Jobo 41:1-34
-
Modimo o hlalosa matla a Leviathane (1-34)
41 Na o ka tshwasa Leviathane*+ ka huku e tshwasang ditlhapi*Kapa wa tlama leleme la yona ka ropo?
2 Na o ka kenya ropo* ka dinkong tsa yonaKapa wa phunya mehlahare ya yona ka hakisi?*
3 Na e tla o kopa hore o e qeneheleKapa na e tla bua le wena ka bonolo?
4 Na e tla etsa selekane le wenaE le hore o ka e etsa lekgoba la hao bophelo bohle ba yona?
5 Na o tla bapala le yona jwalo ka ha eka ke nonyanaKapa na o tla e tlamela baradi ba hao hore ba bapale ka yona?
6 Na borakgwebo ba tla e rekisa?
Na ba tla e arolelana?
7 Na o tla hlaba letlalo la yona+Kapa hlooho ya yona ka marumo a hlabang ditlhapi?
8 Ha o ka beha letsoho la hao hodima yona,O ke ke wa lebala hore na e o hlasetse jwang mme o ke ke wa hlola o le beha hape.
9 Haeba o nahana hore o tla e tshwara, o a ithetsa.
Ha o e bona feela o tla tshoha haholo o be o wele fatshe.
10 Ha ho na motho ya ka bang le sebete sa ho e qala.
Jwale ke mang ya ka emang ka pela ka?+
11 Na ho na le motho eo ke mo kolotang?+
Dintho tsohle tse lefatsheng ke tsa ka.+
12 Nke ke ka tlohela ho bua ka maoto a yona,Matla a yona le ka moo mmele wa yona o entsweng ka teng.
13 Ke mang ya tlositseng letlalo la yona?
Ke mang ya tla kena ka mehlahareng ya yona e bulehileng?
14 Ke mang ya nang le sebete sa ho bula molomo wa yona?
Meno a yona kaofela a a tshosa.
15 Mokokotlo wa yona o na le makgakgapha a entseng mela,A kopantsweng ha mmoho ka thata.
16 A mamarelane haholoHoo moya o sa kgoneng ho kena dipakeng tsa ona.
17 A kgomarelaneMme a ke ke a arolwa.
18 Ha e thimola ho hlaha kganya,Le mahlo a yona ekare kganya ya mesong.
19 Molomong wa yona ho benya lehadima.
Ho tswa le ditlhase tsa mollo.
20 Ho kubella mosi dinkong tsa yonaJwalo ka ha eka ho kentswe jwang ba lodi ka seboping sa mollo.
21 Ha e hema e tukisa mashalaEbile ho tswa lelakabe molomong wa yona.
22 Molala wa yona o matla haholo,Batho ba kopanang le yona ba a tshoha.
23 Letlalo la yona la mpa le thataJwalo ka tshepe mme le ke ke la tloswa.
24 Pelo ya yona e thata jwalo ka lejwe,E thata jwalo ka lelwala.*
25 Ha e tsoha le batho ba matla ba a tshoha.
Le ha e sisinyeha feela ba a ferekana.
26 Ha ho na sabole, lerumoKapa motsu o ka kgonang ho e hlaba.+
27 Ho yona tshepe e jwalo ka jwangLe koporo e jwalo ka patsi e bodileng.
28 Ha e balehiswe ke motsu.
Majwe a letjeketjane a ba jwalo ka lehlaka ho yona.
29 E bona molamu e le lehlaka feela,E a tsheha ha e utlwa modumo wa lerumo le betswang.
30 Mpa ya yona e bohale jwalo ka maqhetswana a sejana sa letsopa.
E ipitika seretseng jwalo ka selei* se polang.+
31 E bedisa metsi jwalo ka pitsaLe lewatle jwalo ka pitsa ya mafura.
32 Ha e tsamaya ka metsing e etsa makweba.
Motho a ka nahana hore metsi a na le moriri o mo putswa.
33 Ha ho na ntho e tshwanang le yona lefatsheng,Modimo o e entse hore e se ke ya tshaba letho.
34 Ha e tshabe ho sheba diphoofolo tse itshepang.
Ke morena wa dibata tsohle tse matla.”

