Genese 4:1-26

  • Kaine le Abele (1-16)

  • Leloko la Kaine (17-24)

  • Setha le mora oa hae Enoshe (25, 26)

4  Adama a robala le mosali oa hae Eva eaba oa ima.+ Ha Kaine+ a hlaha, Eva a re: “Jehova o nthusitse ho ba le* mora.”  Hamorao Eva a ba le mora e mong e leng Abele,+ ngoan’abo Kaine. Abele ea e-ba molisa ’me Kaine ea e-ba molemi.  Ka mor’a nako e itseng, Kaine a tlisetsa Jehova nyehelo ea lijo tse tsoang masimong.  Abele eena a tlisa matsibolo a liphoofolo tsa hae,+ a etsa mahlabelo ka tsona hammoho le mafura a tsona. Jehova o ile a amohela Abele le nyehelo ea hae+  empa ho hang ha aa ka a amohela Kaine le nyehelo ea hae. Kaine a halefa haholo ’me a utloa bohloko.*  Jehova a re ho Kaine: “Ke hobane’ng ha u halefile hakaale ebile u utloile bohloko?*  Haeba u ka fetoha ’me oa etsa se setle, na nke ke ka u amohela?* Empa haeba u sa fetohe, sebe se u emetse monyako e le hore se u laole. Na u tla se hlola?”  Kaine a re ho ngoan’abo Abele: “A re ee naheng.” Ha ba ntse ba le naheng, Kaine a hlasela ngoan’abo Abele ’me a mo bolaea.+  Hamorao, Jehova a re ho Kaine: “Ngoan’eno Abele o hokae?” A re: “Ha ke tsebe. Na ke ’na mohlokomeli* oa hae?” 10  Molimo a re: “U entse’ng? Utloa mali a ngoan’eno a tšolletsoeng fatše+ a llela ho ’na. 11  U rohakiloe ’me ke u leleka sebakeng sena seo u bolaetseng ngoan’eno ho sona.*+ 12  Ha u lema, mobu o ke ke oa hlahisa letho.* U tla lelera lefatšeng ’me u be ’malehi.” 13  Kaine a re ho Jehova: “Kotlo eo u mphang eona ka lebaka la phoso eo ke e entseng ea nkimela ’me ha ke khone ho e mamella. 14  Kajeno u nteleka sebakeng sena ’me ke tla ba hole le uena. Ke tla lelera lefatšeng, ke be ’malehi ’me mang kapa mang ea mphumanang o tla mpolaea.” 15  Jehova a re ho eena: “Ka lebaka leo, mang kapa mang ea bolaeang Kaine o tla fuoa kotlo ka makhetlo a supileng.” Jehova a behela Kaine letšoao* la hore mang kapa mang ea mo fumanang a se ke a mo bolaea. 16  Kaine a tloha ka pel’a Jehova a e’o lula naheng ea Botlamuoa* e ka bochabela ho Edene.+ 17  Kaine a robala le mosali oa hae+ eaba oa ima ’me o tsoala Enoke. Kaine a haha motse ’me a o rehella ka mora oa hae Enoke. 18  Enoke a ba le mora ea bitsoang Irade. Irade a ba le mora ea bitsoang Mehujaele, Mehujaele a ba le mora ea bitsoang Methushaele ’me Methushaele a ba le mora ea bitsoang Lameke. 19  Lameke a nyala basali ba babeli. Lebitso la mosali oa pele e ne e le Ada ’me oa bobeli e le Tsilla. 20  Ada a tsoala Jabale. Jabale ke eena motho oa pele oa ho lula litenteng le ho rua liphoofolo. 21  Lebitso la ngoan’abo e ne e le Jubale. Ke eena motho oa pele oa ho letsa harepa le phala.* 22  Tsilla a ba le mora ea bitsoang Tubale-kaine ea neng a etsa lithulusi tsa mefuta-futa tsa koporo le tšepe. Khaitseli ea Tubale-kaine e ne e le Naama. 23  Lameke a re ho basali ba hae, e leng Ada le Tsilla: “ ’Mameleng, lona basali ba Lameke,Le utloe seo ke se buang: Ke bolaile monna hobane a ntemalitse,Kannete ke bolaile mohlankana hobane a nkotlile. 24  Haeba motho ea bolaeang Kaine o tla fuoa kotlo ka makhetlo a supileng,+Ea bolaeang Lameke eena o tla fuoa kotlo ka makhetlo a 77.” 25  Adama a boela a robala le mosali oa hae. Eva a ba le mora ’me a mo reha Setha*+ hobane o ile a re: “Molimo o mphile mora* e mong bakeng sa Abele kaha Kaine o mo bolaile.”+ 26  Setha a ba le mora ’me a mo reha Enoshe.+ Ka nako eo, batho ba qala ho bitsa lebitso la Jehova.

Linaletsana

Kapa: “ho tsoala.”
Kapa: “a hlonama.”
Kapa: “u hloname?”
Kapa: “na u ke ke oa phahamisoa?”
Kapa: “molebeli; molisa.”
Kapa: “ke u leleka lefatšeng le ileng la bula molomo oa lona ho amohela mali a ngoan’eno letsohong la hao.”
Ka Seheberu: “oa ba le matla.”
E ka ’na eaba ena e ne e le taelo e neng e lemosa batho.
Kapa: “naheng ea Node.”
Kapa: “lekolilo.”
E bolelang “Ea Khethiloeng; Ea Behiloeng; Ea Hlomamisitsoeng.”
Ka Seheberu: “peo.”