Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE

Na Molimo o Teng? Ho Tseba Seo ho U Ama Joang?

Na Molimo o Teng? Ho Tseba Seo ho U Ama Joang?

Ho bonahala batho ba bangata ba sa tsebe karabo ea potso ea hore na Molimo o teng kapa ba sa e tsotelle. Hervé, ea hōletseng Fora, o re: “Le hoja ke se motho ea latolang boteng ba Molimo, ha ke kene kereke. Ke nka hore tsela e molemo ea ho phela ke ka ho sebelisa kelello. Seo hase hloke hore ke kōpe thuso ho Molimo.”

Batho ba bang ba ka ’na ba ikutloa joaloka John, oa United States. O ile a re: “Ke hōlisitsoe ke batsoali ba neng ba sa lumele ho Molimo. Ha ke sa le mocha, ke ne ke sa tsebe hore na Molimo o teng kapa che. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ke ne ke ee ke ipotse ka eena.”

Na u kile ua ipotsa hore na Molimo o teng ’me haeba o teng, na bophelo bo na le morero? Mohlomong u kile ua hlokomela hore ho na le lintlha tse itseng tseo ho leng thata ho li hlalosa haeba u sa lumele hore ’Mōpi o teng, tse kang boitsebiso ba saense bo bontšang hore lefatše le ne le etselitsoe hore le be le lintho tse phelang ho lona le bopaki ba hore bophelo ha bo tsoe linthong tse sa pheleng.—Sheba lebokose le reng, “ Hlahloba Bopaki.”

Hlahloba bohlokoa ba lintlha tse boletsoeng ka holimo. Li tšoana le matšoao a supileng moo letlotlo le leng teng. Haeba u ka fumana bopaki bo kholisang ba hore Molimo o teng, hammoho le boitsebiso bo ka tšeptjoang ka eena, u tla rua molemo haholo. Hlokomela mehlala e mene e latelang.

1. MORERO OA BOPHELO

Haeba bophelo bo na le morero, re batla ho o tseba le hore na seo se re ama joang. Ntle ho moo, haeba Molimo o teng ’me ha re hlokomele, ho tšoana leha re phela re sa tsebe ’nete ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong.

Bibele e re Molimo ke Mohloli oa bophelo ba lintho tsohle. (Tšenolo 4:11) Ho tseba seo ho ka re tsoela molemo joang bophelong? Hlokomela seo Bibele e se rutang ka taba ena.

Batho ke bona ba ikhethang har’a lintho tsohle tseo Molimo a li bōpileng. Bibele e bontša hore Molimo o re bōpile hore re be le litšobotsi tse tšoanang le tsa hae. (Genese 1:27) Ho phaella moo, Bibele e ruta hore batho e ka ba metsoalle ea Molimo. (Jakobo 2:23) Ha ho letho le ka etsang hore re be le morero bophelong ho feta ho ba le kamano e joalo le ’Mōpi oa rōna.

Ho ba motsoalle oa Molimo ho bolela’ng? Metsoalle ea Molimo e ka buisana le eena ka ho toba. Hape o tšepisa hore o tla e mamela a be a e thuse. (Pesaleme ea 91:15) Ha re le metsoalle ea Molimo, re tla ithuta tsela eo a nahanang ka eona. Sena se tla re fa boitsebiso ba bohlokoa bo tla arabela lipotso tseo re ipotsang tsona bophelong.

Haeba Molimo o teng ’me ha re hlokomele, ho tšoana leha re phela re sa tsebe ’nete ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong

2. HO IMOLOHA KELELLONG

Ka mohlala, batho ba bang ba thatafalloa ho lumela hore Molimo o teng ka lebaka la mahlomola a aparetseng lefatše. Ba re, ‘Ke hobane’ng ha ’Mōpi ea matla ’ohle a lumeletse mahlomola le bokhopo?’

Karabo e tšelisang ea Bibele e re Molimo o ne a sa rera hore batho ba utloe bohloko. Nakong ea ha ho ne ho bōptjoa batho, motho o ne a se kotsing ea ho hlaheloa ke lintho tse bohloko. Esita le lefu e ne e se karolo ea morero oa Molimo oa qalong. (Genese 2:7-9, 15-17) Na ho thata ho lumela see? Na ke ntho e iqapetsoeng? Che. Haeba ho na le ’Mōpi ea matla ’ohle eo tšobotsi ea hae e ka sehloohong e leng lerato, joale re ne re ka lebella hore a batle hore batho ba phele ka tsela eo.

Ke’ng e ileng ea etsa hore batho ba qetelle ba phela tjee? Bibele e hlalosa hore Molimo o bōpile batho ba e-na le bolokolohi ba ho ikhethela. Ha rea etsoa joaloka liroboto ’me ha re qobelloe ho mamela Molimo. Banyalani ba pele bao kaofela ha rōna re leng litloholo tsa bona, ba ile ba khetha ho se mamele Molimo. Ka boikhohomoso ba ile ba latela thato ea bona. (Genese 3:1-6, 22-24) Hona joale re khōla litholoana tse bosula tsa seo.

Re ka imoloha kelellong ha re tseba hore mahlomola a batho e ne e se karolo ea morero oa Molimo. Empa, ka tlhaho re boetse re batla ho imolloa mahlomoleng. Re hloka ho ba le tšepo ka bokamoso.

3. TŠEPO

Hang ka mor’a hore batho ba etse sebe, Molimo o ile a tšepisa hore ka nako ea hae o tla phethahatsa morero oa hae oa qalong ka lefatše. Ha ho letho le ka mo thibelang ho etsa joalo, kaha o matla ’ohle. (Esaia 55:11) Haufinyane, Molimo o tla etsolla liphello tsohle tsa borabele ba batho ’me lefatše le batho bohle ba tla rua molemo morerong oa hae qalong.

See se tla u ama joang? Hlokomela litšepiso tse peli har’a tse ngata tseo Molimo a faneng ka tsona ka bokamoso, tse fumanehang ka Bibeleng.

  • HO TLA BA LE KHOTSO LEFATŠENG LOHLE ’ME BOKHOPO BO TLA FELISOA. “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng; ka sebele u tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, ’me o tla be a le sieo.  Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:10, 11.

  • HO KULA LE LEFU LI TLA FELISOA. “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24) “O tla metsa lefu ka ho sa feleng, ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.”—Esaia 25:8.

Ke hobane’ng ha re ka tšepa litšepiso tsa Molimo tse ka Bibeleng? Hobane ho na le boprofeta bo bongata ba eona bo seng bo phethahetse. Empa ho ba le tšepo ea ho imolloa mahlomoleng nakong e tlang ha ho felise mathata ao re tobanang le ’ona hona joale. Molimo o re thusa joang hape?

4. FUMANA THUSO HA U E-NA LE MATHATA LE HA U ETSA LIQETO

Molimo o fana ka tataiso e tla re thusa ho mamella mathata le ho etsa liqeto tse bohlale. Tse ling ke liqeto tse nyenyane, empa tse ling li ka ama bophelo bohle ba rōna. Ha ho motho ea ka re fang bohlale bo fetang boo ’Mōpi oa rōna a ka re fang bona. O tseba lintho tsohle ’me ke eena Mohloli oa bophelo. Kahoo, o tseba se molemong oa rōna.

Bibele e fupere menahano ea Jehova Molimo, joalokaha a ile a bululela batho ba fapaneng hore ba e ngole. Ka Bibeleng ho na le mantsoe ana a reng: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.”—Esaia 48:17, 18.

Molimo o na le matla a maholo ’me o ikemiselitse ho a sebelisa molemong oa rōna. Bibele e re Molimo ke ntate ea lerato ea batlang ho re thusa. E re: “Ntate ea leholimong [o tla] fana ka moea o halalelang . . . ho ba mo kōpang!” (Luka 11:13) Matla ana a tsoang ho Molimo a ka re tataisa le ho re matlafatsa.

U ka fumana thuso eo e tsoang ho Molimo joang? Bibele e araba ka ho re: “Ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” (Baheberu 11:6) E le hore u kholisehe hore Molimo o teng, u lokela ho itlhahlobela bopaki ba seo.

NA U TLA ETSA LIPATLISISO?

Ho nka nako hore re ithute ’nete ka Molimo, empa ho totobetse hore ho etsa joalo ho tla re tsoela molemo. Hlokomela mohlala oa Xiujin Xiao, ea hlahetseng Chaena ’me hona joale a seng a lula United States. O re: “Le hoja ke ne ke lumela hore lintho li iphetotse, ke ne ke thahasella Bibele. Kahoo, ke ile ka qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ha ke ne ke le selemong sa ho qetela k’holejeng, ke ile ka phathahana haholo hoo ke neng ke e-na le nako e nyenyane ea ho ithuta Bibele. Empa ke ne ke sa thaba. Ha ke boela ke ipha nako ea ho ithuta Bibele, ke ile ka thaba hape.”

Na u ka thabela ho ithuta ho eketsehileng ka ’Mōpi oa rōna e leng, Jehova Molimo? Re u khothalletsa hore u iphe nako ea ho iketsetsa lipatlisiso ka eena.