Jobo 23:1-17

  • Jobo o a araba (1-17)

    • O batla ho isa nyewe ya hae ho Modimo (1-7)

    • O re ha a fumane Modimo (8, 9)

    • “Ke mo latetse mme ha ke a kgeloha” (11)

23  Jobo a re: 2  “Le kajeno ke tla nne ke tletlebe+Ha ke na matla ka lebaka la ho fehelwa.  3  Haeba feela ke ne ke tseba moo nka fumanang Modimo teng,+Ke ne ke tla ya moo a dulang.+  4  Ke ne ke tla isa nyewe ya ka ho yena,Ke ipuelle ka pela hae.  5  Ke ne ke tla mamela seo a se buangKe be ke nahane ka sona.  6  Na o ne a tla ntwantsha ka matla a hae a maholo? Tjhe, empa o ne a tla mmamela.+  7  Motho ya lokileng o tla lokisa ditaba le yena mooMme moahlodi wa ka o tla bolela hore ha ke na molato.  8  Empa ha ke ya botjhabela ha a yoLe ha ke kgutla ha ke mo fumane.  9  Ha a sebetsa ka lehlakoreng le letshehadi ha ke mo bone. Le ha a ya ka ho le letona ke ntse ke sa mo bone. 10  Empa o tseba dintho tseo ke di entseng.+ Ka mora hore a nteke, ke tla tswa ke le jwalo ka kgauta.+ 11  Maoto a ka a latetse mehato ya hae,Ke mo latetse mme ha ke a kgeloha.+ 12  Ke mametse melao eo a e buileng. Ke mametse dipolelo tsa hae+ ho feta ka moo ke neng ke laetswe ka teng. 13  Ha a ikemiseditse ho etsa ntho, ha ho na motho ya ka mo thibang.+Ha a batla ho etsa ntho e itseng, o a e etsa.+ 14  O tla etsa sohle seo a ikemiseditseng ho se etsa ka nnaMme ho na le dintho tse ngata tse jwalo ka tsena tseo a mpehetseng tsona. 15  Ke ka lebaka la hae ke ikutlwang ke tshwenyehile,Ha ke nahana ka yena, ke tshoha le ho feta. 16  Modimo o entse hore ke be boi,Ya Matla Ohle o entse hore ke tshohe. 17  Sefahleho sa ka se kwahetswe ke lefifi le letsholetshoEmpa nke ke ka thola.

Dintlha tse qetellong ya sehloho