Lengolo le Eang ho Baheberu 7:1-28

  • Melkizedeke ke morena le moprista ea ikhethang (1-10)

  • Boprista ba Kreste bo phahametse ba batho (11-28)

    • Kreste o khona ho pholosa ka ho phethahetseng (25)

7  Melkizedeke e ne e le morena oa Saleme ebile e le moprista oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa. Ha Abrahama a khutla ntoeng eo a neng a tsoa hlola marena ho eona, Melkizedeke o ile a mo khahlanyetsa ’me a mo hlohonolofatsa.+  Abrahama o ile a mo fa karolo ea leshome ea lintho tsohle tse neng li hapiloe. Lebitso la Melkizedeke ha le fetoleloa ke “Morena ea Lokileng.” Hape ke morena oa Saleme e bolelang “Morena oa Khotso.”  Ha ho tsejoe hore na ntate oa hae le ’mè oa hae ke bo-mang. Ha ho na tlaleho ea leloko labo. Ha ho tsejoe hore na o hlahile neng le hore na o shoele neng. Ka mabaka ana, o tšoana le Mora oa Molimo ’me o tla lula e le moprista ka ho sa feleng.+  Monna eo o ne a le bohlokoa hakaakang! Ha se feela Abrahama hlooho ea lelapa,* a ileng a mo fa karolo ea leshome ea lintho tse ntlehali tseo a neng a li hapile.+  Ke ’nete hore ho ea ka Molao, Balevi+ ba neng ba khethiloe hore e be baprista, ke bona ba neng ba laetsoe ho nka karolo ea leshome ho bana ba bo bona+ le hoja bana bao ba bo bona e ne e le litloholo tsa Abrahama.  Athe monna enoa ea sa tsoeng lelokong la Levi, o ile a nka karolo ea leshome ho Abrahama ea neng a etselitsoe litšepiso a ba a mo hlohonolofatsa.+  Ha ho ea ka hanang hore e monyenyane o hlohonolofatsoa ke e moholo.  Balevi ba neng ba fumana karolo ea leshome e ne e le batho ba shoang empa Melkizedeke eena mangolo aa paka hore oa phela.+  Hape ho ka thoe Levi ea neng a fuoa karolo ea leshome le eena o ile a e ntša ka Abrahama 10  hobane ha Melkizedeke a kopana le Abrahama,+ Levi e ne e le hona a tl’o hlaha e le setloholo sa Abrahama. 11  Boprista ba leloko la Levi e ne e le karolo ea Molao oa Moshe o neng o fuoe Baiseraele. Haeba baprista ba leloko la Levi ba ne ba ka khona ho etsa hore batho ba phethahale,+ na re ne re hloka moprista ea tšoanang le Melkizedeke?+ Na ho ne ho sa lekana ho ba le baprista ba tšoanang le Arone? 12  Haeba boprista boa fetoloa, le Molao o lokela ho fetoloa.+ 13  Monna enoa eo ho buuoang ka eena o ne a tsoa lelokong le leng leo ho lona ho neng ho se na motho ea kileng a sebeletsa aletareng.+ 14  Ho hlakile hore Morena oa rona o tsoa lelokong la Juda+ empa Moshe ha aa ka a bua letho ka hore baprista ba tla hlaha lelokong leo. 15  Taba ena e hlaka le ho feta ha ho hlaha moprista+ ea kang Melkizedeke,+ 16  eo e bileng moprista ka matla a etsang hore a phele ka ho sa feleng+ eseng ka lebaka la leloko leo a tsoang ho lona joalokaha molao o ne o laela. 17  Lengolo le leng le re: “U moprista ka ho sa feleng ka tsela e tšoanang le ea Melkizedeke.”+ 18  Kahoo, taelo e tlileng pele e felisitsoe hobane ea haelloa ebile ha e sebetse.+ 19  Molao ha oa ka oa felisa sebe+ empa tšepo eo Molimo a re fileng eona+ e molemo hobane e khona ho felisa sebe. Re atamela ho Molimo ka lebaka la tšepo eo.+ 20  Kaha Molimo o ile a etsa kano ha a khetha Jesu hore e be moprista, 21  (ho na le banna ba ileng ba khethoa hore e be baprista ho sa etsoa kano empa ha Jesu e e-ba moprista, o ile a etsetsoa kano ke Molimo ea ileng a re ka eena: “Jehova* o ikanne ’me a ke ke a fetola maikutlo a hae,* o itse, ‘U moprista ka ho sa feleng.’”)+ 22  Jesu e bile bopaki bo tiisang hore ho na le selekane se molemo le ho feta.+ 23  Hape baprista ba ile ba hloleha ho tsoela pele ka mosebetsi oa bona oa boprista hobane ba ile ba shoa eaba ba nkeloa sebaka ke baprista ba bang.+ 24  Empa kaha Jesu o tla phela ka ho sa feleng,+ ha ho na motho ea tla mo hlahlama bopristeng. 25  O khona ho pholosa ka ho phethahetseng ba rapelang Molimo ka lebitso la hae hobane o tla lula a phela e le hore a ba kopele thuso ho Molimo.+ 26  Re hloka moprista ea phahameng ea tšoanang le enoa ea tšepahalang, ea se nang molato, ea sa silafalang,+ ea fapaneng hole le baetsalibe le ea phahamiselitsoeng ka holim’a maholimo.+ 27  Ho fapana le baprista bane ba phahameng, Jesu eena ha a hloke ho etsa mahlabelo letsatsi le leng le le leng+ bakeng sa libe tsa hae le tsa batho ba bang.+ O entse joalo hanngoe ebile e le la ho qetela ha a ne a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo.+ 28  Molao o khetha banna ba nang le bofokoli hore e be baprista ba phahameng+ empa ho ea ka kano+ e tlileng ka mor’a Molao, ho khethoa Mora ea lulang a se na sebe+ ka ho sa feleng.

Linaletsana

Kapa: “mopatriareka.”
Kapa: “a ke ke a ikoahlaea.”