Genese 23:1-20

  • Lefu la Sara le sebaka seo a patetsoeng ho sona (1-20)

23  Sara o ne a le lilemo li 127 ha a shoa.+  Sara a shoella Kiriathe-arba+ e boetseng e tsejoa e le Hebrone,+ naheng ea Kanana.+ Abrahama a utloa bohloko haholo a ba a mo llela.  Abrahama a tloha ka pel’a mofu oa hae eaba o bua le bara ba Hethe+ o re:  “Ke molichaba ’me ke lula le lona.+ Mpheng sebaka sa lepato libakeng tsa lona e le hore ke pate mofu oa ka.”  Bara ba Hethe ba re ho Abrahama:  “Re mamele moren’a ka. Rea hlokomela hore u khosana* e khethiloeng ke Molimo.+ U ka pata mofu oa hao libakeng tsa rona tsa lepato. Ha re na u hanela ho pata mofu oa hao ho tsona.”  Abrahama a ema eaba o inama ka pel’a baahi ba naha eo e leng bara ba Hethe+  ’me a re ho bona: “Haeba le ntumella hore ke pate mofu oa ka, ’mameleng ’me le kope Efrone mora oa Zohare  hore a nthekisetse lehaha le qetellong ea tšimo ea hae e Makpela. Le be teng ha a nthekisetsa lona e le hore nka ba le sebaka sa lepato.+ Ke tla lefa silevera+ eohle e hlokahalang ho le reka.” 10  Efrone oa Mohethe o ne a lutse le bara ba Hethe. Eaba o araba Abrahama moo bara ba Hethe ba ntseng ba utloa le ka pel’a batho bohle ba kenang keiting ea motse,+ o re: 11  “Che, moren’a ka! ’Mamele. Ke u fa tšimo le lehaha le ho eona ka pel’a bara ba sechaba sa heso. Pata mofu oa hao moo.” 12  Abrahama a inama ka pel’a batho ba naha eo 13  ’me a bua le Efrone moo batho ba ntseng ba utloa, a re: “Ke kopa u ’mamele. Ke tla u fa silevera e feletseng bakeng sa tšimo. Nka silevera ena e le hore nka pata mofu oa ka moo.” 14  Efrone a araba Abrahama a re: 15  “ ’Mamele moren’a ka. Tšimo ena ke likotoana* tse 400 tsa silevera empa eo ha se eona ntho ea bohlokoa. Pata mofu oa hao.” 16  Abrahama a mamela Efrone eaba o bekhela Efrone silevera eo a buileng ka eona ka pel’a bara ba Hethe, e leng likotoana* tsa silevera tse 400 ho ea ka tekanyo e amoheloang ke bo-rakhoebo.+ 17  Tšimo ea Efrone e Makpela, e neng e le ka pel’a Mamre le lehaha le ho eona le lifate tsohle tse neng li le ka har’a meeli ea tšimo, tsa fuoa 18  Abrahama e le lintho tseo a li rekileng ka pel’a bara ba Hethe le ka pel’a bohle ba kenang keiting ea motse. 19  Ka mor’a moo, Abrahama a pata mosali oa hae Sara lehaheng la tšimo e Makpela ka pel’a Mamre e Hebrone, naheng ea Kanana. 20  Bara ba Hethe ba fa Abrahama tšimo le lehaha hore e be sebaka sa lepato.+

Linaletsana

Kapa mohlomong: “khosana e kholo.”
Ka Seheberu: “lishekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “shekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.