Jobo 36:1-33
-
Elihu o hlalosa ka moo Modimo a leng matla ka teng (1-33)
36 Elihu a boela a re:
2 “Ke kopa o se ke wa fela pelo ha ke ntse ke bua,Ha ke eso qete ho buella Modimo.
3 Ke tla bua dintho tsohle tseo ke di tsebang,Ke tla bolela hore Mmopi wa ka o lokile.+
4 Dintho tseo ke di buang ke nnete.
Di tswa ho ya nang le tsebo e phethahetseng.+
5 Ka nnete Modimo o matla+ ebile ha ho na motho eo a mo lahlang.
O na le kutlwisiso e kgolo.
6 A ke ke a sireletsa batho ba kgopo+Empa o tla etsa hore batho ba hloriswang ba tshwarwe ka toka.+
7 O dula a shebile batho ba lokileng,+O ba beha diteroneng le marena*+ mme ba tla phahamiswa ka ho sa feleng.
8 Haeba batho ba lokileng ba etsa sebe ebe ba a tshwarwaEbile ba utlwa bohloko hobane ba tlanngwe ka diketane,
9 O tla ba bolella dintho tseo ba di entseng,Diphoso tseo ba di entseng ka lebaka la ho ikgohomosa.
10 O bula ditsebe tsa bona e le hore ba utlwe ha a ba kgalemelaEbile o re ba tlohele ho etsa dintho tse mpe.+
11 Haeba ba mo mamelaBa bile ba mo sebeletsa,Ba tla atleha mme ba thabele bophelo.+
12 Empa haeba ba sa mamele, ba tla bolawa ka sabole.*+
Ba tla shwa ba se na tsebo.
13 Batho ba lahlileng Modimo* ba tla dula ba utlwile bohloko.
Ha ba kope thuso le ha a ba fa kotlo.
14 Ba shwa ba ntse ba le batjha,+Ba dula le* matekatse a banna.*+
15 Empa Modimo* o pholosa batho ba hloriswang,O etsa hore ba mo utlwe ha ba hatellwa.
16 O o ntsha mathateng a o ise sebakeng se bulehileng,+Se sa patisanang, a o tshedise+Ka ho o behela dijo tse monate tafoleng.+
17 O tla kgotsofatswa ke kahlolo eo batho ba kgopo+ ba tla e fuwa,Ha ba fuwa kahlolo mme ho ba le toka.
18 Empa o itlhokomele hore ho halefa ho se ke ha etsa hore o be le lehloyo+Hape o se ke wa dumella hore ho fuwa tjotjo ho etse hore o etse dintho tse fosahetseng.
19 Na boiteko le ha e le bofe boo o bo etsangBa ho kopa thuso, bo tla etsa hore o se ke wa ba le matshwenyeho?+
20 O se ke wa tatela hore ebe bosiu,Ha batho ba nyamela dibakeng tsa bona.
21 O se ke wa kgetha ho etsa dintho tse mpeHobane o sa batle ho mamella ho hloriswa.+
22 Modimo o matla haholo.
Ha ho na morupedi ya tshwanang le yena.
23 Ke mang ya kileng a mo bolella hore na a etseng*+Kapa a re ho yena, ‘O entse ntho e fosahetseng’?+
24 O se ke wa lebala ho mo rorisa ka lebaka la mesebetsi ya hae,+Eo batho ba binneng ka yona.+
25 Batho bohle ba e boneEmpa ba e bonela hole.
26 Modimo o moholo ho feta ka moo re nahanang ka teng.+
Ha ho na motho ya ka kgonang ho bala dilemo tsa hae.+
27 O hulela marothodi a metsi hodimo+Ebe marothodi ao a fetoha maru.
28 Ka mora moo, pula e a na.+
E nesetswa batho.
29 Ke mang ya ka utlwisisang hore na maru a entswe jwangLe ya ka utlwisisang modumo wa ona o tswang tenteng ya hae?*+
30 Bona ka moo lehadima*+ le kganyang ka teng marungLe ka moo maru a kwahelang lewatle ka metsi a mangata.
31 O sebedisa dintho tsena ho hlokomela bathoKa ho ba fa dijo tse ngata.+
32 O tshwara lehadima ka matsoho a haeEbe o le isa moo a batlang hore le otle teng.+
33 Seaduma se phatlalatsa hore Modimo o tengLe diphoofolo tse ruilweng di a tseba hore na ke mang* ya tlang.
Dintlha tse qetellong ya sehloho
^ Kapa mohlomong: “O beha marena diteroneng.”
^ Kapa: “ka sebetsa (lerumo).”
^ Kapa: “Bakwenehi.”
^ Kapa mohlomong: “Ba shwella hara.”
^ Ka Seheberu: “matekatse a banna a tempele.”
^ Ka Seheberu: “O.”
^ Kapa mohlomong: “a ikarabelle.”
^ Kapa: “lehodimong.”
^ Ka Seheberu: “lesedi.”
^ Kapa mohlomong: “ke eng.”

