Jobo 21:1-34

  • Jobo o a araba (1-34)

    • ‘Ke hobaneng ha batho ba kgopo ba atleha?’ (7-13)

    • O bolella batho ba etsang eka ba tlo mo tshedisa nnete (27-34)

21  Jobo a re:  “Mmameleng ka hlokoKa ha seo e tla ba matshediso ao le mphang ona.   Mmamelleng ha ke bua,Ha ke qetile, le ka nna la ntshoma.+   Na ho tletleba ha ka ho lebisitswe ho motho? Haeba ho ne ho le jwalo, na nka be ke sa fellwa ke mamello?   Ntjhebeng le be le mmakalle,Le behe matsoho a lona melomong.   Ha ke thola ke nahana, ke a tshwenyehaLe mmele wohle wa ka o a thothomela.   Ke hobaneng ha batho ba kgopo ba ntse ba phela,+Ba tsofala ebile e ba barui?*+   Ba dula ba ena le bana ba bonaEbile ba kgona le ho bona ditloholo tsa bona.   Matlo a bona a sireletsehile, ha ba tshabe.+Modimo ha a ba otle ka molamu wa hae. 10  Ha ho na mohla dipoho tsa bona di sa emarisengLe dikgomo tsa bona di a tswala mme ha di folotse.* 11  Bana ba bona ba bashanyana ba matha ka ntle jwalo ka mohlapeEbile ba a tlolaka. 12  Ba bina ba sebedisa moropa o monyenyane le harepaBa natefelwa ke modumo wa lekodilo.*+ 13  Ba qeta matsatsi a bona ba ithabisa.Ba theohela Lebitleng* ka kgotso.* 14  Empa ba re ho Modimo wa nnete, ‘Kgaohana le rona! Ha re batle ho tseba ditsela tsa hao.+ 15  Ya Matla Ohle ke mang hore re mo sebeletse?+ Re tla fumana molemo ofe ka ho mo tseba?’+ 16  Empa ke a tseba hore ha ba laole katleho ya bona.+ Ha ke nahane jwalo ka batho ba kgopo.+ 17  Lebone la ba kgopo le tima hangata hakae?+ Ba hlahelwa ke tlokotsi hangata hakae? Modimo o ba fa kotlo hangata hakae ka lebaka la bohale ba hae? 18  Na ba ke ba fefolwe ke moya jwalo ka jwang,Ba be jwalo ka mmoko o fefolwang ke sefefo? 19  Modimo o tla boloka dikotlo tsa motho ebe o di kgutlisetsa baneng ba hae.Empa e se eka le yena Modimo a ka mo fa kotlo e le hore a ka utlwa hore na ho jwang.+ 20  E se eka tlokotsi e ka mo tlela a ntse a shebileMme e be yena ya utlwang* kgalefo ya Ya Matla Ohle.+ 21  Haeba palo ya dikgwedi tsa hae e fokotswa,*+Na o a tsotella hore na ho tla etsahalang ka ba lelapa la hae ka mora hore a shwe? 22  Ke mang ya ka rutang Modimo* bohlale+Ka ha ke yena ya ahlolang le ba phahameng?+ 23  Motho e mong o shwa a ntse a ena le matla,+A ena le kgotso ebile a se na mathata,+ 24  Dirope tsa hae di le kgoloLe masapo a hae a le matla.* 25  Empa motho e mong o shwa a tshwenyehile,*A sa thabela letho le molemo. 26  Le ha ho le jwalo, ba tla robala ha mmoho leroleng+Ba kwahelwe ke diboko.*+ 27  Ke tseba hantle hore na le nahannengLe hore na le rerile ho nketsang.*+ 28  Le ntse le re, ‘Ntlo ya motho ya hlomphehang e hokae? Tente eo motho ya kgopo a neng a dula ho yona e hokae?’+ 29  Na ha le a botsa batho ba tsamayang?Na ha le dumele seo ba se buang?* 30  Ba tla le bolella hore motho ya kgopo o a pholoha letsatsing la tlokotsiEbile o a pholoswa letsatsing la kgalefo. 31  Ke mang ya tla mo bolella hore boitshwaro ba hae ha bo a loka? Ke mang ya tla mo fa kotlo ka lebaka la diketso tsa hae? 32  Ha a iswa mabitleng, Lebitla la hae le tla lebelwa. 33  Makote a mobu wa kgohlo* a ke ke a mo imela,*+Batho bohle ba a mo latela*+Jwalo ka ba se nang palo ba ileng pele ho yena. 34  Jwale ke hobaneng ha le mpha matshediso a se nang thuso?+ Dikarabo tsa lona ke leshano feela!”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ba matla.”
Ha namane e hlaha e se e ntse e shwele.
Kapa: “phala.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ka motsotswana” e leng ho shwa kapele motho a sa utlwe bohloko.
Ka Seheberu: “nwang.”
Kapa: “kgaolwa mahareng.”
Kapa: “rutang Modimo ntho le ha e le efe.”
Ka Seheberu: “mmoko wa masapo a hae o mongobo.”
Kapa: “ka moya o bohloko.”
Kapa: “tshenyane.”
Kapa mohlomong: “ho ntwantsha.”
Ka Seheberu: “dumele dipontsho.”
Ka Seheberu: “Makote a lefatshe a kgohlo a tla ba monate ho yena.”
Ka Seheberu: “O tla hula batho bohle hore ba mo latele.”