Jobo 33:1-33

  • Elihu o kgalemella Jobo ho iketsa motho ya lokileng (1-33)

    • Ho fumanwa mopholosi (24)

    • A be matla jwalo ka botjheng ba hae (25)

33  Jobo ke kopa o mmamele,O mamele dintho tsohle tseo ke tla di bua.  2  Ke kopa o mmamele,Ho na le ntho eo ke lokelang ho o bolella yona.  3  Mantswe ao ke tlo a buaA tswa pelong+ ebile ke nnete.  4  Modimo ke yena ya nkentseng ka matla a hae,+Ya Matla Ohle o entse hore ke phele.+  5  O ka nkaraba haeba o kgona,O ipuelle.  6  Nna le wena re a tshwana ho Modimo wa nneteLe nna ke bopilwe ka letsopa jwalo ka wena.+  7  Ka hoo, ha o a lokela ho ntshaba,Nke ke ka bua dintho tse tla o utlwisa bohloko.  8  Empa ke utlwile dintho tseo o neng o di buaHa o re,  9  ‘Ke hlwekile, ha ke na molato+Ebile ha ke a etsa letho le phoso.+ 10  Empa Modimo o fumana mabaka a ho ntshwaya diphosoMme o nka hore ke sera sa hae.+ 11  O a nkahlola.* O sheba ntho e nngwe le e nngwe eo ke e etsang.’+ 12  Empa o fositse. Ka hoo, ke tla o araba: Modimo o moholo haholo ho feta motho.+ 13  Ke hobaneng ha o tletleba ka yena?+ Na ke hobane a sa o araba?+ 14  Modimo o bua hangataEmpa batho ha ba mamele. 15  O bua le bona ka ditoro, dipono tsa bosiu+Ha batho ba kgalehile,Ba robetse dibetheng tsa bona. 16  O ba bula ditsebe+Ebe o etsa hore ba utlwe* ditaelo tsa hae 17  E le hore motho a tlohele ho etsa dintho tse mpe+Le hore a se ke a ikgohomosa.+ 18  Modimo o a mo sireletsa hore a se ke a wela sekoting,*+O a mo pholosa e le hore a se ke a bolawa ka sabole.* 19  Ho na le ntho eo motho a ka ithutang yona ha a le betheng a kulaEbile a opelwa ke masapo. 20  Ka nako eo ha a sa batla dijo,Le dijo tse monate ha a sa na taba le tsona.+ 21  O ntse a otaLe masapo a hae a a bonahala. 22  O haufi le ho ya sekoting,O haufi le batho ba batlang ho mmolaya. 23  Haeba ho ena le moromuwa* a le mong,Mmuelli a le mong ho ba sekete ya ka mo buellangMme a mo bolelle hore na ke eng e lokileng 24  Ebe Modimo o mo utlwela bohloko mme o re,‘Mo pholoseng hore a se ke a wela sekoting.+ Ke fumane tsela ya ho mo lopolla.+ 25  A ke a ntjhafale* ho feta ha a ne a le motjha.+ A boele a be matla jwalo ka botjheng ba hae.’+ 26  O tla rapela Modimo+ mme o tla mo hauhela,O tla thaba haholo ha a bona sefahleho sa ModimoMme Modimo o tla boela a mo nke e le motho ya lokileng. 27  Motho eo o tla re ho batho ba bang,*‘Ke sentse se nepahetseng mme ke entse sebe+Empa ha ke a fumana kahlolo e ntoketseng.* 28  O mpholositse e le hore ke se ke ka wela sekoting+Mme ke tla nne ke phele.’ 29  Ka nnete Modimo o etsetsa motho dintho tsenaKa makgetlo a mangata, 30  O etsa hore a se ke a wela sekotingE le hore a nne a thabele ho phela.+ 31  Mmamele Jobo, o mmamele ka hloko. O thole mme ke tla nne ke bue. 32  Haeba ho ena le ntho eo o batlang ho e bua, e bue. Bua hobane ke batla ho bontsha hore ha o na molato. 33  Haeba ho se na ntho eo o ka e buang o mmamele. O thole mme ke tla o hlalefisa.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Ka Seheberu: “O kenya maoto a ka metshwasong.” Sheba Tlhaloso.
^ Kapa: “ba se ke ba di lebala.”
^ Kapa: “lebitleng.”
^ Kapa: “ka sebetsa (lerumo).”
^ Kapa: “lengeloi.”
^ Kapa: “phele hantle.”
^ Ka Seheberu: “o tla bina a re.”
^ Kapa mohlomong: “mme seo ha se a ntswela molemo.”