Jobo 7:1-21

  • Jobo o tswela pele ho bua (1-21)

    • Bophelo bo tshwana le mosebetsi o thata (1, 2)

    • “Ke hobaneng ha o shebane le nna?” (20)

7  Na motho o etseditswe hore a sebetse ka thata bophelo bohle ba hae,Hape na matsatsi a hae a jwalo ka a mosebeletsi ya hirilweng?+  2  O batla moriti jwalo ka lekgoba,Mme o emela moputso wa hae jwalo ka mosebeletsi ya hirilweng.+  3  Ke ka lebaka leo ke filweng dikgwedi tse se nang thuso,Le masiu a tletseng matshwenyeho.+  4  Ha ke robala ke a ipotsa ke re, ‘Ebe ke tla tsoha neng?’+ Ha bosiu bo dieha ho sa, ha ke kgone ho robala ho fihlela hoseng.*  5  Mmele wa ka o tletse diboko le mobu,+Letlalo la ka le tletse dikgoo* le boladu.+  6  Matsatsi a ka a feta ka pele jwalo ka nalete ya motho ya rokang,+A a feta mme a ntshiya ke se na tshepo.+  7  Hopola hore bophelo ba ka bo bokgutshwanyane,*+Le hore le ka mohla mahlo a ka a ke ke a hlola a bona se molemo.  8  Ya mponang hona jwale ha a sa tla hlola a mpona,O tla mpatla empa ke tla be ke le siyo.+  9  Jwalo ka leru le felang le le nyamelang,Motho ya yang Lebitleng* ha a kgutle.+ 10  Ha a sa tla hlola a kgutlela ka tlung ya hae,Batho ba sebakeng seo a neng a dula ho sona ba tla mo lebala.+ 11  Ka lebaka leo, nke ke ka thiba molomo wa ka. Ke tla bua ka lebaka la bohloko boo ke bo utlwang pelong ya ka,Ke tla tletleba matshwenyehong a ka.+ 12  Na nna ke lewatle kapa ke phoofolo e kgolohadi ya lewatle,Hoo o lokelang ho beha motho ya nkatileng? 13  Ha ke re, ‘Setulo sa ka se tla ntshedisa,Bethe ya ka e tla nthusa ho kokobetsa mathata a ka,’ 14  Ke ha o ntshosa ka ditoroLe ka dipono, 15  E le hore ke kgethe ho bipetsana,Ke kgethe lefu ho ena le ho phela ka tsela ena.*+ 16  Ke hloile bophelo ba ka,+ ha ke sa batla ho phela.Ntlohele hobane matsatsi a ka a feta ka pele jwalo ka moya oo re o hemang.+ 17  Motho e ne e boetse e le eng hore o tshwenyehe ka yena,Le hore o amehe ka yena?+ 18  Ke hobaneng ha o mo hlahloba hoseng ho hong le ho hong,Le ho mo leka motsotso o mong le o mong?+ 19  Ke hobaneng ha o sa kgaotse ho ntjheba,O ke o mphe nako ya hore nke ke kwenye mathe?+ 20  Haeba ke entse sebe, ke o utlwisitse bohloko kang wena Ya Bonang dintho tsohle tseo batho ba di etsang?+Ke hobaneng ha o shebane le nna? Na ke se ke le morwalo ho wena? 21  Ke hobaneng ha o sa ntshwareleMme o hlakole phoso ya ka? Ka ha haufinyane ke tla robala leroleng,+O tla mpatla empa ke tla be ke le siyo.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Kapa: “ho fihlela mesong.”
^ Ke nama e omeletseng e hlahang ha leqeba le fola.
^ Kapa: “bo tshwana le moya.”
^ Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “ho ena le masapo a ka.”