Genese 11:1-32

  • Tora ea Babele (1-4)

  • Jehova o ferekanya puo (5-9)

  • Ho tloha ho Sema ho ea ho Abrame (10-32)

    • Lelapa la Tera (27)

    • Abrame o tloha Ure (31)

11  Batho bohle ba lefatšeng ba ne ba bua puo e le ’ngoe ebile ba e-na le pokello e le ’ngoe ea mantsoe.  Ha ba ntse ba ea bochabela, ba ile ba fihla thoteng ea naha ea Shinare+ eaba ba lula teng.  Ba buisana ba re: “Tloong, re etseng litene re li bese ka mollo.” Ba sebelisa litene ho e-na le ho sebelisa majoe ’me ba sebelisa sekontiri e le seretse.  Ba re: “A re ikaheleng motse le tora e fihlang maholimong hore re tume e le hore re se ke ra hasanngoa lefatšeng lohle.”+  Jehova a theoha ho ea bona motse le tora eo bara ba batho ba e hahileng.  Jehova a re: “Batho bana ke sechaba se le seng ebile ba bua puo e le ’ngoe.+ Bona hore na ba etsa’ng! Ba ke ke ba hloleha ho etsa letho leo ba batlang ho le etsa.  A re+ theohe ’me re ferekanye puo ea bona e le hore ba se ke ba utloana ha ba bua.”  Jehova a ba hasanya lefatšeng lohle+ ’me butle-butle ba tlohela ho haha motse.  Ke ka lebaka leo motse oo o ileng oa bitsoa Babele*+ hobane ke moo Jehova a ileng a ferekanya puo ea batho bohle* ’me Jehova a hasanya batho lefatšeng lohle. 10  Ena ke histori ea Sema.+ Sema o ne a le lilemo li 100 ha a e-ba le mora ea bitsoang Arpakshade.+ E ne e le lilemo tse peli ka mor’a Moroallo. 11  Ka mor’a hore Arpakshade a hlahe, Sema a phela lilemo tse 500 ’me a ba le bara le barali.+ 12  Ha Arpakshade a le lilemo li 35, a ba le mora ea bitsoang Shela.+ 13  Ka mor’a hore Shela a hlahe, Arpakshade a phela lilemo tse 403 ’me a ba le bara le barali. 14  Ha Shela a le lilemo li 30, a ba le mora ea bitsoang Ebere.+ 15  Ka mor’a hore Ebere a hlahe, Shela a phela lilemo tse 403 ’me a ba le bara le barali. 16  Ha Ebere a le lilemo li 34, a ba le mora ea bitsoang Pelege.+ 17  Ka mor’a hore Pelege a hlahe, Ebere a phela lilemo tse 430 ’me a ba le bara le barali. 18  Ha Pelege a le lilemo li 30, a ba le mora ea bitsoang Reu.+ 19  Ka mor’a hore Reu a hlahe, Pelege a phela lilemo tse 209 ’me a ba le bara le barali. 20  Ha Reu a le lilemo li 32, a ba le mora ea bitsoang Seruge. 21  Ka mor’a hore Seruge a hlahe, Reu a phela lilemo tse 207 ’me a ba le bara le barali. 22  Ha Seruge a le lilemo li 30, a ba le mora ea bitsoang Nakore. 23  Ka mor’a hore Nakore a hlahe, Seruge a phela lilemo tse 200 ’me a ba le bara le barali. 24  Ha Nakore a le lilemo li 29, a ba le mora ea bitsoang Tera.+ 25  Ka mor’a hore Tera a hlahe, Nakore a phela lilemo tse 119 ’me a ba le bara le barali. 26  Ka mor’a hore Tera a phele lilemo tse 70, o ile a ba le bara. Mabitso a bona e ne e le Abrame,+ Nakore+ le Harane. 27  Ena ke histori ea Tera. Tera o ile a ba le bara ba bitsoang Abrame, Nakore le Harane. Harane a ba le mora ea bitsoang Lota.+ 28  Harane a shoella naheng ea Ure+ ea Bakalde+ moo a hlahetseng teng ’me ntate oa hae Tera o ne a ntse a phela. 29  Abrame le Nakore ba ile ba nyala. Lebitso la mosali oa Abrame e ne e le Sarai+ ’me lebitso la mosali oa Nakore e le Milka,+ morali oa Harane. Harane e ne e le ntate oa Milka le Iska. 30  Sarai o ne a sa khone ho ba le bana.+ 31  Tera a nka mora oa hae Abrame, ngoetsi ea hae Sarai mosali oa Abrame le Lota setloholo sa hae,+ mora oa Harane. Ba tloha le eena Ure ea Bakalde ba ea naheng ea Kanana.+ Ka mor’a nako ba fihla Harane+ eaba ba lula teng. 32  Tera o ile a phela lilemo tse 205 eaba o shoella Harane.

Linaletsana

E bolelang “Pherekano.”
Ka Seheberu: “lefatše lohle.”