Jobo 5:1-27

  • Elifaze o tswela pele ho bua (1-27)

    • ‘Modimo o tshwara ba bohlale mererong ya bona e mebe’ (13)

    • ‘Jobo a se ke a hana kgalemelo ya Modimo’ (17)

5  Hweletsa o kope thuso, na ho na le ya o arabang? Hara mangeloi a halalelang o tla kopa thuso ho lefe?  2  Lewatla le tla bolawa ke kgalefo ya lonaMme mohono o tla bolaya motho ya dumelang ntho e nngwe le e nngwe ha bonolo.  3  Ke bone lewatla le mela ka metsoEmpa ka tshohanyetso sebaka sa lona sa bodulo se ile sa welwa ke bomadimabe.  4  Bara ba lona ha ba a sireletseha,Ba a tlotlollwa keiting ya motse+ mme ha ho na motho ya ba pholosang.  5  Ya lapileng o ja seo a se kotutseng,O boetse o kotula le se hlahileng hara meutlwaMme dintho tsa hae di a nkuwa.  6  Dintho tse kotsi ha di hlahe lerolengLe mathata ha a hlahe mobung.  7  Motho o tswaletswe ho ba le mathataFeela jwalo ka ha ditlhase di fofela hodimo.  8  Empa ha ke ne ke le wena, ke ne ke tla kopa thuso ho ModimoEbile ke ne ke tla hlahisa nyewe ya ka ho yena,  9  Ho ya etsang dintho tse kgolo le tse ke keng tsa batlisiswa,Dintho tse hlollang tse se nang palo. 10  O fana ka pula lefatshengMme o romela metsi masimong. 11  O phahamisa ya tlase,Hape o pholosa ya utlwileng bohloko. 12  O senya merero ya ba bolotsana,E le hore mosebetsi wa matsoho a bona o se ke wa atleha. 13  O tshwara ba bohlale mererong ya bona e mebe+E le hore merero ya bona e senyehe. 14  Ba potolohilwe ke lefifi motshehare,Mme hara mpa motshehare ba phopholetsa jwalo ka ha eka ke bosiu. 15  O pholosa mofutsana mantsweng a hlabang a dira tsa hae,A mo pholose letsohong la ya matla, 16  E le hore ya tlase a be le tshepo,Empa molomo wa ya sa lokang o kwalehe. 17  Ho thaba motho eo Modimo a mo kgalemelang,Ka hoo, o se ke wa hana kgalemelo ya Ya Matla Ohle. 18  Ka ha o etsa hore motho a utlwe bohloko, a boele a tlamise leqeba,O a lematsa, a boele a fodise ka matsoho a hae. 19  O tla o pholosa mathateng a tsheletseng,Le bothata ba bosupa bo ke ke ba o lematsa. 20  Nakong ya tlala o tla o lopolla lefung,A o lopolle matleng a sabole nakong ya ntwa. 21  O tla sireletswa mantsweng a hlabang,+O ke ke wa tshoha ha tlokotsi e tla. 22  O tla tsheha tlokotsi le tlala,Mme o ke ke wa tshoha dibata tsa naha. 23  Majwe a tshimong ya hao a ke ke a o lematsa,*Le dibata tsa naha di tla ba le kgotso le wena. 24  O tla thabela ho dula ka tenteng ya hao e sireletsehileng,*Ha o yo sheba diphoofolo tsa hao, o tla fumana ho se na e lahlehileng. 25  O tla ba le bana ba bangataDitloholo tsa hao di tla ba ngata jwalo ka dimela tsa naha. 26  O tla ya lebitleng o ntse o le matla,Jwalo ka koro e tlanngweng mangata e kotutsweng ka nako ya yona. 27  Re hlahlobile taba ena mme ra fumana hore e jwalo. E mamele o be o e amohele.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Kapa: “a tla etsa selekane (tumellano) le wena.”
^ Ka Seheberu: “ka kgotso.”