MOTHO E MONG A KA ITHUTA BIBELE LE WENA
O ka Thaba ka ho sa Feleng!
Thutong ena ya Bibele e sa lefellweng, o tla fumana dikarabo tsa dipotso tse kang:
Nka fumana thabo jwang bophelong?
Na mathata a tla ke a fele?
Na ho na le mohla ke tla bona baratuwa ba ka ba hlokahetseng?
Na ka nnete Modimo o a ntsotella?
Nka rapela jwang e le hore Modimo a nkutlwe?
Ke Mahala
O tla ithuta mahala o be o fumane buka ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! le Bibele haeba o se na yona.
Ka Nako ya Hao
Ho ka ba le motho ya ithutang Bibele le wena le shebane mahlong kapa ka fono, ka nako le sebaka seo o se kgethileng.
Ha o Itlame ka Letho
Ha ho na motho ya tla o thiba haeba o kgetha ho kgaotsa ho ithuta.
Re ithuta Bibele jwang?
Motho eo o ithutang Bibele le yena o tla o thusa ho bona seo Bibele e se rutang sehloohong ka seng. Ha o ntse o ithuta buka ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! hanyane ka hanyane o tla tseba hore na ha e le hantle Bibele e bua kang le hore na e ka o thusa jwang bophelong. Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, shebella video ena kapa o bale dikarabo tsa dipotso tse hlahang ho dipotso tse botswang hangata.
Na o ka rata ho bona hore na o tlo ithutang bukeng ee?
Sheba bukana ya O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Selelekela sa Thuto ya Bibele.
Qalella ho ithuta.
Tobetsa ka tlase mona ho kopa hore e mong wa Dipaki Tsa Jehova a ithute Bibele le wena.

