Lengolo le Eang ho Baheberu 9:1-28

  • Mesebetsi e halalelang e etsoang tenteng e halalelang e lefatšeng (1-10)

  • Kreste o kena leholimong ka mali a hae (11-28)

    • ’Muelli selekaneng se secha (15)

9  Selekane sa pele se ne se e-na le melao e amanang le mesebetsi e halalelang ebile se e-na le tente e halalelang+ lefatšeng. 2  Ho ile ha hahoa kamore ea pele ea tente, eo ka ho eona ho neng ho e-na le seluloana sa lebone,+ tafole le bohobe.*+ Kamore eo e ne e bitsoa Sehalalelo.+ 3  Ka mor’a kharetene ea bobeli+ ho ne ho e-na le kamore e bitsoang Sehalalelisiso.+ 4  Ka kamoreng eo, ho ne ho e-na le pitsa ea khauta ea ho chesetsa libano+ le areka ea selekane+ e entsoeng ka khauta.+ Ka har’a areka eo, ho ne ho e-na le nkho ea khauta e tšetseng manna,+ molamu oa Arone o neng o metse lipalesa+ le matlapa+ a selekane. 5  Ka holim’a areka ho ne ho e-na le likerubime tse khanyang tse koahetseng sekoahelo sa areka* ka mapheo a tsona.+ Empa hona joale ha se nako ea hore re bue haholo ka lintho tsena. 6  Ka mor’a hore lintho tsena li hlophisoe ka tsela ena, baprista ba kena ka kamoreng ea pele ea tente ka linako tsohle ho etsa mesebetsi e halalelang.+ 7  Empa hanngoe ka selemo moprista ea phahameng o kena ka kamoreng ea bobeli a le mong,+ a nkile mali+ hore a a nyehele bakeng sa hae+ le bakeng sa libe tseo batho+ ba li entseng ba sa hlokomele. 8  Moea o halalelang o bontša hore ha ho na motho ea ileng a bontšoa tsela e eang ka Sehalalelisisong ha tente ea pele e ne e ntse e eme.+ 9  Tente ena e tšoantšetsa lintho tse etsahalang ka nako ena.+ Ho tla fihlela hona joale, limpho le mahlabelo a nyeheloang+ tenteng eo, ha a etse hore motho ea etsang mosebetsi o halalelang a be le letsoalo le khutsitseng.+ 10  Limpho le linyehelo tseo li amana feela le lijo, lino le mekhoa e fapaneng ea ho hloekisa batho le lintho.*+ Melao eo e amana le lintho tse mona lefatšeng+ ’me e ile ea sebetsa ho fihlela nako ea ho lokisa lintho e fihla. 11  Kreste o tlile e le moprista ea phahameng oa lintho tse ntle tse seng li etsahetse. O kene tenteng e bohlokoa haholo le e molemo ho feta ea pele, e sa etsoang ke batho ebile ha se ea lefatše. 12  O kene sehalalelisisong ka mali a hae eseng a lipoli kapa a lipohoana.+ O kene moo hanngoe ebile e le la ho qetela ’me a re pholosa ka ho sa feleng.+ 13  Motho ea sa hloekang o hlaha a hloekile ho Molimo hobane feela moprista a sebelisa mali a lipoli le a lipoho+ le ho mo fafatsa ka molora oa khomo ea sethojana* ho mo hloekisa.+ 14  Mali a Kreste ’ona a bohlokoa le ho feta+ hobane ka thuso ea moea o halalelang,* o ile a fa Molimo bophelo ba hae e le sehlabelo se phethahetseng. Mali a hae a etsa hore re be le matsoalo a khutsitseng hobane re tlohetse mesebetsi e mebe+ e le hore re ka sebeletsa Molimo ea phelang.+ 15  Ka lebaka leo, Kreste ke ’muelli selekaneng se secha.+ Ka lefu la hae o ile a lopolla batho ka ho lefella libe+ tseo ba li entseng selekaneng sa khale e le hore ba bitsitsoeng ba ka fumana tšepiso ea bophelo bo sa feleng.+ 16  Ha motho a entse selekane o lokela ho shoa 17  hobane selekane se tiisoa ke lefu. Se ke ke sa sebetsa hafeela motho ea se entseng a ntse a phela. 18  Le selekane sa pele se ne se ke ke sa sebetsa* kantle ho mali. 19  Ka mor’a hore Moshe a bolelle sechaba sohle litaelo tse hlahang Molaong, o ile a nka mali a lipohoana le a lipoli a a tsoaka le metsi. A nka boea bo bofubelu a bo faseletsa makaleng a hisopa eaba o fafatsa buka* le sechaba sohle, 20  a ntse a re: “Ana ke mali a selekane seo Molimo a le laetseng hore le se tšepahalle.”+ 21  Tente le lijana tsohle tse sebelisetsoang mosebetsi o halalelang le tsona o ile a li fafatsa ka mali.+ 22  Ho ea ka Molao, hoo e ka bang lintho tsohle li hloekisoa ka mali+ ’me libe li ke ke tsa tšoareloa ha mali a sa tšolohe.+ 23  Kahoo, ho ne ho hlokahala hore lintho tsena tseo e leng setšoantšo+ sa lintho tse leholimong li hloekisoe ka tsela ena+ empa lintho tse leholimong tsona li hloka mahlabelo a boleng bo phahameng le ho feta. 24  Kreste ha aa ka a kena ka sehalalelisisong se entsoeng ke batho,+ seo e leng setšoantšo feela sa sehalalelisiso sa ’nete.+ O kene leholimong la sebele,+ moo a hlahang ka pel’a Molimo bakeng sa rona.+ 25  Ha aa ka a kena leholimong e le hore a iketse sehlabelo hangata joaloka moprista ea phahameng ha a kena ka sehalalelisisong selemo le selemo+ ka mali ao e seng a hae. 26  Ho seng joalo o ne a tla lokela ho utloa bohloko hangata ho tloha ha lefatše le boptjoa. Empa o itlhahisitse hanngoe ebile e le la ho qetela hona joale qetellong ea mehla ena* e le hore a tlose sebe ka sehlabelo sa hae.+ 27  Rea tseba hore batho ba shoa hanngoe ebe ka mor’a moo baa ahloloa. 28  Ka tsela e tšoanang, Kreste le eena o ile a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo hanngoe ebile e le la ho qetela hore a jare libe tsa ba bangata.+ Ha a hlaha ka lekhetlo la bobeli o tla be a sa tl’o tlosa sebe. O tla bonoa ke ba hlileng ba batlang ho pholosoa ke eena.+

Linaletsana

^ Kapa: “bohobe ba pontšo.”
^ Kapa: “sekoahelo sa poelano.” Lentsoe la Segerike bakeng sa “sekoahelo” le ka boela la bolela nyehelo eo motho a fanang ka eona hore Molimo a mo tšoarele.
^ Ka Segerike: “le likolobetso tse fapaneng.”
^ Khomo e e-s’o be le namane.
^ Ka Segerike: “moea o sa feleng.”
^ Ka Segerike: “thehoa.”
^ Kapa: “moqolo.”