MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) June 2013

Makasineng ena re tla thusoa le ho feta hore re ananele litšobotsi tsa Jehova tseo ho sa atisoeng ho buuoa ka tsona joaloka litšobotsi tsa hae tse ka sehloohong.

PALE EA BOPHELO

Ho Mamela Jehova ho Ntliselitse Litlhohonolofatso Tse Ngata

Bala pale ea bophelo ea Elisa Piccioli. O ile a lula a talima lintho ka tsela e nepahetseng ho sa tsotellehe litšitiso, boitelo ba hae le ho shoeloa ke motho eo a mo ratang.

Ananelang Litšobotsi Tsa Jehova ka Botlalo

Ho atameleha le ho se be leeme ho bolela’ng? Ho tšohla mohlala oa Jehova Molimo ho tla re thusa hore re bonahatse litšobotsi tseo.

Ananela ho Fana ha Jehova le Kahlolo ea Hae e Molemo

Jehova o re behetse mohlala o babatsehang oa ho fana le ho ba le kahlolo e molemo. Ha re ithuta mohlala oa hae seo se tla re thusa hore re bonahatse litšobotsi tseo.

Ananela ho Tšepahala le ho Tšoarela ha Jehova

Ho tšepahala le ho tšoarela ke litšobotsi tse ratehang tse bontšang hore motho ke motsoalle oa ’nete. Ha re latela mohlala oa Jehova, seo se tla re thusa hore re loanele ho ba le litšobotsi tsena tsa bohlokoa.

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

“Bara ba Molimo oa ’nete” le “meea e chankaneng” bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng e ne e le bo-mang?

Lumella Taeo ea Jehova Hore e U Bōpe

Jehova, e leng “Sebōpi sa rōna,” o bōpile batho le lichaba. Re ka ithuta’ng ho see, hona re ka rua molemo joang ka ho bōptjoa ke Molimo kajeno?

Baholo—Na le Tla Khatholla “Moea o Khathetseng”?

Baholo ba Bakreste ba itokisetsa ho etsa maeto a bolisa joang? Baholo ba ka khothatsa motho ea khathetseng kapa ea nyahameng ka hore ba mo fe ‘mpho ea moea.’

Na U sa Hopola?

Na u balile ka hloko limakasine tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Bona hore na u ka hopola’ng.