Jobo 38:1-41
38 Jehova a araba Jobo a le ka hara sefefo a re:+
2 “Ke mang eo ya senyang merero ya ka,Ya buang a se na tsebo?+
3 Ke kopa o itokise mme o etse dintho jwalo ka monna.
Ke tla o botsa dipotso mme wena o nkarabe.
4 O ne o le hokae ha ke etsa lefatshe?+Mpolelle haeba o nahana hore o a tseba.
5 Na o a tseba hore na ke mang ya entseng qeto ya hore na le be lekaeKapa ya sebedisang thapo ho lekanya hore na le lekae?
6 Na ho na le dipilara tse tsheheditseng lefatsheKapa na o a tseba hore na ke mang ya entseng motheo* wa lona?+
7 Ha dinaledi tsa hoseng+ di hweletsa ha mmoho di thabileLe ha bara bohle ba Modimo*+ ba mo rorisa?
8 Ke mang ya ileng a kwalla lewatle+Ha le phatloha mehloding* ya lona,
9 Ha ke le kwahela* ka maruLe ka lefifi le letsho,
10 Ha ke le behela meedi ya hore na le felle hokaeEbile ke le kwalla ka menyako+
11 Yaba ke re ho lona, ‘O ka fella mona empa o se ke wa fetela peleEbile ke hona mona moo maqhubu a hao a phahameng* a tla fella teng’?+
12 Na o kile* wa laela hore e be hosengKapa hore e be mesong,+
13 Na ke wena ya etsang hore kganya ya hoseng e fihle qetellong ya lefatsheE le hore diketso tsa batho ba kgopo di senolehe?+
14 Lefatshe le fetolwa jwalo ka letsopa le tlasa reng e tempang,Le shebahala jwalo ka seaparo se setle.
15 Empa batho ba kgopo ha ba fumane kganyaMme ba emisa ho utlwisa batho bohloko.
16 Na o kile wa theohela mehloding ya lewatleKapa wa hlahloba metsi a tebileng a lona?+
17 Na o bontshitswe menyako ya lefu+Kapa na o kile wa bona menyako ya lefifi le letsho?*+
18 Na o a utlwisisa hore na lefatshe le leholo hakae?+
Mpolelle haeba o tseba dintho tsena kaofela.
19 Na o a tseba hore na kganya e dula hokae+Le hore na lefifi le dula hokae
20 E le hore o ka di isa moo di dulang?
Na o tseba le tsela e yang matlong a tsona?
21 Na o tseba dintho tsee hobane o ne o se o hlahileEbile o se o phetse nako e telele?
22 Na o kile wa kena ka ditorong* tsa lehlwa+Kapa wa bona ditoro tsa sefako,+
23 Tseo ke di behetseng nako ya mathataLe letsatsi la ntwa?+
24 Lesedi* le kganya di tswa lehlakoreng lefe?
Moya o tswang botjhabela o fokela hokae lefatsheng?+
25 Ke mang ya buletseng metsi mahodimong hore pula e neLe ya entseng tsela bakeng sa maru a lehadima le sefefo,+
26 Ho nesa pula moo batho ba sa duleng teng,Naheng moo ho se nang batho?+
27 Ke mang ya nesang pula sebakeng se ommeng,Ya etsang hore jwang bo mele hape?+
28 Na pula e na le ntate+Kapa na marothodi a phoka a na le ntate?+
29 Ke mang ya tswetseng leqhwaLe ya tswetseng serame,+
30 Ha metsi a le thata jwalo ka lejwe,Ka hodimo a tiile e le leqhwa?+
31 Na o ka kgona ho tlama sehlopha sa dinaledi sa Kima* ka dithapoKapa na o ka kgona ho tlamolla dithapo tsa sehlopha sa dinaledi sa Kesile?*+
32 Na o ka tataisa sehlopha sa dinaledi* ka nako ya sonaKapa wa tataisa sehlopha sa dinaledi sa Ashe?*
33 Na o tseba melao e laolang dintho tse mahodimong*+Kapa na o ka di laela hore na di etseng lefatsheng?
34 Na o ka laela maruHore a nese pula e ngata hoo metsi a ka o kwahelang?+
35 Na o ka bitsa mahadima?
Na a tla tla ebe a re ho wena, ‘Ke rona bana?’
36 Ke mang ya fileng maru* bohlale+Kapa dintho tse mahodimong kutlwisiso?*+
37 Ke mang ya bohlale ya ka kgonang ho bala maruKapa ke mang ya ka kgonang ho qhala dinkgo tsa metsi tsa lehodimo,+
38 Ya etsang hore lerole e be seretseLe makote a kgomarelane?
39 Na o ka tsomela ditau phofuKapa wa fa madinyane a tsona dijo ho fihlela a kgotshe?+
40 Na o ka di fepa ha di bothile dibakeng tseo di ipatang ho tsonaMme di emetse ho hlasela?
41 Ke mang ya ka fang lekgwaba dijo+E le hore le fepe madinyane a lona a ntseng a ya hodimo le tlase a batla seo a ka se jangA bile a kopa thuso ho Modimo?
Dintlha tse qetellong ya sehloho
^ Kapa: “lejwe la pele la motheo.”
^ Maele a Seheberu a bolelang bara ba Modimo ba mangeloi.
^ Ka Seheberu: “popelo.”
^ Kapa: “apesa.”
^ Ka Seheberu: “ikgohomosang.”
^ Ka Seheberu: “Na haesale o tswalwa o kile.”
^ Kapa: “moriti wa lefu.”
^ Kapa: “matlong a polokelo.”
^ Kapa mohlomong: “Lehadima.”
^ Mohlomong ke dinaledi tsa Selemela tse ka hara sehlopha sa dinaledi sa Tauruse (Taurus).
^ Mohlomong ke sehlopha sa dinaledi sa Orione (Orion).
^ Ka Seheberu: “Mazarothe.” Ho 2 Marena 23:5 polelo e reng ‘sehlopha sa dinaledi’ e bongateng mme e bolela dihlopha tsa dinaledi tsa zodiake.
^ Mohlomong ke sehlopha sa dinaledi sa Bere e Kgolo (Ursa Major).
^ Ka Seheberu: “mahodimo.”
^ Kapa mohlomong: “motho.”
^ Kapa mohlomong: “kelello.”

