Lengolo le Eang ho Baheberu 11:1-40

  • Tumelo ke’ng? (1, 2)

  • Batho ba neng ba e-na le tumelo (3-40)

    • Re ke ke ra khahlisa Molimo ha re se na tumelo (6)

11  Tumelo ke ho ba le tšepo le ho kholiseha hore lintho tseo u li lebeletseng li tla etsahala.+ Hape ke ho ba le bopaki ba hore lintho tseo re sa li boneng kannete li teng.  Kaha baholo-holo ba rona ba ne ba e-na le tumelo, Molimo o ile a ba fa bopaki ba hore oa ba amohela.  Tumelo e re thusa ho lemoha hore lintho tsohle* li ile tsa hlophisoa ka taelo ea Molimo. Kahoo, lintho tseo re li bonang li hlahile linthong tseo re sa li boneng.  Kaha Abele o ne a e-na le tumelo, o ile a etsetsa Molimo sehlabelo sa boleng bo phahameng ho feta sa Kaine.+ Ka lebaka la tumelo eo, o ile a fuoa bopaki ba hore o lokile hobane Molimo o ile a amohela limpho tsa hae.+ Le hoja a shoele, tumelo ea hae e ntse e bua+ le rona.  Kaha Enoke+ o ne a e-na le tumelo, o ile a fallisoa+ e le hore a se ke a utloa bohloko ha a shoa. Ha aa ka a hlola a fumanoa hobane Molimo o ne a mo fallisitse. Pele a fallisoa o ile a fuoa bopaki ba hore o thabisitse Molimo.  Re ke ke ra khona ho khahlisa Molimo haeba re se na tumelo kaha ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore o putsa ba mo batlang e le kannete.+  Kaha Noe o ne a e-na le tumelo,+ ka mor’a hore Molimo a mo bolelle lintho tse tl’o etsahala tse neng li e-s’o ka li bonoa,+ o ile a bontša hore o hlompha Molimo ka hore a hahe areka+ e le hore a pholose eena le ba lelapa la hae. Ka tumelo ea hae o ile a bontša hore lefatše le ne le tšoanela ho felisoa+ ’me ha thoe o lokile ka lebaka la tumelo.  Kaha Abrahama o ne a e-na le tumelo,+ ha a bitsoa, o ile a mamela ka hore a ee sebakeng seo a neng a tl’o se fuoa e le lefa. O ile a tsamaea le hoja a ne a sa tsebe hore na o ea hokae.+  Kaha o ne a e-na le tumelo, o ile a lula e le molichaba naheng eo a neng a e tšepisitsoe.+ O ne a lula litenteng+ le Isaka le Jakobo, bao le bona Molimo a neng a ba tšepisitse naha eo.+ 10  O ne a emetse motse o nang le metheo ea ’nete, oo Molimo a o ralileng le ho o haha.+ 11  Kaha Sara le eena o ne a e-na le tumelo, o ile a fuoa matla a ho ba le bana le hoja a ne a se a fetile lilemo tsa ho ba le bana+ hobane o ile a nka hore ea neng a tšepisitse oa tšepahala. 12  Ka lebaka leo, monna eo ho neng ho nkoa hore a ke ke a khona ho ba le bana,*+ o ile a ba le bana ba bangata+ joaloka linaleli tsa leholimo le ba se nang palo joaloka lehlabathe la leoatle.+ 13  Kaofela ha bona ba ile ba shoa ba ntse ba e-na le tumelo. Le hoja litšepiso li sa ka tsa phethahala ba ntse ba phela,+ ba ile ba li bonela hole,+ ba li thabela ’me ba bolela phatlalatsa hore e ne e le balichaba le baahi ba nakoana naheng eo ba neng ba lula ho eona. 14  Ba buang joalo ba bontša hantle hore kannete ba batla sebaka seo e leng sa bona. 15  Hoja ba ile ba ’na ba nahana ka naha eo ba e siileng,+ ba ka be ba fumane monyetla oa ho khutla. 16  Empa joale ba labalabela sebaka se molemo le ho feta e leng leholimo. Kahoo, Molimo ha a soabele ho bitsoa Molimo oa bona+ etsoe o ba lokiselitse motse.+ 17  Ha Abrahama a ne a behoa tekong,+ o ile a bontša hore o na le tumelo ka hore ebe o ile a batla a nyehela Isaka. Monna enoa ea ileng a amohela litšepiso a thabile o ile a leka ho nyehela mora oa hae ea mong.+ 18  O ile a etsa joalo le hoja ho ne ho itsoe ho eena: “U tla ba le litloholo* ka Isaka.”+ 19  O ne a lumela hore Molimo a ka tsosa mora oa hae bafung. Kahoo, o ile a mo amohela joalokaha eka o qeta ho tsoha bafung e leng ntho e neng e bontša hore na ho tla etsahala’ng ka moso.+ 20  Isaka o ile a bontša hore o na le tumelo ka hore ebe o ile a hlohonolofatsa Jakobo+ le Esau,+ a ba bolella lintho tse tla etsahala nakong e tlang. 21  Kaha Jakobo o ne a e-na le tumelo, ha a le haufi le ho shoa,+ o ile a hlohonolofatsa bara ba Josefa+ ’me a rapela a ikokotletse ka lere la hae.+ 22  Josefa o ile a bontša hore o na le tumelo ka hore ebe ha a le haufi le ho shoa, o ile a bua ka hore Baiseraele ba tla tsoa Egepeta ’me a fana ka taelo ea hore na ho etsoe’ng ka masapo a hae.+ 23  Ka mor’a hore Moshe a hlahe, batsoali ba hae ba ile ba bontša hore ba na le tumelo ka hore ba mo pate ka likhoeli tse tharo+ hobane ba ile ba bona hore o motle.+ Ha baa ka ba tšaba ho tlola taelo ea morena.+ 24  Ha Moshe a se a holile, o ile a bontša hore o na le tumelo+ ka hore a hane ho bitsoa mora oa morali oa Faro.+ 25  O ile a khetha ho tšoaroa hampe hammoho le sechaba sa Molimo ho e-na le hore a thabele ho etsa sebe ka nakoana. 26  O ile a etsa joalo hobane a nka hore ho tlotlolloa ka lebaka la Kreste ho bohlokoa haholo ho feta maruo a Egepeta kaha o ne a letetse moputso ka pelo eohle. 27  Kaha o ne a e-na le tumelo, o ile a tloha Egepeta+ eseng hobane a tšaba bohale ba morena.+ O ile a tsoela pele a mameletse joalokaha eka o bona Molimo eo ho seng motho ea ka mo bonang.+ 28  O ile a bontša hore o na le tumelo ka hore a keteke Paseka le ho fafatsa likosene tsa menyako ka mali e le hore lengeloi la Molimo le se ke la bolaea matsibolo a batho ba Molimo.+ 29  Kaha batho ba Molimo ba ne ba e-na le tumelo, ba ile ba feta har’a Leoatle le Lefubelu joalokaha eka ba feta moo ho ommeng+ empa ha Baegepeta bona ba leka ho etsa joalo, metsi a ile a ba khama.+ 30  Kaha Baiseraele ba ne ba e-na le tumelo, marako a Jeriko a ile a oela fatše ka mor’a hore ba a pota-pote ka matsatsi a supileng.+ 31  Kaha Rahaba oa letekatse o ne a e-na le tumelo, ha aa ka a bolaoa le batho ba sa mameleng hobane o ile a amohela lihloela ka khotso.+ 32  Na ho hlokahala hore ke ’ne ke tsoele pele? Ke tla felloa ke nako haeba nka bua ka Gideone,+ Barake,+ Samsone,+ Jafeta,+ Davida+ hammoho le Samuele+ le baprofeta ba bang. 33  Kaha ba ne ba e-na le tumelo, ba ile ba hlola marena,+ ba etsa hore ho be le toka, ba etsetsoa litšepiso,+ ba koala melomo ea litau,+ 34  ba tima mollo o bohale,+ ba phonyoha sabole,+ ba fuoa matla ha ba ne ba fokola,+ ba e-ba matla ha ba le ntoeng+ hape ba qhalakanya mabotho a ba lireng.+ 35  Basali ba ile ba amohela ba malapa a bona ba neng ba tsositsoe bafung.+ Banna ba bang ba tšepahalang bona ba ile ba hlokofatsoa empa ha baa ka ba khaotsa ho tšepahalla Molimo hobane feela ba shebile ho lokolloa. Ba ile ba mamella e le hore ba tle ba tsosoe bafung ka tsela e molemo ho feta eo ba bang ba tsositsoeng ka eona. 36  Ba bang ba ile ba lekoa ka ho songoa, ho shapuoa, ho fasoa ka liketane+ le ho lahleloa literonkong.+ 37  Ba ile ba tlepetsoa ka majoe,+ ba lekoa, ba sakhoa, ba bolaoa ka sabole,+ ba tsamaea ba apere makoko a linku le a lipoli+ ha ka nako e tšoanang ba ne ba hloka, ba le matšoenyehong,+ ba tšoaroa hampe+ 38  ’me lefatše le ne le sa ba tšoanele. Ba ne ba lula mahoatateng, lithabeng, mahaheng+ le maphaong. 39  Le hoja kaofela ha bona ba ile ba fuoa bopaki ba hore ba thabisitse Molimo ka lebaka la tumelo ea bona, ha baa ka ba bona ha tšepiso e phethahala 40  hobane Molimo o ne a nahanne ho re fa ntho e molemo le ho feta+ e le hore ba se ke ba tlosoa sebe pele ho rona.

Linaletsana

Kapa: “mehla ena.” Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “o shoele.”
Ka Segerike: “peo.”