Genese 22:1-24

  • Abrahama o laeloa hore a etse sehlabelo ka Isaka (1-19)

    • Batho ba tla hlohonolofatsoa ka lebaka la bana ba Abrahama (15-18)

  • Lelapa labo Rebeka (20-24)

22  Molimo oa ’nete a leka Abrahama+ ’me a re ho eena: “Abrahama!” Abrahama a re: “Ke ’na enoa!”  Molimo a re: “Ke kopa u ee naheng ea Moria+ le mora oa hao ea mong eo u mo ratang haholo+ Isaka+ ’me u etse sehlabelo sa secheso ka eena moo, holim’a e ’ngoe ea lithaba tseo ke tla u bontša tsona.”  Abrahama a tsoha hoseng haholo, a qhaneha tonki ea hae eaba o tsamaea le bahlanka ba hae ba babeli le mora oa hae Isaka. A ratha patsi bakeng sa sehlabelo sa secheso ’me a ea sebakeng seo Molimo oa ’nete a mo bontšitseng sona.  Ka letsatsi la boraro, Abrahama a bonela sebaka seo holenyana.  A re ho bahlanka ba hae: “Salang mona le tonki empa ’na le mora oa ka re tla ea mane ho ea rapela ’me re tla khutlela ho lona.”  Abrahama a jarisa mora oa hae Isaka patsi ea sehlabelo sa secheso. A nka mollo le thipa* ’me ba tsamaea ba le babeli.  Isaka a re ho ntate oa hae: “Ntate!” Eaba Abrahama o re: “Ke mametse mora oa ka.” Isaka a re: “Mollo le patsi ke tsena empa nku ea sehlabelo sa secheso e hokae?”  Abrahama a re: “Mora oa ka, Molimo ke eena ea tla fana ka nku ea sehlabelo sa secheso.”+ Eaba ba tsoela pele ka leeto la bona.  Ba fihla sebakeng seo Molimo oa ’nete a mo bontšitseng sona eaba Abrahama o haha aletare moo ’me o beha patsi holim’a eona. A tlama mora oa hae Isaka maoto le matsoho ’me a mo beha aletareng holim’a patsi.+ 10  Abrahama a nka thipa* e le hore a bolaee mora oa hae.+ 11  Empa lengeloi la Jehova la mo bitsa le le maholimong la re: “Abrahama, Abrahama!” A araba a re: “Ke ’na enoa!” 12  Lengeloi la re: “U se ke oa bolaea moshanyana eo ’me u se ke oa mo etsa letho kaha joale kea tseba hore u tšaba Molimo hobane ha oa nkhanela ka mora oa hao ea mong feela.”+ 13  Ha Abrahama a sheba pelenyana mane, a bona ramo e tšoasehileng ka linaka lihlahleng. Abrahama a ea ’me a nka ramo a etsa sehlabelo sa secheso ka eona, eseng ka mora oa hae. 14  Abrahama a reha sebaka seo Jehova-jire.* Ke ka lebaka leo le kajeno ho ntseng ho thoe: “Jehova o tla fana ka lintho tse hlokahalang thabeng ea hae.”+ 15  Lengeloi la Jehova la bitsa Abrahama ka lekhetlo la bobeli le le maholimong, 16  la re: “Jehova o re, ‘Ke hlapanya ka ’na+ hore ka lebaka la seo u se entseng le hore ha oa ka oa nkhanela ka mora oa hao ea mong feela,+ 17  ke tla u hlohonolofatsa ’me ke etse hore bana* ba hao ba be bangata joaloka linaleli tsa maholimo le joaloka lehlabathe le lebopong la leoatle+ ’me ngoana* oa hao o tla nka metse* ea lira tsa hae.+ 18  Lichaba tsohle tsa lefatše li tla hlohonolofatsoa* ka lebaka la ngoana* oa hao+ hobane u mametse lentsoe la ka.’”+ 19  Ka mor’a moo, Abrahama a khutlela ho bahlanka ba hae eaba ba khutlela Beersheba+ hammoho ’me Abrahama a tsoela pele ho lula teng. 20  Abrahama a fumana tlaleho e reng: “Milka o tsoalletse ngoan’eno Nakore+ bara: 21  Letsibolo ke Utse, oa bobeli ke Buze ’me ba latelang ke Kemuele (ntate oa Arame), 22  Kesede, Hazo, Pildashe, Jidlafe le Bethuele.”+ 23  Bethuele a ba le morali ea bitsoang Rebeka.+ Milka a tsoalla Nakore ngoan’abo Abrahama bara bao ba robeli. 24  Reuma, e leng serethe* sa hae a ba le bara e leng Teba, Gahame, Tahashe le Maaka.

Linaletsana

Kapa: “thipa e selakhang.”
Kapa: “thipa e selakhang.”
E bolelang “Jehova o Tla Fana; Jehova o Tla Bona.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “keiti.”
Sena se ka bolela hore li tla lokela ho etsa ho hong hore li hlohonolofatsoe.
Ka Seheberu: “peo.”