Jobo 34:1-37
34 Elihu a boela a re:
2 “Mamelang mantswe a ka lona ba bohlale.
Mmameleng lona ba tsebang haholo.
3 Tsebe e hlahloba mantswe,Jwalo ka ha leleme le latswa dijo.
4 A re ipatleleng hore na keng e nepahetseng.
A re iketsetseng qeto ya hore na keng e lokileng.
5 Jobo o itse, ‘Ke lokile+Empa Modimo o hlolehile ho nkahlola ka toka.+
6 Na nka bua leshano ka hore na ke lokela ho ahlolwa jwang?
Ha ke a etsa phoso empa leqeba la ka ha le fole.’+
7 Ke mang ya tshwanang le Jobo,Ya mamellang ho songwa ha bonolo jwalo ka ha eka o nwa metsi?
8 Ke motswalle wa batho ba etsang dintho tse mpeEbile o tlwaelane le batho ba kgopo.+
9 O itse, ‘Ho leka ho thabisa ModimoHa ho thuse motho ka letho.’+
10 Ka hoo, mmameleng lona banna ba nang le kutlwisiso:
Ha se ntho e utlwahalang hore Modimo wa nnete a etse bokgopo+Le hore Ya Matla Ohle a etse ntho e fosahetseng!+
11 O tla fa motho moputso o mo tshwanelang,+A etse hore a kotule seo a se jetseng.
12 Ka nnete Modimo ha a etse bokgopo,+Ya Matla Ohle ha a ahlole ka ho hloka toka.+
13 Ke mang ya mo fileng matla a hore a buse lefatsheLe hore a hlokomele dintho tsohle tse lefatsheng?
14 Haeba a ne a sheba ntho e nngwe le e nngwe eo batho ba e etsangEbile a ba amoha moya o phedisang+
15 Batho bohle ba ne ba tla shwa,Ba kgutlele leroleng.+
16 Haeba o na le kutlwisiso, mmamele ka hloko.
Mamela seo ke se buang.
17 Na motho ya hloileng toka a ka busaKapa na o ka re mmusi ya lokileng o molato?
18 Na o ka re ho morena, ‘Ha o na thuso,’Kapa ho bahlomphehi, ‘Le kgopo’?+
19 Modimo ha a rate dikgosana ho feta batho ba bang,Ha a rate barui ho feta bafutsana*+Hobane kaofela ba bopilwe ke yena.+
20 Ba ka nna ba shwa ka ho panya ha leihlo,+Hara mpa ya bosiu.+
Ba thothomela haholo mme ba a shwa, ba matla le bona ba a fediswa empa ha ba fediswe ke batho.+
21 Modimo o bona ntho e nngwe le e nngwe eo motho a e etsang+Le mehato yohle ya hae.
22 Ha ho na lefifi kapa moriti o lefifiOo batho ba etsang dintho tse mpe ba ka ipatang ho wona.+
23 Modimo ha a behela motho le ha e le ofeNako ya hore a tle ka pela hae e le hore a mo ahlole.
24 O fedisa ba matla ho sa hlokahale hore a etse dipatlisisoEbe o beha ba bang sebakeng sa bona.+
25 O tseba dintho tseo ba di etsang.+Bosiu o a ba hlola mme a ba fedise.+
26 O ba otlela dintho tse mpe tseo ba di etsangMoo batho bohle ba bonang+
27 Hobane ba tlohetse ho mo latela+Ebile ha ba na taba le ditaelo tsa hae.+
28 Ba etsa hore batho ba futsanehileng ba llele ho Modimo,Hoo a kgonang ho utlwa sello sa ba sa kgoneng ho itshireletsa.+
29 Ha Modimo a kgetha ho thola, ke mang ya ka mo qosang?
Ha a pata sefahleho sa hae, ke mang ya ka mo bonang?
Ebang o se patela motho kapa setjhaba, ho a tshwana.
30 Modimo ha a dumelle motho ya mo lahlileng* hore a buse+Kapa a kgelose batho.
31 Na ho na le motho ya ka reng ho Modimo,‘Ke fuwe kotlo le hoja ke sa etsa letho le lebe,+
32 Nthute dintho tseo ke sa kgoneng ho di bona,Haeba ho ena le phoso eo ke e entseng, nke ke ka e etsa hape’?
33 Na o lebeletse hore Modimo a o etsetse se molemo empa o sa mamele ditaelo tsa hae?
Ke wena ya lokelang ho iketsetsa qeto, eseng nna.
Jwale mpolelle seo o se tsebang.
34 Banna ba nang le kutlwisiso le banna ba bohlale ba mmametsengBa tla re ho nna,
35 ‘Jobo o bua dintho tseo a sa di tsebeng+Le tse sa utlwahaleng.’
36 Jobo a ke a lekwe* ka hohlehohleHobane o buile jwalo ka batho ba kgopo.
37 O eketsa dibe tsa hae ka hore a fetohele Modimo,+O re phoqa ka ho opa matsoho ka pela ronaEbile o bua dintho tse ngata tse qosang Modimo wa nnete.”+

