Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PONO EA BIBELE

Ho Becha

Ho Becha

Batho ba bang ba nahana hore ho becha ke tsela ea ho itlosa bolutu e seng kotsi.

Na ho phoso ho becha?

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba bangata ba nahana hore ho becha ha ho phoso, hafeela ho le molaong. Ka linako tse ling, ho ba le lipapali tsa ho becha tse molaong, tse kang loto e tšehetsoang ke ’muso, tse kenyang chelete e tla tšehetsa mananeo a thusang sechaba.

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele ha e bue ka ho toba ka ho becha. Leha ho le joalo, e na le melao-motheo e ’maloa e bontšang kamoo Molimo a ikutloang kateng ka hona.

Ho becha ho etsa hore motho a hape chelete eo motho e mong a lahlehetsoeng ke eona—e leng se khahlanong le temoso ea Bibele e reng “le pheme meharo eohle.” (Luka 12:15; Bibele—Phetolelo e Ncha) Ha e le hantle, ho becha ho susumetsoa ke meharo. Litsi tsa ho becha li tšepisa batho hore ba ka hapa chelete e ngata, empa ha li ba bolelle hore ba ka lahleheloa ke chelete ea bona kaha lia tseba hore batho ba tla becha haholo lik’hasinong hobane ba batla ho rua. Ho e-na le ho thusa batho hore ba se ke ba ba meharo, ho becha ho hlohlelletsa takatso ea ho batla ho fumana chelete habonolo feela.

Ho becha ho fehloa ke takatso ea boithati eo motho a nang le eona ka tlhaho: e leng ho batla ho hapa chelete eo batho ba bang ba lahlehetsoeng ke eona. Empa Bibele e re motho “e mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.” (1 Bakorinthe 10:24) O mong oa Melao e Leshome o re: “U se ke ua lakatsa . . . ntho leha e le efe ea oa heno.” (Exoda 20:17) Ha motho a batla ho hapa chelete, ka tsela e itseng o tšepile hore motho e mong a lahleheloe ke eona e le hore e be ea hae.

Bibele e boetse e lemosa hore ha motho a hapile, a se ke a nka hore ke tsela eo a hlohonolofatsoang ka eona. Iseraele ea boholo-holo, ho na le batho ba ileng ba hloleha ho bontša tumelo ho Molimo ’me ba qala ho ‘lokisa tafole bakeng sa molimo oa Mahlohonolo.’ Na Molimo o ile a amohela seo? Che, o ile a re ho bona: “Le ’nile la etsa se sebe mahlong a ka, ’me la khetha ntho eo ke sa khahloeng ke eona.”—Esaia 65:11, 12.

Ke ’nete hore linaheng tse ling, lichelete tse tsoang lipapaling tse molaong tsa ho becha li sebelisoa molemong oa thuto, oa ho ntlafatsa moruo le mananeong a mang a sechaba. Empa tsela eo lichelete tseo li sebelisoang ka eona ha e fetole taba ea hore li fumanoe joang—e leng ka liketso tse khothalletsang meharo, boithati le boikutlo ba ho batla ho fumana lintho mahala.

“U se ke ua lakatsa . . . ntho leha e le efe ea oa heno.”Exoda 20:17.

Motho ea bechang a ka ba le mathata afe?

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele e lemosa hore “ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong.” (1 Timothea 6:9) Ho becha ho susumetsoa ke meharo ’me ho ba meharo ho kotsi hoo Bibele e ho akarelletsang har’a mefuta ea boitšoaro e lokelang ho qojoa.—Baefese 5:3.

Kaha ho becha ho khothalletsa batho ho batla ho rua kapele, ho hlohlelletsa lerato la chelete—leo Bibele e reng “ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe.” Ho rata chelete ho ka susumetsa bophelo ba motho, e leng se ka mo bakelang ho tšoenyeha le ho fokolisa tumelo ea hae ho Molimo. Ka tsela ea tšoantšetso, ha Bibele e hlalosa batho ba tšoasitsoeng ke leraba la ho rata chelete e re “ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.”—1 Timothea 6:10.

Meharo e baka ho se khotsofale ’me e etsa hore batho ba se ke ba khotsofalla boemo ba bona ba lichelete le ho ba hlokisa thabo. “Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera, hape leha e le ofe ea ratang leruo a ke ke a khotsofalla chelete e kenang.”—Moeklesia 5:10.

Batho ba bangata ba tšoasitsoeng ke leraba la ho becha ba fetohile makhoba a hona. Bothata bona bo atile haholo hoo ho hakanngoang hore ho na le batho ba limilione bao e leng makhoba a ho becha United States feela.

Maele a mang a re: “Lefa le fumanoa ka meharo qalong, empa bokamoso ba lona bo ke ke ba hlohonolofatsoa.” (Liproverbia 20:21) Ho becha ho entse hore makhoba a hona a kene likolotong kapa a lahleheloe ke chelete, mesebetsi le metsoalle ’me manyalo a ’ona a qhalane. Ha motho a sebelisa melao-motheo ea Bibele, seo se ka mo thusa hore a qobe ho hlaheloa ke mathata a bakoang ke ho becha.

“Ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong.”1 Timothea 6:9.