Jobo 20:1-29
20 Tsofare+ wa Monaama a re:
2 “Menahano ya ka e ntshwenyang e etsa hore ke bueHobane ke tenehile.
3 Ke utlwile ha o nthohakaYaba ke susumelletseha hore ke o arabe.
4 E tlameha ebe kgale o tseba taba enaHobane haesale e le jwalo ho tloha ha motho* a behwa lefatsheng+
5 Hore thabo ya batho ba kgopo e fela kapeleLe hore thabo ya motho ya lahlileng Modimo ke ya nakwana.*+
6 Le hoja boikgohomoso ba hae bo fihla lehodimongLe hlooho ya hae e fihla marung,
7 O tla fediswa ka ho sa feleng jwalo ka mantle a hae,Batho ba neng ba tlwaetse ho mo bona ba tla re, ‘O hokae?’
8 O tla feta jwalo ka toro mme ba ke ke ba mo fumana,A lelekwe jwalo ka pono ya bosiu.
9 Motho ya kileng a mo bona ha a sa tla hlola a mo bona hape,A ke ke a hlola a bonwa hape ntlong ya hae.+
10 Bana ba hae ba tla kopa thuso ho batho ba futsanehileng,O tla kgutlisa leruo leo a le nkileng ho batho ba bang.+
11 Masapo a hae a tletse matla jwalo ka a batjhaEmpa a* tla robala le yena leroleng.
12 Haeba a utlwa ntho e mpe e latsweha ha monate,Haeba a e pata ka tlasa leleme la hae,
13 Haeba a e moma mme a sa batle ho e tlohelaEmpa a e boloka ka hanong la hae,
14 Dijo tsa hae di tla bola ka mpeng ya hae,Di tla ba jwalo ka tjhefo* ya masumu ka hare ho yena.
15 O kwentse leruo empa o tla le hlatsa,Modimo o tla le ntsha ka mpeng ya hae.
16 O tla anya tjhefo ya masumu,Meno* a marabe a tla mo bolaya.
17 Le ka mohla a ke ke a bona dinokana tsa metsi,Dinokana tsa mahe a dinotshi le botoro.
18 O tla kgutlisa dintho tsa hae a sa di sebedisa,*A ke ke a ja le leruo leo a le sebeleditseng.+
19 O fedisitse bafutsana ebile o ba lahlile,O nkile ntlo eo a sa e hahang.
20 Empa a ke ke a ba le kgotso,Leruo la hae le ke ke la mo thusa hore a phonyohe.
21 Ha ho na letho le setseng leo a ka le senyang,Ke ka lebaka leo katleho ya hae e ke keng ya tshwarella.
22 Ha a se a ruile haholo, o tla dula a tshwenyehile,Bomadimabe bo tla mo latella.
23 Ha a ntse a ja,Modimo o tla romela kgalefo ya hae ho yena,O tla mo nesetsa yona ka maleng.
24 Ha a baleha dibetsa tsa tshepe,Metsu ya seqha sa koporo e tla mo hlaba.
25 O ntsha motsu o mo hlabileng ka mokokotlong,Sebetsa se benyang se hlabileng nyooko ya haeMme o tshoha haholo.+
26 Matlotlo a hae a tla lahlelwa lefifing le letsho,Mollo oo ho se nang motho ya o butswetseng o tla mo tjhesa,Tlokotsi e emetse mang kapa mang ya tla phonyoha tenteng ya hae.
27 Mahodimo a tla senola phoso ya hae,Lefatshe le tla mo fetohela.
28 Morwallo o tla hohola ntlo ya hae,Ho tla ba le morwallo o moholo letsatsing la kgalefo ya Modimo.*
29 Ena ke kabelo eo Modimo a e fang motho ya kgopo,Ke lefa leo Modimo a mo fileng lona.”

