Jobo 39:1-30

  • Diphoofolo di bontsha hore motho ha a na tsebo (1-30)

39  Na o a tseba hore na dipodi tsa thaba di tswala neng?+ Na o kile wa bona ha kgama e tswala?+   Na o a tseba hore na di emara dikgwedi tse kae? Na o tseba nako eo di tswalang ka yona?   Di kgumama fatshe ha di tswala,Ka mora moo, bohloko ba tsona ba ho tswala bo a fela.   Manamane a tsona a matona a ba matla mme a holela naheng. A a tsamaya ebe ha a sa kgutlela ho bomma ona.   Ke mang ya entseng hore tonki e hlaha* e iphelele ka bolokolohi,+Ke mang ya e fasolotseng?   Ke entse hore e dule lehwatateng,Ka etsa hore e dule naheng e letswai.   E dula hole le motse o lerata.Ha e utlwe lerata la motho ya fang diphoofolo ditaelo.   E tsamaya maralleng,E batla moo e ka fulang jwang bo botala.   Na poho e hlaha e batla ho o sebeletsa?+ Na e ka qeta bosiu lesakeng* la hao? 10  Na o tla hula poho e hlaha ka ropo e le hore e o lemeleKapa na e tla o latela e le hore e leme* thota? 11  Na o tla tshepa matla a yonaO be o e dumelle hore e o etsetse mosebetsi o boima? 12  Na o ka kgodiseha hore e tla o tlisetsa dijo tseo o di kotutseng*Mme e di bokelle seotlong* sa hao? 13  Mpshe e foka mapheo a yona e thabileEmpa na masiba a yona a ka tshwana le a mokotatsie?+ 14  E siya mahe a yona fatshe,E a siya a futhumetse mobung. 15  E a lebala hore batho ba ka a hata ebe ba a pshatlaKapa hore diphoofolo tsa naheng di ka a hata. 16  E tshwara madinyane a yona hampe jwalo ka ha eka ha se a yona.+ Ha e tshabe hore a ka shwa. 17  Modimo o entse hore e se ke ya eba bohlaleA ba a etsa hore e se ke ya eba le kutlwisiso. 18  Empa ha e ema e foka mapheo a yona,E tsheha pere le motho ya e palameng. 19  Na ke wena ya fang pere matla?+ Na ke wena ya e apesang moetse?* 20  Na o ka etsa hore e qhome jwalo ka tsie? E hemela hodimo ka tsela e tshosang.+ 21  E fata fatshe ebe e ya ntweng ka matla.+ 22  E tsheha kotsi mme ha e tshabe letho.+ Ha e kgutliswe ke sabole. 23  Mekotla ya metsu e ntse e e thula lehlakoreng,Lerumo le lerumo le betswang di ntse di benya ha e matha. 24  E mathela pele ke thabo hobane e batla ho ya ntweng,Ha e kgone ho ema feela ha e utlwa* modumo wa lenaka. 25  Ha e utlwa modumo wa lenaka e re, ‘Aha!’ E nkgella ntwa e sa le holeEbile e utlwa lerata la balaodi le modumo wa ntwa.+ 26  Na ke wena ya rutileng phakwe ho fofela hodimo,Hore e otlollele mapheo a yona ka borwa? 27  Kapa na ke wena ya laelang ntsu hore e fofele hodimo+Le hore e hahe sehlaha sa yona moo ho phahameng haholo+ 28  E le hore e robale lefikeng bosiuLe hore e dule moo ho sireletsehileng lefikeng?* 29  E batlana le dijo moo.+ Mahlo a yona a kgona ho bona hole. 30  Madinyane a yona a nwa madi. Moo ho nang le ditopo, o tla e fumana teng.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “onager” e leng mofuta wa tonki e hlaha.
Kapa: “sejelong.”
Kapa: “e thuhe.”
Ka Seheberu: “tlisetsa peo.”
Moo ho polelwang le ho olosetswa teng.
Kapa: “moriri wa pere.”
Kapa mohlomong: “ha e dumele hore ke.”
Ka Seheberu: “motsung wa lefika.”