Jobo 13:1-28

  • Jobo o tswela pele ho araba (1-28)

    • ‘Nka mpa ka bua le Modimo’ (3)

    • “Le dingaka tse se nang thuso” (4)

    • “Ke a tseba hore ha ke na molato” (18)

    • O a botsa hore na ke hobaneng ha Modimo a mo nka e le sera sa hae (24)

13  Leihlo la ka le bone dintho tsena tsohle,Tsebe ya ka ya di utlwa mme ya di utlwisisa.  2  Seo le se tsebang le nna ke a se tseba,Ha ke tlase ho lona.  3  Empa nna nka mpa ka bua le Ya Matla Ohle,Ke batla ho ipuella ho Modimo.+  4  Empa le mphara ka mashano,Kaofela ha lona le dingaka tse se nang thuso.+  5  Haeba le ne le ka itholela feela,Le ne le tla be le bontsha hore le bohlale.+  6  Ke kopa le mamele maikutlo a ka,Mme le ele hloko dikopo tsa ka.  7  Na le tla bua dintho tse sa lokang le sebedisa lebitso la Modimo,Le ho bua leshano ka lebitso la hae?  8  Na le tla ba ka lehlakoreng la hae,*Le leke ho lwanela Modimo wa nnete?  9  Na ha Modimo a ka le hlahloba o ne a tla fumana le lokile?+ Na le tla mo thetsa jwalo ka ha le thetsa batho? 10  Haeba le ka leka ho bontsha leeme* sephiring,Ka nnete o tla le kgalemela.+ 11  Na ho hlompheha ha hae ho ke ke ha le tshosa,Na le ke ke la tshoha ka lebaka la hae? 12  Mantswe a lona a bohlale* a fetohile maele a se nang thuso jwalo ka molora,Dikarabo tsa lona ha di na thuso jwalo ka dithebe tse entsweng ka letsopa. 13  Tholang e le hore nka bua. Le tlohele eng kapa eng hore e nketsahalle! 14  Ke hobaneng ha ke ipeha kotsing*Mme ke bapala ka bophelo ba ka? 15  Le ha a ka mpolaya, ke tla leta.+Ke tla emela taba ya ka ka pela hae. 16  Jwale e ne e tla ba mopholosi wa ka,+Hobane ha ho na mokwenehi* ya ka tlang ka pela hae.+ 17  Mmameleng ka hloko,Le ele hloko seo ke se buang. 18  Jwale ke hlophisitse nyewe ya ka,Ke a tseba hore ha ke na molato. 19  Ke mang ya tla lwantshana le nna?Ke ne ke tla shwa haeba nka thola!* 20  Modimo wa ka, ke kopa dintho tse pedi feela*E le hore ke se ke ka ipatela wena: 21  Tlosa letsoho la hao le boima hodima ka,Mme o se ke wa etsa hore ke o tshabe.+ 22  Mpitse mme ke tla o araba,Kapa o ntumelle hore ke bue mme o nkarabe. 23  Ke entse dibe le diphoso dife? Mpolelle phoso ya ka le sebe sa ka. 24  Ke hobaneng ha o mpatela sefahleho sa hao+Ebile o nka hore ke sera sa hao?+ 25  Na o tla tshosa lekgasi le fefotsweng ke moya,Kapa o lelekise ditlhaka tse omeletseng? 26  O ntse o ngola diqoso tse bohloko ka nnaMme o etsa hore ke arabelle dibe tsa botjheng ba ka. 27  O a nkahlola,*O sheba ntho e nngwe le e nngwe eo ke e etsangMme o batlana le mehato yohle ya ka. 28  Motho* o bola jwalo ka ntho e senyehileng,Jwalo ka seaparo se jeweng ke tshwele.*

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Kapa: “le tla mo tshwara ka leeme.”
^ Kapa: “kgethollo.”
^ Kapa: “a hopolehang.”
^ Ka Seheberu: “Ke hobaneng ha ke tshwara nama ya ka ka meno.”
^ Kapa: “ya lahlileng Modimo.”
^ Kapa mohlomong: “Haeba ho ena le motho ya tla kgona, ke tla thola mme ke shwe.”
^ Ka Seheberu: “O se ke wa nketsa dintho tse pedi feela.”
^ Mohlomong ho buuwa ka Jobo.
^ Kapa: “mmoto.”