Lengolo la Pele la Johanne 4:1-21

  • Ho hlahloba hore na molaetsa o tsoa ho Molimo (1-6)

  • Ho tseba Molimo le ho mo rata (7-21)

    • “Molimo ke lerato” (8, 16)

    • Motho ea ratang Molimo ha a tšohe (18)

4  Baratuoa, le se ke la kholoa motho e mong le e mong ea reng molaetsa oa hae o tsoa ho Molimo.+ Le hlahlobe hore na molaetsa oo o tsoa ho Molimo+ hobane hohle lefatšeng ho tletse baprofeta ba bohata.+  Ena ke tsela eo ka eona le tla tseba hore molaetsa oo le o utloang o tsoa ho Molimo: Molaetsa o reng Jesu Kreste o ile a tla lefatšeng e le motho o tsoa ho Molimo.+  Empa molaetsa o reng Jesu ha aa tla lefatšeng e le motho ha o tsoe ho Molimo.+ Ona ke molaetsa oa mohanyetsi oa Kreste oo le utloileng hore oa tla+ ’me molaetsa ona o se o le teng lefatšeng.+  Bana ba ka, le tsoa ho Molimo ’me le hlotse baprofeta ba bohata+ hobane ea nang le lona+ o matla ho feta ea nang le batho ba lefatše.+  Baprofeta bana ba bohata ba tsoa lefatšeng.+ Kahoo, ba bua lintho tseo lefatše le li buang. Ke kahoo lefatše le ba mamelang.+  Rona re tsoa ho Molimo. Ea tsebang Molimo oa re mamela,+ ea sa tsoeng ho Molimo ha a re mamele.+ Ena ke tsela eo ka eona re tla bona phapang pakeng tsa molaetsa oa ’nete o tsoang ho Molimo le molaetsa oa leshano.+  Baratuoa, a re luleng re ratana+ hobane lerato le tsoa ho Molimo. E mong le e mong ea nang le lerato ke ngoan’a Molimo ’me o tseba Molimo.+  Motho ea se nang lerato ha a tsebe Molimo hobane Molimo ke lerato.+  Molimo o ile a re bontša hore oa re rata ka hore a romele Mora oa hae ea mong*+ lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena.+ 10  O ile a romela Mora oa hae e le sehlabelo se hlakolang libe tsa rona+ e le hore re ka boelana le eena.+ O entse joalo hobane a re ratile eseng hobane re mo ratile. 11  Baratuoa, haeba Molimo o re ratile joalo, le rona re tlameha ho ratana.+ 12  Ha ho na motho ea kileng a bona Molimo le ka mohla.+ Haeba re tsoela pele ho ratana, Molimo o tla lula a e-na le rona ’me lerato la hae le tla bonahala ka tsela e phethahetseng ho rona.+ 13  Rea tseba hore re lula re momahane le eena ’me le eena o momahane le rona hobane o re file moea oa hae. 14  Hape re bone ebile rea paka hore Ntate o rometse Mora oa hae e le mopholosi oa lefatše.+ 15  Mang kapa mang ea lumelang hore Jesu ke Mora oa Molimo+ o lula a momahane le Molimo, le Molimo o lula a momahane le eena.+ 16  Rea tseba ebile rea lumela hore Molimo oa re rata.+ Molimo ke lerato+ ’me motho ea lerato ka linako tsohle o lula a momahane le Molimo, le Molimo o lula a momahane le eena.+ 17  Ona ke mokhoa oo ka oona lerato le bonahetseng ka tsela e phethahetseng ho rona e le hore re ka bua ka sebete+ ka letsatsi la kahlolo hobane bophelo ba rona lefatšeng lena bo tšoana le ba Kreste. 18  Motho ea ratang Molimo ha a tšohe.+ Lerato le phethahetseng le etsa hore re se ke ra tšoha hobane ho tšoha ho re sitisa ho etsa lintho tse ngata. Motho ea letsoalo ha a na lerato le phethahetseng.+ 19  Re bontša lerato hobane Molimo o ile a re rata pele.+ 20  Motho ea reng: “Ke rata Molimo” empa a hloile ngoan’abo o leshano.+ Motho a ka rata Molimo eo a e-s’o mo bone+ joang empa a sa rate ngoan’abo+ eo a mo bonang? 21  Taelo eo re e filoeng ke eena ke ena, hore ea ratang Molimo o lokela ho rata le ngoan’abo.+

Linaletsana

Ka Segerike: “ea tsoetsoeng a ’notši.”