Genese 40:1-23

  • Josefa o hlalosa litoro tsa batšoaruoa (1-19)

    • “Na litlhaloso ha se tsa Molimo?” (8)

  • Mokete oa letsatsi la tsoalo ea Faro (20-23)

40  Mookameli oa baqhatsetsi+ ba morena oa Egepeta le mookameli oa baapehi* ba fosetsa Faro morena oa bona.  A halefela basebeletsi ba hae, e leng mookameli oa baqhatsetsi le mookameli oa baapehi+  eaba o ba koalla teronkong, ntlong ea mookameli oa balebeli,+ moo Josefa e neng e le motšoaruoa teng.+  Mookameli oa balebeli a laela Josefa hore a ba hlokomele+ ’me ba qeta nako e itseng* ba le teronkong.  Moqhatsetsi le moapehi oa morena oa Egepeta, ba neng ba koalletsoe teronkong ba ile ba lora bosiu ’me toro ea e mong le e mong e ne e e-na le seo e se bolelang.  Hoseng ha letsatsi le hlahlamang ha Josefa a ba bona, ba ne ba shebahala ba nyahame.  A botsa basebeletsi ba Faro bao a neng a koalletsoe le bona ka tlung ea mong’a hae a re: “Ke hobane’ng ha le bonahala le nyahame kajeno?”  Ba re ho eena: “Re lorile empa ha re na motho ea re hlalosetsang litoro tsa rona.” Josefa a re ho bona: “Na litlhaloso ha se tsa Molimo?+ Ke kopa le mpolelle tsona.”  Mookameli oa baqhatsetsi a bolella Josefa toro ea hae a re: “Torong ea ka ho ne ho e-na le sefate sa morara ka pel’a ka. 10  Sefateng sa morara ho ne ho e-na le makala a mararo ’me ha se hlahisa lithunthung ha hlaha morara o butsoitseng. 11  Ke ne ke tšoere kopi ea Faro eaba ke nka morara ke o tlhotlela ka har’a eona. Ka mor’a moo ka fa Faro kopi eo.” 12  Josefa a re ho eena: “Tlhaloso ea eona ke ena: Makala a mararo ke matsatsi a mararo. 13  Ka mor’a matsatsi a mararo ho tloha hona joale, Faro o tla u ntša* teronkong a u khutlisetse boemong ba hao+ ’me u tla fa Faro kopi feela joalokaha u ne u etsa ha u ne u le moqhatsetsi oa hae.+ 14  U nkhopole ha lintho li u tsamaela hantle. Ke kopa u nkhauhele* ’me u bue ka ’na ho Faro e le hore ke tle ke tsoe sebakeng sena. 15  Ha e le hantle, ke koetetsoe naheng ea Baheberu+ ebile ha kea etsa letho le etsang hore ebe ke kentsoe teronkong.”*+ 16  Ha mookameli oa baapehi a utloa hore tlhaloso ea toro ea thabisa a re ho Josefa: “Le ’na ke lorile ’me ho ne ho e-na le libaskete tse tharo tsa bohobe bo bosoeu holim’a hlooho ea ka. 17  Basketeng e ka holimo ho ne ho e-na le lintho tsa mefuta-futa tse baketsoeng Faro ’me ho ne ho e-na le linonyana tse li jang ka har’a baskete e holim’a hlooho ea ka.” 18  Josefa a re: “Tlhaloso ea eona ke ena: Libaskete tse tharo ke matsatsi a mararo. 19  Ka mor’a matsatsi a mararo ho tloha hona joale, Faro o tla u khaola hlooho a u fanyehe thupeng ’me linonyana li tla ja nama ea hao.”+ 20  Letsatsi la boraro e ne e le letsatsi la tsoalo+ la Faro. A etsetsa bahlanka bohle ba hae mokete ’me a tlisa* mookameli oa baqhatsetsi le mookameli oa baapehi moo bahlanka ba hae ba ntseng ba bona. 21  A khutlisetsa mookameli oa baqhatsetsi mosebetsing oa hae oa ho ba moqhatsetsi ’me a tsoela pele ho fa Faro kopi. 22  Empa a fanyeha mookameli oa baapehi feela joalokaha Josefa a ba hlaloselitse.+ 23  Empa mookameli oa baqhatsetsi o ile a lebala Josefa.+

Linaletsana

Kapa: “motho ea bakang bohobe.”
Ka Seheberu: “matsatsi.”
Ka Seheberu: “o tla phahamisa hlooho ea hao.”
Kapa: “u mpontše lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “sekoting.”
Ka Seheberu: “a phahamisa hlooho ea.”