Liketso Tsa Baapostola 1:1-26

  • Mantsoe a eang ho Theofilase (1-5)

  • Le tla ba lipaki tsa ka karolong e hole-hole ea lefatše (6-8)

  • Jesu o nyolohela leholimong (9-11)

  • Barutuoa baa bokana (12-14)

  • Mathiase e ba moapostola bakeng sa Judase (15-26)

1  Theofilase, ke ile ka hlophisa tlaleho ea pele e buang ka lintho tsohle tseo Jesu a ileng a li etsa le ho li ruta+ 2  ho fihlela letsatsing leo ka lona a ileng a nkeloa leholimong.+ O ile a ea leholimong ka mor’a hore a fe baapostola bao a ba khethileng litaelo a tataisoa ke moea o halalelang.+ 3  Ka mor’a hore a utloe bohloko, o ile a hlaha ho bona ka litsela tse ngata tse pakang hore oa phela.+ O ile a qeta matsatsi a 40 a ntse a e-na le bona, a bua ka ’Muso oa Molimo.+ 4  Ha a ntse a e-na le bona o ile a ba fa taelo ena: “Le se ke la tloha Jerusalema+ empa le lule le emetse ntho eo Ntate a le tšepisitseng eona+ eo ke le boleletseng ka eona. 5  Johanne o ne a kolobetsa ka metsi empa le tla kolobetsoa ka moea o halalelang+ ka mor’a matsatsi a seng makae ho tloha hona joale.” 6  Ha barutuoa ba bokane ba re ho eena: “Morena, na u tl’o khutlisetsa ’muso ho Iseraele hona joale?”+ 7  A re ho bona: “Ha se taba ea lona ho tseba linako tse taolong ea Ntate.+ 8  Ha le fumana moea o halalelang,+ le tla ba le matla ’me le tla ba lipaki+ tsa ka Jerusalema,+ libakeng tsohle tsa Judea le Samaria+ le karolong e hole-hole ea lefatše.”+ 9  Ha a qeta ho cho joalo, a phahamisoa ba ntse ba mo shebile, leru la mo koahela eaba ha ba sa mo bona.+ 10  Ha ba ntse ba shebile leholimong joalo, ha hlaha banna ba babeli ba apereng liaparo tse tšoeu.+ Banna bao ba fihla ba ema haufi le bona. 11  Ba re ho bona: “Banna ba Galilea, ke hobane’ng ha le eme le shebile leholimong? Jesu ea tlohileng ho lona a isoa leholimong o tla tla ka mokhoa o tšoanang le oo le boneng a ea leholimong ka oona.” 12  Barutuoa ba tloha Thabeng ea Mehloaare e haufi le Jerusalema eaba ba khutlela Jerusalema+ e bohole bo ka etsang k’hilomithara e le ’ngoe.* 13  Ha ba fihla moo, ba ea kamoreng e ka holimo moo ba neng ba fihletse teng. Ho ne ho e-na le Petrose, Johanne, Jakobo, Andrease, Filipi, Thomase, Bartholome, Matheu, Jakobo mor’a Alfiase, Simone ea chesehang le Judase mora oa Jakobo.+ 14  Kaofela ha bona ba ne ba rapela kamehla ba momahane. Maria ’mè oa Jesu, bana ba bo Jesu+ le basali ba bang+ le bona ba ne ba le teng. 15  Matsatsing ao, Petrose a ema har’a bana babo (bohle ba neng ba le teng ba ne ba ka ba 120) eaba o re: 16  “Bana beso, boprofeta ba lengolo leo moea o halalelang o ileng oa susumetsa Davida hore a bo bolele bo ne bo lokela ho phethahala. Ke boprofeta bo buang ka Judase+ ea ileng a tataisa batho ba ileng ba tšoara Jesu.+ 17  E ne e le e mong oa rona ebile a khethiloe+ hore a etse mosebetsi ona. 18  (Monna enoa o ile a reka tšimo ka moputso oa bokhopo.+ O ile a tabana fatše ka hlooho, mpa ea hae ea phatloha eaba mala a hae kaofela aa qhalana.+ 19  Baahi bohle ba Jerusalema ba ile ba tseba taba ena. Ka puo ea bona, tšimo eo e ile ea bitsoa Akeldama, e bolelang, “Tšimo ea Mali.”) 20  Buka ea Lipesaleme e re, ‘Sebaka seo a lulang ho sona se ke se hloke baahi, ho se ke ha e-ba le motho ea lulang teng.’+ Hape e re, ‘Mosebetsi oa hae oa ho ba molebeli o ke o nkoe ke motho e mong.’+ 21  Ka hona, ho hlokahala hore a nkeloe sebaka ke e mong oa banna bao esale ba e-na le rona ha Morena Jesu a etsa mesebetsi ea hae. 22  A nkeloe sebaka ke monna ea neng a e-na le rona ho tloha ha Jesu a kolobetsoa ke Johanne+ ho fihlela a tlosoa ho rona.+ Joaloka rona, monna enoa e be paki e boneng hore Jesu o tsositsoe.”+ 23  Ba buella barutuoa ba babeli e leng Mathiase le Josefa ea bitsoang Barsabase, ea neng a boetse a rehiloe Justase. 24  Ba rapela ba re: “Jehova,* u tseba lipelo tsa batho bohle.+ Re kopa u re bontše hore na ho banna bana ba babeli ke ofe eo u mo khethileng 25  ho etsa mosebetsi ona le ho ba moapostola hobane Judase o tlohetse mosebetsi oo a inkela tsela ea hae.”+ 26  Ba lahla lotho+ eaba e supa Mathiase. Kahoo, a balelloa le baapostola ba 11.

Linaletsana

^ Ka Segerike: “bohole ba leeto la letsatsi la Sabatha.”