Lengolo la Pele la Johanne 1:1-10

  • Lentsoe le fanang ka bophelo (1-4)

  • Ho tsamaea leseling (5-7)

  • Re lokela ho bolela libe tsa rona (8-10)

1  Re le ngolla ka ea tlisang lentsoe le fanang ka bophelo.+ O bile teng ho tloha qalong. Re utloile ka eena, re mo bone, ra sheba lintho tseo a li etsang ra ba ra mo tšoara.  Bophelo bo sa feleng bo ile ba bonahatsoa. Re bo bone, rea bo paka+ ebile re le bolella ka bona.+ Bophelo bo sa feleng bo tsoa ho Ntate ’me bo ile ba bonahatsoa ho rona.  Re le bolella lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng+ e le hore le ka momahana le rona feela joalokaha le rona re momahane le Ntate le Mora oa hae Jesu Kreste.+  Re le ngolla lintho tsena e le hore re ka thaba haholo.  Molaetsa oo re le tsebisang oona oo re o utloileng ho eena ke ona: Molimo ke leseli+ ’me ha ho na lefifi ho hang ho eena.  Haeba re re: “Re momahane le eena” empa re tsoela pele ho tsamaea lefifing, re leshano ebile ha re phele ka ’nete.+  Leha ho le joalo, haeba re tsamaea leseling joalokaha le eena a le leseling, re fela re momahane ’me mali a Mora oa hae Jesu a re hloekisa sebeng sohle.+  Haeba re re: “Ha re na sebe,” rea ithetsa+ ebile ha re lumele lithuto tsa ’nete.*  Kaha Molimo oa tšepahala ebile o lokile, haeba re bolela libe tsa rona o tla re tšoarela a be a hlatsoe bobe bohle bo ho rona.+ 10  Haeba re re: “Ho hang ha re e-s’o etse sebe,” re re Molimo o leshano ebile ha re lumele lentsoe la hae.

Linaletsana

Ka Segerike: “’nete ha e eo ho rona.”