Liketso Tsa Baapostola 3:1-26

  • Petrose o phekola monna oa mokopa-kopa ea holofetseng (1-10)

  • Petrose o bua le batho a le Phasejeng ea Solomone (11-26)

    • ‘Ho nchafatsoa ha lintho tsohle’ (21)

    • Moprofeta ea tšoanang le Moshe (22)

3  Petrose le Johanne ba ea tempeleng ho ea rapela ka hora ea boraro,* motšehare oa mantsiboea.  Ka nako eo, monna e mong ea hlahileng a holofetse o ne a jeroe a isoa keiting ea tempele e bitsoang Keiti e Ntle. O ne a behoa teng letsatsi le leng le le leng e le hore a kope chelete ho batho ba kenang ka tempeleng.  Ha a bona Petrose le Johanne ba le haufi le ho kena ka tempeleng, a ba kopa chelete.  Petrose le Johanne ba mo sheba eaba ba re: “Re shebe.”  A ba sheba a lebeletse hore ba mo fe ho hong.  Leha ho le joalo, Petrose a re: “Ha ke na silevera kapa khauta empa ke u fa ntho eo ke nang le eona. Ka lebitso la Jesu Kreste oa Monazaretha, ema u tsamaee.”+  A mo tšoara ka letsoho le letona, a mo emisa+ eaba maoto a hae le maqaqailana aa tiea.+  A raoha eaba oa tsamaea.+ A kena le bona ka tempeleng a ntse a tlola-tlola a bile a rorisa Molimo.  Batho bohle ba mo bona a tsamaea a ntse a rorisa Molimo. 10  Ba hlokomela hore monna eo ke eena eane ea neng a tloaetse ho lula Keiting e Ntle tempeleng a emetse hore batho ba mo fe chelete.+ Ba ne ba maketse haholo ha ba bona a se a tsamaea. 11  Ha monna eo a ntse a tšoere Petrose le Johanne ka matsoho, batho ba mathela ho ea bona karolo ea tempele e bitsoang Phaseje ea Solomone+ ba maketse haholo. 12  Ha Petrose a ba bona a re ho bona: “Batho ba Iseraele le makaletse’ng? Ke hobane’ng ha le re shebile joalokaha eka re entse hore monna eo a tsamaee ka matla a rona kapa ka lebaka la hore re sebeletsa Molimo ka botšepehi? 13  Molimo oa Abrahama, Isaka le Jakobo,+ Molimo oa baholo-holo ba rona, o tlotlisitse Mohlanka oa hae+ Jesu,+ eo le ileng la fana ka eena+ ho lira tsa hae ’me la mo latola ka pel’a Pilato le hoja Pilato eena a ne a entse qeto ea ho mo lokolla. 14  Le ile la latola monna eo ea halalelang le ea lokileng. La kopa hore le lokolleloe ’molai+ 15  eaba le bolaea Moeta-pele e Moholo ea khethetsoeng ho fana ka bophelo.+ Empa Molimo o mo tsositse bafung ’me re lipaki tsa taba eo.+ 16  Kaha re lumela ho eena, monna enoa eo le mo bonang le eo le mo tsebang o folisitsoe ka lebitso la hae. Tumelo eo re nang le eona ho eena e entse hore monna enoa a fole joalokaha le bona. 17  Bana beso, kea tseba hore le entse joalo ka lebaka la ho hloka tsebo+ joalokaha babusi ba lona le bona ba entse.+ 18  Empa Molimo o ile a lumella lintho tsena hore li etsahale e le ho phethahatsa lintho tseo a li phatlalalitseng esale pele ka baprofeta bohle, hore Kreste oa hae o ne a tla utloa bohloko.+ 19  Bakang+ ’me le sokolohe,+ libe tsa lona li tle li hlakoloe+ e le hore Jehova* a ka le khatholla* 20  a be a romele Kreste eo a le khethetseng eena e leng Jesu. 21  Jesu o lokela ho lula leholimong ho fihlela nako e fihla ea hore ho nchafatsoe lintho tsohle tseo Molimo a ileng a bua ka tsona a sebelisa baprofeta ba hae ba khale ba halalelang. 22  Moshe o ile a re: ‘Jehova* Molimo oa lona o tla le khethela moprofeta ea tšoanang le ’na har’a bana ba bo lona.+ Le mamele lintho tsohle tseo a le bolellang tsona.+ 23  Motho ea sa mameleng Moprofeta eo o tla felisoa.’+ 24  Baprofeta bohle ho tloha ka Samuele ho ea pele le bona ba ile ba bua ka ho hlaka ka matsatsi ana.+ 25  Ke lona bana ba baprofeta le majalefa a selekane seo Molimo a se entseng le baholo-holo ba lona+ ha a ne a re ho Abrahama: ‘Lichaba* tsohle tsa lefatše li tla hlohonolofatsoa ka lebaka la ngoana* oa hao.’+ 26  Ka mor’a hore Molimo a khethe Mohlanka oa hae, o ile a mo romela ho lona pele+ e le hore a le hlohonolofatse ka ho le thusa hore le bakele liketso tsa lona tse fosahetseng.”

Linaletsana

Ka Segerike: “hora ea borobong.”
Kapa: “e le hore linako tse khathollang li ka tla ho tsoa ho Jehova.”
Ka Segerike: “Malapa.”
Ka Segerike: “peo.”