Jobo 12:1-25
12 Jobo a re:
2 “Ka nnete ke lona batho ba nang le tsebo,*Bohlale ba lona bo tla shwa le lona.
3 Empa le nna ke na le kutlwisiso.*Ha le mphete ka letho.
Ke mang ya sa tsebeng dintho tsee?
4 Ke fetohile ditsheho ho metswalle ya ka,+Hobane ke kopa thuso ho Modimo mme ke lebella hore a nkarabe.+
Monna ya lokileng le ya se nang molato o fetohile ditsheho.
5 Motho ya se nang mathata o soma ba nang le ona,O nahana hore a tlela feela batho bao maoto a bona a sa tsitsang.*
6 Mashodu a phela ka kgotso malapeng a ona,+Mme ba halefisang Modimo ba sireletsehile,+Ba tshwereng medimo ya bona ka matsoho.
7 Ka kopo botsa diphoofolo mme di tla o ruta,Le dinonyana mme di tla o bolella.
8 Kapa o shebe* dintho tse lefatsheng mme di tla o ruta,Le ditlhapi tsa lewatle di tla o bolella.
9 Ke efe hara dintho tsee tsohle e sa tsebengHore Jehova ke yena ya e bopileng?
10 Bophelo ba dintho tsohle tse phelangLe ba batho bohle bo letsohong la hae.+
11 Na tsebe ha e hlahlobe mantsweJwalo ka ha leleme* le latswa dijo?+
12 Na bohlale ha bo fumanwe bathong ba hodileng,+Mme na batho bao e leng kgale ba phela ha se bona ba nang le kutlwisiso?
13 Ka hoo Modimo o bohlale ebile o matla,+O na le keletso le kutlwisiso.+
14 Ha a senya ntho, e ke ke ya kgona ho lokiswa,+Ha a kwetse, ha ho na motho ya ka bulang.
15 Ha a thibela metsi, ntho e nngwe le e nngwe e a omella,+Ha a a bulela, a kwahela lefatshe.+
16 O matla ebile o bohlale,+Motho ya kgelohang le ya kgelosang ba bang ka bobedi ba ikarabella ho yena.
17 O etsa hore baeletsi ba tsamaye ba sa rwala letho maotong,*Mme o etsa baahlodi dithoto.+
18 O fasolla diketane tseo marena a tlammeng batho ka tsona+Mme o tlama mabanta mathekeng a ona.
19 O etsa hore baprista ba tsamaye ba sa rwala letho maotong,+Mme o diha ba matla.+
20 O etsa hore baeletsi ba tshepilweng ba hloke ditaba,Le hore banna ba hodileng* ba se ke ba eba le kutlwisiso.
21 O etsa hore bahlomphehi ba nyatsuwe,+Le hore ba matla ba fokole.*
22 O etsa hore dintho tse tebileng tse lefifing di hlahelle,+Hape o tlisa dintho tse lefifing le letsho kganyeng.
23 O etsa hore ditjhaba di be matla haholo e le hore a di fedise,O etsa hore di be ngata e le hore a di ise botlamuweng.
24 O tlosa kutlwisiso* ya baetapele ba setjhabaLe hore ba lelere lefeelleng moo ho se nang ditsela.+
25 Ba phopholetsa lefifing+ moo ho se nang kganya,O etsa hore ba lelere jwalo ka batho ba tahilweng.+

