Jobo 28:1-28

  • Jobo o bapisa matlotlo a lefatsheng le bohlale (1-28)

    • Boiteko ba motho ba ho fumana matlotlo a tswang mobung (1-11)

    • Bohlale bo bohlokwa ho feta diperela (18)

    • Ho tshaba Jehova ke ho ba bohlale e le ka nnete (28)

28  Ho na le sebaka seo silevera e tjhekwang ho sona Le sebaka seo ho hlwekiswang kgauta ho sona.+  2  Tshepe e fumanwa mobungKoporo yona e fumanwa majweng.+  3  Motho o etsa hore ho be le kganya sebakeng se lefifi. O kenella sebakeng se lefifiE le hore a fumane majwe a bohlokwa.  4  O tjheka sekoti hole le moo batho ba dulang teng,Dibakeng tse lebetsweng tse hole le moo batho ba tsamayang. Batho ba bang ba theohela sekoting seo ba sebedisa dithapo.  5  Dijo di mela ka hodima lefatshe. Empa ka tlase le senyeha jwalo ka ha eka le senngwa ke mollo.*  6  Ka tlasa lona ho na le majwe a safireLe mobu o na le kgauta.  7  Dinonyana tse jang nama ha di tsebe tsela e yang moo. Le mmankgodi e motsho ha a eso e bone.  8  Dibata tse kgolo ha di eso hate ho yonaLe tau ha e eso ka e tsamaya ho yona.  9  Motho o pshatla lefika le thataEbile o heletsa dithaba. 10  O bula diforo tsa metsi+ lefikeng. Mahlo a hae a bona dintho tsohle tsa bohlokwa. 11  O kwala mehlodi ya dinokaHape ntho e neng e patilwe o e tlisa kganyeng. 12  Empa bohlale le kutlwisiso di ka fumanwa hokae?+ 13  Ha ho na motho ya ka utlwisisang bohlokwa ba bona+Le ya ka bo fumanang lefatsheng. 14  Metsi a tebileng a re, ‘Ha bo yo ho nna.’Le lewatle le re, ‘Le nna ha bo yo ho nna.’+ 15  Ha ho na kgauta kapa silevera e ka bo rekang.+ 16  Ha ho na kgauta ya Ofire e ka bo rekang+Kapa majwe a bohlokwa a onikse le a safire a ka bo rekang. 17  Ha ho na kgauta le kgalase e ka bapiswang le bonaKapa sejana sa kgauta* se ka bo rekang.+ 18  Dikorale le mahakwe ha re sa bua ka tsona+Hobane bohlale ke ba bohlokwa ho feta mokotla o tletseng diperela. 19  Lejwe la topaze+ la Kushe le ke ke la bapiswa le bonaEbile ha ho na kgauta e ka bo rekang. 20  Empa bohlale le kutlwisiso di ka fumanwa hokae?+ 21  Bo patetswe dintho tsohle tse phelang+Mme bo patetswe le dinonyana. 22  Lebitla* le lefu di re,‘Re utlwetse feela ka bona.’ 23  Ke Modimo ya tsebang tsela ya ho bo fumana. Ke yena feela ya tsebang moo bo dulang+ 24  Ka ha o bona moo lefatshe le fellangHape o bona dintho tsohle tse lefatsheng.+ 25  Ha a ne a fa moya matla,*+A behela metsi moedi,+ 26  Ha a ne a behela pula molao wa hore na e ne neng+Le hore na maru a lehadima le sefefo di tsamaye hokae,+ 27  O ile a bona bohlale mme a bo hlalosa. A etsa hore bo be teng a ba a bo leka. 28  Yaba o re ho motho: ‘Batho ba bohlale ke ba tshabang Jehova+Le ba qobang ho etsa dintho tse mpe.’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Ho ka etsahala hore ho buuwa ka mosebetsi o etswang mmaeneng.
^ Kapa: “kgauta e hlwekisitsweng.”
^ Ka Seheberu: “Timetso.”
^ Ka Seheberu: “boima.”