa malome oa hae Labane le linku tsa Labane, Jakobo a atamela ka potlako ’me a tlosa lejoe holim’a seliba eaba o noesa linku tsa malome oa hae Labane. 11  Jakobo a suna* Ragele eaba oa lla. 12  Jakobo a bolella Ragele hore ke mochana oa* ntate oa hae le hore ke mora oa Rebeka. Ragele a matha a e’o bolella ntate oa hae. 13  Hang ha Labane+ a utloa hore mochana oa hae Jakobo o teng, a matha hore a e’o kopana le eena. A mo haka a ba a mo suna ’me a mo tlisa ka tlung ea hae. Jakobo a bolella Labane lintho tsohle tse etsahetseng. 14  Labane a re ho eena: “U lesapo la ka le nama ea ka.”* A lula le eena khoeli kaofela. 15  Labane a re ho Jakobo: “Na u tla ntšebeletsa mahala hobane feela u le mochana oa ka?*+ Mpolelle, u batla ke u patale ka eng?”+ 16  Labane o ne a e-na le barali ba babeli. Lebitso la e moholo e ne e le Lea ’me la e monyenyane e le Ragele.+ 17  Lea o ne a se motle hakaalo* empa Ragele o ne a le motle haholo a bile a khahleha. 18  Jakobo o ne a rata Ragele, kahoo a re: “Ke ikemiselitse ho u sebeletsa lilemo tse supileng bakeng sa morali oa hao e monyenyane Ragele.”+ 19  Labane a re: “Ho molemo hore ke u fe eena ho e-na le hore ke mo fe monna e mong. Tsoela pele u lula le ’na.” 20  Jakobo a sebeletsa Labane ka lilemo tse supileng bakeng sa Ragele+ empa ho eena e ne eka ke matsatsi a seng makae feela hobane o ne a mo rata. 21  Jakobo a re ho Labane: “Mphe mosali oa ka ke robale le eena hobane ke qetile ho u sebeletsa.” 22  Labane a bitsa banna bohle ba sebaka seo ’me a etsa mokete. 23  Ka shoalane a khetha ho nka morali oa hae Lea ’me a mo tlisa ho Jakobo hore a robale le eena. 24  Labane a ba a fa morali oa hae Lea mosebeletsi ea bitsoang Zilpa.+ 25  Hoseng Jakobo a bona hore e ne e le Lea. A re ho Labane: “Ke hobane’ng ha u nkentse tjee? Na ha kea u sebeletsa bakeng sa Ragele? Ke hobane’ng ha u nqhekelletse?”+ 26  Labane a re: “Sebakeng sena ha hoa tloaeleha hore ho fanoe ka ngoanana e monyenyane pele ho e moholo. 27  Qeta beke ea lechato le Lea. Ka mor’a moo, u tla fuoa le Ragele ebe o ntšebeletsa lilemo tse ling tse supileng.”+ 28  Jakobo a etsa joalo ’me a lula le ngoanana eo beke kaofela, ka mor’a moo a mo fa Ragele morali oa hae hore e be mosali oa hae. 29  Ntle ho moo, Labane a fa morali oa hae Ragele mosebeletsi+ ea bitsoang Bilha.+ 30  Jakobo a robala le Ragele empa o ne a rata Ragele ho feta Lea eaba o sebeletsa Labane lilemo tse ling tse supileng.+ 31  Ha Jehova a bona hore Lea ha a ratoe,* a mo thusa hore a ime*+ empa Ragele eena o ne a sa khone ho ba le bana.+ 32  Lea a ima ’me a ba le mora eaba o mo reha Rubene*+ hobane o ile a re: “Ke hobane Jehova o bone mesarelo ea ka,+ joale monna oa ka o tla nthata.” 33  Lea a boela a ima ’me a ba le mora eaba o re: “Ke hobane Jehova o utloile hore ke ne ke sa ratoe ’me o mphile le enoa.” A mo reha Simeone.*+ 34  A ima hape ’me a ba le mora eaba o re: “Lekhetlong lena monna oa ka o tla nkhomarela hobane ke mo tsoaletse bara ba bararo.” A rehoa Levi.*+ 35  A ima hape ’me a ba le mora eaba o re: “Lekhetlong lena ke tla rorisa Jehova.” A mo reha Juda.*+ Ka mor’a moo a khaotsa ho ba le bana.

Linaletsana

^ Ho lumelisa motho ka ho mo suna, joaloka ho mo suna lerameng, e ne e le ntho e tloaelehileng.
^ Ka Seheberu: “ngoan’abo.”
^ Kapa: “rea amana.”
^ Ka Seheberu: “ngoan’eso.”
^ Ka Seheberu: “mahlo a Lea a ne a sa khanye.”
^ Ka Seheberu: “hlouoe.”
^ Ka Seheberu: “a bula popelo ea hae.”
^ E bolelang “Bona ke na le Mora.”
^ E bolelang “Ho Utloa.”
^ E bolelang “Ho Khomarela; Ho Kopana.”
^ E bolelang “Rorisitsoe; Motho ea Rorisoang.”