Jobo 30:1-31
30 Hona jwale ke a tshehwa,+Ke tshehwa ke banna ba banyenyane ho nna,Bao ke neng nke ke ka dumela le hore bontate ba bonaBa sale le dintja tse lebetseng mohlape wa ka.
2 Matla a bona a nthusitse kang?
Hona jwale a fedile.
3 Ha ba na matla ka lebaka la tlalaLe ho se fumane dintho tseo ba di hlokang.
Ba hlafuna ntho le ha e le efe eo ba e fumanang sebakeng se omeletseng le se senyehileng.
4 Ba kga semela sa letswai dihlahleng.
Dijo tsa bona ke metso ya difate tsa lefielo.
5 Ba a lelekwa motseng.+
Batho ba ba leleka jwalo ka ha eka ke mashodu.
6 Ba phela dikgohlong,*Ka dikoting le mafikeng.
7 Ba lla ba le dihlahleng,Ba bokana nqa e le nngwe hara dihlabahlabane.
8 Ke bara ba batho ba se nang kelello, ba se nang mabitso,Ba lelekilwe* naheng.
9 Empa hona jwale ba ntshoma le dipineng tsa bona.+
Ke fetohile ditsheho* ho bona.+
10 Ba a nnyonya ebile ha ba batle ho kopana le nna.+
Ha ba tswafe le ho ntshwela ka mathe sefahlehong.+
11 Ka ha Modimo o entse hore ke se ke ka kgona ho itshireletsa* a ba a nkokobetsa,Ba ntlhasela ka moo ba batlang ka teng.
12 Ba ntlhasela ba hlaha ka lehlakoreng le letona e le sehlopha.
Ba a ntelekisaEbile ba kwetse tsela ya ka e le hore ke hlahelwe ke tlokotsi.
13 Ba senya ditsela tsa ka,Ba eketsa ditlokotsi tsa ka+Empa ha ho na motho ya ba thibang.*
14 Ba tla jwalo ka ha eka ba kena leboteng le bulehileng.
Ha ba nkgauhele le ha ke le mathateng.
15 Ke dula ke tshohile.
Seriti sa ka se fefohile jwalo ka moyaLe tshepo ya hore ke tla fumana thuso e nyametse jwalo ka maru.
16 Ke haufi le ho shwa,+Ke aparetswe ke mathata.+
17 Bosiu ke opelwa ke masapo*+Le bohloko boo ke bo utlwang ha bo fele.+
18 Seaparo sa ka se sentswe hampe.*
Se nkgama jwalo ka kholloro ya seaparo sa ka.
19 Modimo o ntahletse seretseng.
O ntheoletse leroleng le moloreng.
20 Ke ntse ke kopa thuso ho wena empa ha o nthuse.+
Le ha ke tla ka pela hao o ntjheba feela.
21 O mphetohetse wa ba wa ntshwara hampe+Ebile o ntlhorisa ka sehloho.
22 O a mphahamisa ebe o etsa hore ke fefolwe ke moya.
O etsa hore ke bidike ka hara sefefo.*
23 Ke a tseba hore o tla mpolaya,Ke ye sebakeng seo batho bohle ba tlo ya ho sona.
24 Empa ha ho na motho ya ka hlaselang motho ya mathateng,+Ya ntseng a kopa thuso.
25 Na ha ke a llela bafutsanaLe batho ba neng ba ena le mathata?*+
26 Le hoja ke ne ke lebelletse hore ho tla etsahala dintho tse ntle, ho etsahetse tse mpe.
Ke ne ke lebelletse kganya empa ho ile ha tla lefifi.
27 Ke ne ke tshwenyehile*Ebile ke aparetswe ke matsatsi a tlokotsi.
28 Ke tsamaya ke nyahame+ mme ha ke bone kganya ya letsatsi.
Ke ema ka pela setjhaba mme ke kopa thuso.
29 Ke fetohile ngwanabo diphokojweLe motswalle wa madinyane a matshehadi a mpshe.+
30 Letlalo la ka le letsho ebile le ebohile.+
Masapo a ka a a tjha.*
31 Harepa ya ka e letsetswa batho ba utlwileng bohloko,Phala* ya ka e letsetswa ba llang.
Dintlha tse qetellong ya sehloho
^ Kapa: “diphula.”
^ Ka Seheberu: “shapilwe.”
^ Ka Seheberu: “maele.”
^ Ka Seheberu: “o kgwehlisitse kgwele ya seqha sa ka.”
^ Kapa mohlomong: “Empa ho se na motho ya ba thusang.”
^ Ka Seheberu: “masapo a ka a phuntswe.”
^ Kapa mohlomong: “Mathata a ka a sentse mmele wa ka.”
^ Kapa mohlomong: “o nqhibidihisa ka modumo o lerata wa sefefo.”
^ Kapa: “batho bao dintho di sa ba tsamaeleng hantle.”
^ Ka Seheberu: “Mala a ka a ile a dubeha.”
^ Kapa mohlomong: “ke feberu.”
^ Kapa: “lekodilo.”

