Genese 18:1-33

  • Mangeloi a mararo a etela Abrahama (1-8)

  • Sara o tšepisoa ho ba le mora; oa tšeha (9-15)

  • Abrahama o buella Sodoma (16-33)

18  Ha Abrahama a ntse a lutse monyako oa tente, Jehova+ a hlaha ho eena har’a lifate tse kholo tsa Mamre.+ E ne e le motšehare ’me ho chesa haholo.  Abrahama a phahamisa hlooho ’me a bona banna ba bararo ba eme hole le eena.+ A tloha monyako oa tente, a ba mathela ho ea ba khahlanyetsa. A fihla a khumama* ka pel’a bona.  A re: “Jehova, haeba u nkamohela ke kopa u pote ha ka.  Ke kopa hore le tlisetsoe metsi ’me maoto a lona a hlatsuoe+ ebe le phomola tlas’a sefate.  Kaha le tlile ho ’na, e-reng ke tlise bohobe e le hore le fumane matla.* Ka mor’a moo, le ka tsoela pele ka leeto la lona.” Ba re: “Ho lokile, u ka etsa joalo.”  Abrahama a potlakela tenteng ho Sara eaba o re: “Potlaka! Nka libaskete tse tharo* tsa phofo e sitsoeng hantle, u lube hlama ’me u etse lilofo tsa bohobe.”  Abrahama a mathela mohlapeng ’me a khetha pohoana e ntle. Mohlanka oa hae a potlaka, a e hlaba ’me a e pheha.  Abrahama a nka botoro le lebese le pohoana e neng e phehiloe ’me a beha lijo tseo ka pel’a bona. A ema pel’a bona tlas’a sefate ha ba ntse ba ja.+  Ba re ho eena: “Mosali oa hao Sara o kae?”+ A re: “O ka mona ka tenteng.” 10  E mong oa bona a re: “Ke tla khutlela ho uena selemong se tlang ka eona nako ena ’me mosali oa hao Sara o tla be a e-na le mora.”+ Sara o ne a mametse a le monyako oa tente e neng e le ka mor’a monna eo. 11  Abrahama le Sara ba ne ba tsofetse.+ Sara o ne a fetile lilemo tsa ho ba le bana.*+ 12  Sara a tšeha a le mong a re: “Ha ’na le moren’a ka re se re tsofetse tjee, na ke tla thabela ho ba le ngoana?”+ 13  Jehova a re ho Abrahama: “Ke hobane’ng ha Sara a ile a tšeha ’me a re, ‘Na kannete ke tla ba le ngoana le hoja ke tsofetse?’ 14  Na ho na le ntho e ka hlolang Jehova?+ Ke tla khutlela ho uena selemong se tlang ka eona nako ena ’me Sara o tla be a e-na le mora.” 15  Empa kaha Sara o ne a tšohile a re: “Ha kea tšeha!” Molimo a re: “U tšehile.” 16  Banna bao ba tsamaea eaba Abrahama oa ba felehetsa ’me ha ba le tseleng, ba bona Sodoma.+ 17  Jehova a re: “Na ke patela Abrahama seo ke tl’o se etsa?+ 18  Abrahama e tla ba sechaba se seholo le se matla ’me lichaba tsohle tsa lefatše li tla hlohonolofatsoa* ka lebaka la hae.+ 19  Ke khethile* Abrahama e le hore a ka laela bara ba hae le litloholo tsa hae* hore li phele ka tsela e thabisang Jehova, ka hore ba etse lintho tse nepahetseng+ e le hore Jehova a ka phethahatsa seo a se tšepisitseng Abrahama.” 20  Jehova a re: “Ke utloile kamoo batho ba tletlebang kateng ka Sodoma le Gomora.+ Kannete baahi ba metse eo ba etsa lintho tse mpe haholo.+ 21  Ke tla ea ke e’o bona hore na lintho tseo batho ba tletlebang ka tsona ke ’nete. Ke tla tseba haeba ha ho joalo.”+ 22  Banna bao ba tsamaea ba ea Sodoma empa Jehova+ a sala le Abrahama. 23  Abrahama a atamela Molimo ’me a re: “Na kannete u tla felisa ea lokileng le ea khopo?+ 24  Haeba motseng oo ho e-na le batho ba lokileng ba 50, na u tla o felisa kapa u tla o tšoarela ka lebaka la batho bao ba 50? 25  Ha ho utloahale hore u bolaee batho ba lokileng le ba khopo joalokaha eka ha ho na phapang pakeng tsa bona.+ Kannete ha ho utloahale hore u etse joalo+ hobane u Moahloli oa lefatše lohle ea ahlolang ka toka.”+ 26  Jehova a re: “Haeba nka fumana batho ba 50 ba lokileng motseng oa Sodoma, ke tla tšoarela motse oohle ka lebaka la bona.” 27  Empa Abrahama a re: “Ke kopa hore u ntumelle hore ke ’ne ke bue le uena Jehova le hoja ke le motho ea tlase* ka pel’a hao. 28  Haeba u ka fumana batho ba bahlano ba sa lokang har’a ba 50 ba lokileng, na u ntse u tla felisa motse ka lebaka la batho bao ba bahlano?” Molimo a re: “Nke ke ka o felisa haeba ke fumana batho ba 45 ho oona.”+ 29  Empa Abrahama a re ho Molimo: “Haeba ho fumanoa batho ba 40 motseng oo teng?” Molimo a re: “Nke ke ka o felisa ka lebaka la batho bao ba 40.” 30  Hape a re: “Jehova, ke kopa hore u se ke oa nkhalefela+ empa e-re ke tsoele pele ho bua: Haeba ho fumanoa batho ba 30 feela motseng oo teng?” Molimo a re: “Nke ke ka o felisa ka lebaka la batho bao ba 30.” 31  Abrahama a re: “Ke kopa u ntumelle hore ke ’ne ke bue le uena Jehova: Ha u ka fumana batho ba 20 feela teng?” Molimo a re: “Nke ke ka o felisa haeba nka fumana batho ba 20 ho oona.” 32  Qetellong a re: “Jehova, ke kopa hore u se ke oa nkhalefela empa e-re ke bue ka lekhetlo la ho qetela: Haeba u ka fumana batho ba leshome feela teng?” Molimo a re: “Nke ke ka o felisa haeba ke fumana batho ba leshome ho oona.” 33  Ha Jehova a qeta ho bua le Abrahama, a tsamaea+ eaba Abrahama o khutlela ha hae.

Linaletsana

A thetsitse fatše ka hlooho.
Ka Seheberu: “e le hore le matlafatse lipelo tsa lona.”
Ka Seheberu: “litekanyo tse tharo tsa seah.” Li lekana le lik’hilokramo tse ka bang 13. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “o ne a se a khaolitse ho ea matsatsing.”
Sena se ka bolela hore li tla lokela ho etsa ho hong hore li hlohonolofatsoe.
Ka Seheberu: “Ke tseba.”
Kapa: “ba lelapa la hae ba tlang ka mor’a hae.”
Ka Seheberu: “ke le lerole le molora.”