Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

“Bara ba Molimo oa ’nete” bao ho buuoang ka bona ho Genese 6:2, 4 ba neng ba phela pele ho Moroallo e ne e le bo-mang?

Ho na le bopaki ba hore poleloana eo e bua ka bara ba Molimo ba moea. Empa bopaki boo ke bofe?

Temana ea pele ho tseo tse peli e re: “Bara ba Molimo oa ’nete ba qala ho hlokomela barali ba batho, hore ba batle; eaba ba inkela basali, e leng, bohle bao ba ba khethileng.”—Gen. 6:2.

Ka Mangolong a Seheberu, lipoleloana tsena “bara ba Molimo oa ’nete” le “bara ba Molimo,” li hlaha ho Genese 6:2, 4; Jobo 1:6; 2:1; 38:7; le Pesalemeng ea 89:6. Litemana tsee li bontša’ng ka “bara [baa] ba Molimo”?

Ho hlakile hore “bara ba Molimo oa ’nete” bao re balang ka bona ho Jobo 1:6, ke libōpuoa tsa moea tse neng li bokane ka pel’a Molimo. Satane ea neng a kile a “solla lefatšeng,” o ne a le har’a bona. (Jobo 1:7; 2:1, 2) Ka ho tšoanang, ho Jobo 38:4-7, re bala ka “bara ba Molimo” ba ileng ba “hlaba litlatse” ha Molimo a ne a ‘beha lejoe la sekhutlo’ la lefatše. E tlameha ebe e ne e le bara ba Molimo ba mangeloi, kaha batho ba ne ba e-s’o bōptjoe. Ho hlakile hore “bara ba Molimo” bao ho buuoang ka bona ho Pesaleme ea 89:6, ke libōpuoa tsa moea tse nang le Molimo leholimong, eseng batho.

Joale “bara ba Molimo oa ’nete” bao ho buuoang ka bona tlalehong e ho Genese 6:2, 4 ke bo-mang? Tumellanong le linnete tse ka Bibeleng tseo ho builoeng ka tsona pele, ke ho utloahalang ho lumela hore tlaleho eo e bua ka bara ba Molimo ba moea ba ileng ba tla lefatšeng.

Ho batho ba bang ho thata ho lumela hore mangeloi a ka ’na a ba le takatso ea ho kopanela liphate. Mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 22:30 a bontša hore lenyalo le ho kopanela liphate ha li eo leholimong. Leha ho le joalo, ka linako tse ling mangeloi a ne a ee a iphetole batho, ebile a ne a ee a je a be a noe le bona. (Gen. 18:1-8; 19:1-3) Kahoo, hoa utloahala ho fihlela qeto ea hore ha ba ne ba iphetotse batho, ba ne ba ka khona ho kopanela liphate le basali.

Ho na le mabaka a thehiloeng Bibeleng a etsang hore re lumele hore mangeloi a ile a etsa seo. Juda 6, 7 e bapisa sebe sa banna ba Sodoma bao ka mokhoa oo e seng oa tlhaho ba ileng ba sala nama morao le sa “mangeloi a sa kang a boloka sebaka sa ’ona sa pele empa a furalla sebaka sa ’ona sa bolulo se loketseng.” Ntho eo mangeloi ao le Basodoma ba neng ba tšoana ka eona, ke hore ka bobeli ba ile ba ‘etsa bohlola ka mokhoa o feteletseng ’me ba sala nama morao bakeng sa tšebeliso eo e seng ea tlhaho.’ Tlaleho e buang ka taba ena e ho 1 Petrose 3:19, 20, e amahanya mangeloi ao a sa kang a mamela le ‘matsatsi a Noe.’ (2 Pet. 2:4, 5) Ka lebaka leo, tsela eo mangeloi ao a neng a sa mamele a mehleng ea Noe a ileng a khetha ho phela ka eona, e ka tšoantšoa le sebe se ileng sa etsoa ke sechaba sa Sodoma le Gomora.

Kahoo, ke ho utloahalang ho fihlela qeto eo kaha rea hlokomela hore “bara ba Molimo oa ’nete” bao ho buuoang ka bona ho Genese 6:2, 4, e ne e le mangeloi a ileng a iphetola batho eaba a etsa boitšoaro bo bobe le basali.

 Bibele e re Jesu o ile a “bolela ho meea e chankaneng.” (1 Pet. 3:19) See se bolela’ng?

Moapostola Petrose o hlalosa meea eo e le “eo ka nako e ’ngoe e neng e bile e sa mameleng ha ho se fele pelo ha Molimo ho ne ho letile matsatsing a Noe.” (1 Pet. 3:20) Ho hlakile hore Petrose o ne a bua ka libōpuoa tsa moea tse ileng tsa khetha ho fetohela Molimo joaloka Satane. Juda o bua ka mangeloi a “sa kang a boloka sebaka sa ’ona sa pele empa a furalla sebaka sa ’ona sa bolulo se loketseng,” ’me o re Molimo “o a bolokile ka litlamo tsa ka ho sa feleng tlas’a lefifi le letšo-letšo bakeng sa kahlolo ea letsatsi le leholo.”—Juda 6.

Libōpuoa tsa moea li ile tsa bontša ho se mamele ka tsela efe matsatsing a Noe? Pele ho Moroallo, meea eo e khopo e ile ea iphetola batho—e leng seo Molimo a neng a sa e rerela sona. (Gen. 6:2, 4) Ho feta moo, mangeloi ao a ileng a kopanela liphate le basali a ne a etsa boitšoaro bo litšila. Molimo ha aa bōpela libōpuoa tsa moea hore li kopanele liphate le basali. (Gen. 5:2) Mangeloi ana a khopo a sa mameleng a tla felisoa ka nako eo Molimo a e behileng. Joalokaha Juda e bontša, hona joale, a boemong ba “lefifi le letšo-letšo”—e leng seo re ka reng ke chankana ea moea.

Jesu o ile a bolela ho “meea e chankaneng” neng ’me o ile a etsa seo joang? Petrose o ile a ngola hore seo se etsahetse ka mor’a hore Jesu ‘a phelisoe moeeng.’ (1 Pet. 3:18, 19) Hape, hlokomela hore Petrose o re Jesu o ile a “bolela.” Taba ea hore ebe Petrose o buile ka tsela e bontšang hore Jesu o ne a se a entse mosebetsi oa ho bolela, e bontša hore Jesu o entse mosebetsi oo pele Petrose a ngola lengolo la hae la pele. Kahoo, ho bonahala eka nakoana ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a bolela ho meea e khopo mabapi le kahlolo e loketseng eo e tla e fumana. O ne a sa e bolelle molaetsa o neng o e fa tšepo. E ne e le molaetsa oa kahlolo. (Jon. 1:1, 2) Ha Jesu a se a bontšitse hore o na le tumelo, a tšepahetse ho fihlela lefung a bile a tsositsoe bafung—e leng se ileng sa bontša hore ka sebele ha ho moo Diabolose a ka mo tšoarang teng—o ne a e-na le lebaka la hore a etse phatlalatso eo ea kahlolo.—Joh. 14:30; 16:8-11.

Nakong e tlang, Jesu o tla tlama Satane le mangeloi ao ebe o ba akhela ka mohohlong. (Luka 8:30, 31; Tšen. 20:1-3) Ho fihlela ka nako eo, mangeloi ana a sa kang a mamela a boemong ba lefifi la moea le letšo-letšo, ’me a tla felisoa ka ho feletseng.—Tšen. 20:7-10.