Jobo 16:1-22

  • Jobo o a araba (1-22)

    • “Le batshedisi ba dikgathatso!” (2)

    • O re Modimo o ikemiseditse ho mo hlasela (12)

16  Jobo a re: 2  “Nkile ka utlwa dintho tse ngata tse tshwanang le tsena. Kaofela ha lona le batshedisi ba dikgathatso!+  3  Le tla qeta neng ho bua mantswe aa a se nang thuso? Keng e etsang hore le bue ka tsela ee?  4  Le nna ke ne nka bua jwalo ka lona. Haeba le ne le le boemong ba ka,Ke ne nka bua dintho tse ngata tse le hanyetsang Mme ka le sisinyetsa hlooho.+  5  Ho ena le hoo, ke ne ke tla bua mantswe a le kgothatsang,Mme matshediso a ka a ne a tla le kgatholla.+  6  Ebang ke a bua, bohloko ba ka ha bo kokobele,+Le ha ke thotse ha bo fokotsehe.  7  Empa Modimo o entse hore ke fellwe ke matla,+O fedisitse lelapa lohle la ka.  8  O boetse o a ntshwara mme boemo boo ke leng ho bona ke bopaki ba seo,Ka hoo, ho ota ha ka ho paka seo.  9  Kgalefo ya hae e nthobile dikoto mme o ntlhoile.+ O ntsikitlanyetsa meno. Sera sa ka se ntjhebile hampe.+ 10  Ba buile dintho tse mpe ka nna,+Hape ba ntelletse ka hore ba nkotle marameng,Ba ntlhasela ba le bangata.+ 11  Modimo o fana ka nna ho bashanyana,O ntahlela matsohong a ba kgopo.+ 12  Ke ne ke se na mathata empa a nthuhakanya,+A ntshwara ka morao molaleng yaba o nthoba dikoto,O ikemiseditse ho ntlhasela. 13  Batho ba hae ba betsang metsu ba mpotapotile,+O arola diphio tsa ka+ a se na qenehelo,O qhalla nyooko ya ka fatshe. 14  O ntse a mphunya masobasoba,O mathela ho nna jwalo ka lesole. 15  Ke rokile lesela le hwashang* e le hore ke kwahele letlalo la ka,+Mme ke patile seriti* sa ka leroleng.+ 16  Sefahleho sa ka se retetse ke ho lla,+Mme mahlo a ka a aparetswe ke lefifi,* 17  Le hoja ke sa lematsa motho,Le thapelo ya ka e hlwekile. 18  Wena lefatshe, o se ke wa kwahela madi a ka!+ A tlohele hore a lle molemong wa ka! 19  Paki ya ka e mahodimong,Ya ka mpakelang o sebakeng se phahameng. 20  Metswalle ya ka e a ntshoma+Jwale ke llela ho Modimo.+ 21  Ho ke ho be le moahlodi pakeng tsa motho le Modimo,Jwalo ka ha a le teng pakeng tsa batho ba babedi.+ 22  Ke saletswe ke dilemo tse fokolang,Ke tlo tsamaya mme nke ke ka hlola ke kgutla.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Kapa: “matla.” Ka Seheberu: “lenaka.”
^ Kapa: “moriti wa lefu.”