Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ananela ho Tšepahala le ho Tšoarela ha Jehova

Ananela ho Tšepahala le ho Tšoarela ha Jehova

“Jehova, u molemo ’me u itokiselitse ho tšoarela; mosa o lerato ho bohle ba ipiletsang ho uena o mongata.”—PES. 86:5.

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha re ananela metsoalle e tšepahalang le e tšoarelang? (b) Re tla tšohla lipotso life?

U KA re motsoalle oa ’nete ke motho ea joang? Morali e mong oabo rōna eo lebitso la hae e leng Ashley o re: “Ho ’na, motsoalle oa ’nete ke motho ea lulang a u tšehetsa le ea u tšoarelang ha u fositse.” Kaofela ha rōna re ananela metsoalle e tšepahalang le e tšoarelang. E re thusa hore re ikutloe re sireletsehile re bile re ratoa.—Liprov. 17:17.

2 Jehova ke Motsoalle ea tšepahalang le ea tšoarelang ka ho fetisisa eo re ka bang le eena. O joalokaha mopesaleme a mo hlalosa a re: “Jehova, u molemo ’me u itokiselitse ho tšoarela; mosa o lerato [kapa, “lerato le tšepahalang”] ho bohle ba ipiletsang ho uena o mongata.” (Pes. 86:5) Ho tšepahala le ho tšoarela ho bolela’ng? Jehova o bonahatsa litšobotsi tseo tse babatsehang joang? Hona re ka latela mohlala oa hae joang? Likarabo tsa lipotso tseo li tla re thusa hore re rate Motsoalle oa rōna e moholo e leng Jehova le ho feta. Li tla boela li re thuse hore re matlafatse setsoalle sa rōna le batho ba bang.—1 Joh. 4:7, 8.

JEHOVA O OA TŠEPAHALA

3. Ho tšepahala ho bolela’ng?

3 Motho ea nang le botšepehi o tšepahalla motho eo a mo ratang. O bontša lerato la hae ka hore a tsoele pele a tšehetsa motho eo a bile a mo thusa. Ha a etse seo ha ho le bonolo feela empa o se etsa esita le ha ho nyolosetsa. Ka sebele, Jehova ke “Ea tšepahalang” ka ho fetisisa.—Tšen. 16:5.

4, 5. (a) Jehova o bontša joang hore o oa tšepahala? (b) Ho nahanisisa ka liketso tsa Molimo tse bontšang hore o oa tšepahala ho ka re matlafatsa joang?

4 Jehova o bontša joang hore o oa tšepahala? Ha ho mohla a lahlang barapeli ba hae ba tšepahalang. E mong oa barapeli bao, e leng Morena Davida, o ile a tiisa hore  Jehova o oa tšepahala. (Bala 2 Samuele 22:26.) Nakong eo Davida a neng a thulana le liteko, ka botšepehi Jehova o ile a mo tataisa, a mo sireletsa a ba a mo lopolla. (2 Sam. 22:1) Davida o ne a tseba hore Jehova o bonahatsa botšepehi ba hae ka liketso eseng ka lipolelo feela. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a sebetsana le Davida ka botšepehi? Hobane Davida le eena e ne e le motho “ea tšepahalang.” Jehova o ananela botšepehi boo barapeli ba hae ba bo bontšang, ’me o ba buseletsa ka hore le eena a bontše botšepehi ho bona.—Liprov. 2:6-8.

5 Re ka fumana matla ha re nahanisisa ka liketso tsa Jehova tse bontšang hore o oa tšepahala. Mor’abo rōna ea tšepahalang ea bitsoang Reed o re: “Ka sebele kea khothala ha ke nahana kamoo Jehova a ileng a sebetsana le Davida kateng ha a ne a le mahlomoleng. Esita le nakong eo ka eona Davida a neng a baleha, a e-tsoa a kena mahaheng ao a neng a lula ho ’ona, Jehova o ile a lula a mo hlokomela. Ruri seo se nkhothatsa haholo! Se nkhopotsa hore ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, hore na ho boima hakae, Jehova o tla ntšehetsa hafeela ke lula ke tšepahala ho eena.” Ha ho pelaelo hore le uena u ikutloa ka tsela e tšoanang.—Bar. 8:38, 39.

6. Ke litsela life tse ling tseo Jehova a bontšang hore o oa tšepahala ka tsona, ’me seo se ruisa barapeli ba hae molemo joang?

6 Ke litsela life tse ling tseo Jehova a bontšang hore o oa tšepahala ka tsona? O lula a tšepahalla melao ea hae. O re tiisetsa sena: “Esita le ho isa botsofaling ba motho ’na ke Ea tšoanang.” (Esa. 46:4) Kamehla o etsa liqeto a itšetlehile ka melao ea hae e sa fetoheng e mabapi le se nepahetseng le se fosahetseng. (Mal. 3:6) Ho phaella moo, Jehova o bontša hore o oa tšepahala ka hore a phethahatse litšepiso tsa hae. (Esa. 55:11) Botšepehi ba Jehova bo tsoela barapeli ba hae bohle ba tšepahalang molemo. Ka tsela efe? Ha re etsa sohle seo re ka se khonang hore re mamele melao ea Jehova, re ka kholiseha hore o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea hore o tla re hlohonolofatsa.—Esa. 48:17, 18.

LATELA MOHLALA OA JEHOVA OA HO TŠEPAHALA

7. Ke tsela efe e ’ngoe eo re ka latelang mohlala oa Molimo oa ho tšepahala ka eona?

 7 Re ka latela mohlala oa Jehova oa ho tšepahala joang? Tsela e ’ngoe ke ka hore re thuse batho ba thulanang le maemo a boima. (Liprov. 3:27) Ka mohlala, na ho na le molumeli-’moho le uena ea nyahameng, mohlomong ka lebaka la ho kula, ho hanyetsoa ke ba lelapa kapa bofokoli boo a nang le bona? E ka ba hantle hore u ithaopele ho khothatsa motho eo ka “mantsoe a molemo, mantsoe a tšelisang.” (Zak. 1:13) * Ha u etsa seo, u bontša hore u motsoalle ea tšepahalang le oa ’nete, ea “khomarelang haufi ho feta mor’abo motho.”—Liprov. 18:24.

8. Re ka latela mohlala oa Jehova oa ho tšepahala joang, ka mohlala lenyalong?

8 Re ka boela ra latela mohlala oa Jehova oa ho tšepahala ka hore re tšepahalle batho bao re ba ratang. Ka mohlala, haeba re lenyalong, rea tseba hore re lokela ho lula re tšepahalla balekane ba rōna. (Liprov. 5:15-18) Kahoo, ha re nke esita le mohato oa pele feela o ka etsang hore re qetelle re entse bofebe. (Mat. 5:28) Ho phaella moo, re bontša botšepehi ho balumeli-’moho le rōna ha re qoba ho ba seba kapa ho ba senya lebitso, ka hore re se ke ra hasa litaba tsa mofuta oo kapa ho li mamela.—Liprov. 12:18.

9, 10. (a) Ke mang eo ka ho khetheha re lokelang ho tšepahala ho eena? (b) Ke hobane’ng ha ho mamela litaelo tsa Jehova ho ke ke ha e-ba bonolo kamehla?

9 Ka ho khetheha re batla ho tšepahala ho Jehova. Re ka etsa seo joang? Ka hore re loanele ho talima lintho ka tsela eo a li talimang ka eona—re rate seo a se ratang, re hloee seo a se hloileng—’me re etse lintho ka tsela e mo thabisang. (Bala Pesaleme ea 97:10.) Ha re ntse re loanela ho nahana ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona, re tla nolofalloa  le ho feta hore re mamele litaelo tsa hae.—Pes. 119:104.

10 Ke ’nete hore ho ke ke ha e-ba bonolo hore re mamele litaelo tsa Jehova kamehla. Ho ka ’na ha hlokahala hore re ikitlaetse e le hore re lule re tšepahala. Ho tea mohlala, Bakreste ba bang ba masoha ba batla ho kena lenyalong, empa ha ba e-s’o ka ba fumana molekane ea loketseng har’a barapeli ba Jehova. (1 Bakor. 7:39) Morali’abo rōna oa lesoha a ka ’na a hlokomela hore basebetsi-’moho le eena bao e seng Bakreste ba lula ba leka ho mo kopanya le motho eo a ka ratanang le eena. E ka ’na eaba morali eo oabo rōna o jeoa ke bolutu. Ho ntse ho le joalo, o ikemiselitse ka matla hore a tšepahale ho Jehova. Na ha re ananele mehlala eo e babatsehang ea ho tšepahala? Ka sebele Jehova o tla putsa batho bohle ba lulang ba tšepahala ho eena ho sa tsotellehe maemo a boima ao ba thulanang le ’ona.—Baheb. 11:6.

“Ho na le motsoalle ea khomarelang haufi ho feta mor’abo motho.”—Liprov. 18:24 (Sheba serapa sa 7)

“Le tšoarelane ka bolokolohi.”—Baef. 4:32 (Sheba serapa sa 16)

JEHOVA O OA TŠOARELA

11. Ho tšoarela ho bolela’ng?

11 E ’ngoe ea litšobotsi tsa Jehova tse ratehang ka ho fetisisa ke ho ikemisetsa ho tšoarela. Ho tšoarela ho bolela’ng? Ha e le hantle, ho akarelletsa ho leballa motho ea u foselitseng haeba ho e-na le lebaka le utloahalang la ho etsa seo. Seo hase bolele hore motho ea tšoarelang o lumellana le ntho e mpe eo motho a e entseng kapa o latola hore motho eo o e entse. Ho e-na le hoo, ho bolela hore o khetha ho se jare motho ka pelo. Mangolo a ruta hore Jehova o “itokiselitse ho tšoarela” batho ba bontšang hore ba bakile e le kannete.—Pes. 86:5.

12. (a) Jehova o bontša joang hore o oa tšoarela? (b) Ho ‘hlakola’ libe tsa motho ho bolela’ng?

12 Jehova o bontša joang hore o oa tšoarela? Ha Jehova a tšoarela motho, o mo tšoarela “ka tsela e khōlō”; o tšoarela ka botlalo le ka ho feletseng. (Esa. 55:7) Re tseba joang hore Jehova o tšoarela ka botlalo? Nahana ka mantsoe ana a hlahang ho Liketso 3:19. (E bale.) Moapostola Petrose o ile a khothalletsa bamameli ba hae hore ba ‘bake ’me ba sokolohe.’ Ha moetsalibe a baka e le kannete, o ikoahlaela ntho e mpe eo a e entseng. Hape o ikemiselitse hore a se ke a pheta sebe seo a se entseng. (2 Bakor. 7:10, 11) Ho  feta moo, ho baka e le kannete ho susumetsa moetsalibe hore a “sokolohe,” a khaotse ho etsa lintho tse mpe tseo a neng a li etsa ’me a etse lintho tse khahlisang Molimo. Haeba bamameli ba Petrose ba ne ba ka bontša pako eo ea ’nete, ba ne ba tla fumana molemo ofe? Petrose o ile a re libe tsa bona li ne li tla ‘hlakoloa.’ Lentsoe leo le tsoa lentsoeng la Segerike le bolelang “ho phumola, ho tlosa.” Kahoo, ha Jehova a re tšoarela, ho tšoana le ha eka o phumola libe tsa rōna letlapeng. O re tšoarela ka botlalo.—Baheb. 10:22; 1 Joh. 1:7.

13. Mantsoe a reng “ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona” a re tiisetsa’ng?

13 Re tseba joang hore Jehova o tšoarela batho ka ho feletseng? Nahana ka boprofeta ba Jeremia bo mabapi le selekane se secha, se thehiloeng le Bakreste ba tlotsitsoeng, se etsang hore batho ba bontšang tumelo thekollong ba khone ho tšoareloa e le kannete. (Bala Jeremia 31:34.) Jehova o re: “Ke tla tšoarela liphoso tsa bona, ’me ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona.” Kahoo, Jehova o re tiisetsa hore ha a re tšoaretse, a ke ke a hlola a re ahlola ka lebaka la libe tseo re ileng ra li etsa. Ha a tsose libe tsa rōna e le hore a re qose kapa a lule a re ahlola. Ho e-na le hoo, Jehova o re tšoarela libe tseo ebe o li lebala ka ho feletseng.—Bar. 4:7, 8.

14. Ho nahana ka tsela eo Jehova a tšoarelang ka eona ho ka re khothatsa joang? Fana ka mohlala.

14 Rea khothala ha re nahanisisa ka tsela eo Jehova a tšoarelang ka eona. Nahana ka mohlala ona. Lilemong tse ngata tse fetileng, morali e mong oabo rōna eo re tla ’mitsa Elaine o ile a khaoloa. Lilemo tse ’maloa hamorao, o ile a khutlisetsoa ka phuthehong. Elaine o re: “Le hoja ke ile ka bolella batho ba bang hore ke lumela hore Jehova o ntšoaretse, ke ne ke lula ke ikutloa eka ka tsela e itseng Jehova o hōle le ’na empa o haufi le batho ba bang le hore e ne e le oa sebele ho bona.” Leha ho le joalo, Elaine o ile a khothatsoa ke ho bala le ho nahanisisa ka lipapiso tse ling tse ka Bibeleng tse hlalosang tsela eo Jehova a tšoarelang ka eona. Elaine o phaella ka ho re: “Ke ile ka utloa lerato la Jehova le mofuthu oa hae ka tsela eo ke e-s’o ka ke li utloa ka eona.” O ile a angoa haholo-holo ke mantsoe ana a reng: “Ha Jehova a re tšoarela libe, ha ho hlokahale hore re ikutloe re ntse re jere letheba la libe tseo bophelo bohle ba rōna.” * Elaine o re: “Ke ile ka hlokomela hore ke ne ke sa lumele hore Jehova o ne a ka ntšoarela ka ho feletseng, ’me ke ne ke nahana hore ke tla jara moroalo ona bophelo bohle ba ka. Kea tseba hore ho tla nka nako, empa ke se ntse ke utloa hore nka khona ho ba le kamano e haufi le Jehova, ’me ke utloa eka ho na le moroalo o tlositsoeng mahetleng a ka.” Ruri re sebeletsa Molimo ea lerato le ea tšoarelang!—Pes. 103:9.

LATELA MOHLALA OA JEHOVA OA HO TŠOARELA

15. Re ka latela mohlala oa Jehova oa ho tšoarela joang?

15 Re ka latela mohlala oa Jehova oa ho tšoarela ka hore re khethe hore re tšoarelane neng le neng ha re e-na le lebaka le utloahalang la ho etsa seo. (Bala Luka 17:3, 4.) Hopola hore ha Jehova a re tšoarela o lebala libe tsa rōna, e leng se bolelang hore ka mor’a moo a ke ke a re nkela bohato ka lebaka la tsona. Le rōna ha re tšoarela batho ba bang, re lokela ho lebala libe tsa bona ka hore re khaotse ho nahana ka seo ba re entseng sona le hore re se ke ra bua ka seo nakong e tlang.

16. (a) Na ho tšoarela batho ba bang ho bolela hore re lumellana le liphoso tsa bona kapa re ba lumella hore ba bapalle holim’a hlooho tsa rōna? Hlalosa. (b) E le hore Molimo a re tšoarele, re lokela ho etsa’ng?

 16 Ho tšoarela batho ba bang ha ho bolele hore re lumellana le liphoso tsa bona kapa re ba lumella hore ba bapalle holim’a hlooho tsa rōna. Ho e-na le hoo, ho bolela hore re khetha hore re se ke ra jara motho ea re foselitseng ka pelo. Leha ho le joalo, ke habohlokoa ho hopola hore Jehova o tla re tšoarela feela haeba re latela mohlala oa  hae oa ho tšoarela ha re sebetsana le batho ba bang. (Mat. 6:14, 15) Etsoe kutloelo-bohloko e susumelletsa Jehova hore a hopole hore “re lerōle.” (Pes. 103:14) Kahoo, na kutloelo-bohloko ha e ea lokela ho re susumelletsa hore re mamelle mefokolo ea batho ba bang re be re ba tšoarele ka bolokolohi ho tsoa botebong ba pelo?—Baef. 4:32; Bakol. 3:13.

E se eka re ka etsa lithapelo tse tsoang botebong ba pelo ha re kōpa tšoarelo ho Jehova (Sheba serapa sa 17)

17. Ke’ng e ka re thusang haeba re utloisitsoe bohloko ke molumeli-’moho le rōna?

 17 Ke ’nete hore hase kamehla ho leng bonolo hore re tšoarele batho ba bang. Esita le Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba hlokomela hore ho rarolla liqabang ha ho bonolo. (Bafil. 4:2) Ke eng e ka re thusang haeba molumeli-’moho le rōna a re utloisitse bohloko? Nahana ka Jobo. O ile a utloa bohloko haholo ha batho bao re ka reng e ne e le metsoalle ea hae—e leng Elifaze, Bildade le Tsofare—ba ne ba mo etselletsa. (Jobo 10:1; 19:2) Qetellong, Jehova o ile a khalemela banna bao ba neng ba qosa Jobo ka bohata. Molimo o ile a ba laela hore ba ee ho Jobo ’me ba etse nyehelo ea libe tsa bona. (Jobo 42:7-9) Empa ho na le ntho e ’ngoe eo Jehova a neng a batla hore Jobo a e etse. Ke efe? Jehova o ile a laela Jobo hore a rapelle batho bao ba ileng ba mo qosa. Jobo o ile a etsa seo Jehova a ileng a mo laela sona, ’me Jehova o ile a mo hlohonolofatsa ka lebaka la ho bontša moea oa ho tšoarela. (Bala Jobo 42:10, 12, 16, 17.) Re ithuta’ng tabeng ee? Re ithuta hore ho rapella motho ea re sitetsoeng ho ka ’na ha re thusa hore re se ke ra mo jara ka pelo.

TSOELA PELE U ANANELA LITŠOBOTSI TSA JEHOVA KA BOTLALO

18, 19. Re ka tsoela pele re ananela le ho feta botho ba Jehova bo ratehang joang?

18 Ruri e bile ho khothatsang ho tšohla litšobotsi tse sa tšoaneng tsa botho ba Jehova tse bontšang hore o na le lerato. Re hlokometse hore o oa atameleha, ha a leeme, o oa fana, o na le kahlolo e molemo, o oa tšepahala ebile o oa tšoarela. ’Nete ke hore re li otlile mabala-nkoe feela. Re tla thabela ho ithuta ka Jehova ka ho sa feleng. (Moek. 3:11) Re lumellana le moapostola Pauluse ea ileng a ngola a re: “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo!” Re ka bua se tšoanang ka lerato le litšobotsi tse ling tsa Molimo tse tšeletseng tseo re sa tsoa li tšohla.—Bar. 11:33.

19 E se eka kaofela ha rōna re ka tsoela pele re ananela le ho feta botho ba Jehova bo ratehang. Re ka etsa seo ka hore re ithute ka litšobotsi tsa hae, re nahanisise ka tsona re be re li bonahatse bophelong ba rōna. (Baef. 5:1) Ha re etsa joalo, ha ho pelaelo hore re tla lumellana le ho feta le mopesaleme ea ileng a bina a re: “Ha e le ’na, ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na.”—Pes. 73:28.

^ ser. 7 E le hore u fumane litlhahiso tse ka u thusang mabapi le taba ena, sheba sehlooho se reng, “Na ho na le eo U mo Khothalitseng Morao Tjee?” Molula-Qhooeng oa January 15, 1995 le se reng, “Susumeletsanang Leratong le Mesebetsing e Molemo—Ka ho Etsa Joang?” Molula-Qhooeng oa April 1, 1995.