Lengolo la Jakobo 2:1-26

  • Ho khetholla ba bang ke sebe (1-13)

    • Lerato ke molao o moholo oa Morena (8)

  • Tumelo e se nang mesebetsi e shoele (14-26)

    • Bademona baa lumela ebile baa mo tšaba (19)

    • Abrahama o bitsoa motsoalle oa Jehova (23)

2  Bana beso, ho tla joang hore ebe le ntse le khetholla batho ba bang leha le se le e-na le tumelo ho Morena oa rona Jesu Kreste ea phahamisitsoeng?+ 2  Ha motho ea roetseng lireng tsa khauta, ea apereng liaparo tse ntle haholo a tla sebakeng seo le kopanetseng ho sona ebe hape ho tla mofutsana ea apereng liaparo tse litšila, 3  na le tla re ho ea apereng liaparo tse ntle, “Lula mona setulong se setle,” ebe le re ho ea futsanehileng, “Uena u ’ne u eme joalo” kapa “Lula fatše pel’a maoto a ka”?+ 4  Na ha le etsa joalo ha le khethollane+ ebile na ha le fetohe baahloli ba etsang liqeto tse khopo?+ 5  Mamelang bana beso bao ke ba ratang. Molimo o khethile batho bao lefatše le ba nkang ba futsanehile hore e be barui tumelong+ le hore e be majalefa a ’Muso oa hae oo a o tšepisitseng batho ba mo ratang.+ 6  Le tlotlolotse bafutsana. Na barui ha se bona ba le hatellang+ le ba le isang makhotleng? 7  Na ha se bona ba nyefolang lebitso le hlomphehang leo le bitsoang ka lona? 8  Haeba le mamela molao o moholo oa Morena o reng, “U rate moahisani oa hao joalokaha u ithata,”+ le etsa hantle. 9  Haeba le tsoela pele ho khetholla batho ba bang,+ le etsa sebe, le molao oa paka hore le molato.*+ 10  Ha motho a mamela Molao oohle empa a tlola taelo e le ’ngoe feela, o tlotse Molao oohle.+ 11  Ea behileng molao o reng, “U se ke oa feba,”+ o ile a boela a re, “U se ke oa bolaea.”+ Le haeba u sa febe empa u bolaea, u tlola molao. 12  Le lule le bua le ho etsa lintho joaloka batho ba tl’o ahloloa ka molao o fang batho bolokolohi.+ 13  Motho ea se nang mohau a ke ke a hauheloa ha a ahloloa.+ Mohau o moholo ho feta kahlolo. 14  Bana beso, ho thusa’ng hore motho a re o na le tumelo empa a sa e bontše ka liketso?+ Na tumelo e joalo e ka mo pholosa?+ 15  Haeba ho e-na le bana ba bo lona ba se nang liaparo kapa letsatsi le leng le le leng ba se na lijo tse lekaneng 16  ebe e mong oa lona o re ho bona, “Tsamaeang ka khotso le futhumale ’me le khore,” ho thusa’ng haeba a sa ba fe lintho tseo ba li hlokang?+ 17  Hoa tšoana le ka tumelo, ha e sa bontšoe ka liketso e shoele.+ 18  Leha ho le joalo, motho e mong o tla re: “U na le tumelo, ’na ke na le mesebetsi. Mpontše tumelo ea hao e se nang mesebetsi, ’na ke tla u bontša tumelo ea ka ka mesebetsi ea ka.” 19  Oa lumela hore ho na le Molimo a le mong akere? U etsa hantle. Empa le bademona baa lumela hore ho joalo ebile baa mo tšaba.+ 20  Uena motho ea se nang kelello, na ha u tsebe hore tumelo e se nang mesebetsi ha e na thuso? 21  Ntate oa rona Abrahama o ile a nkoa a lokile ka lebaka la mesebetsi ea hae, ka mor’a hore a behe mora oa hae Isaka aletareng.+ 22  O ile a bontša ka liketso hore o na le tumelo, liketso tsa hae li ile tsa bontša hore tumelo ea hae ke ea ’nete.+ 23  Lengolo le ile la phethahala le reng: “Abrahama o ile a bontša tumelo ho Jehova* ’me o ile a nkoa e le motho ea lokileng”+ eaba o bitsoa “motsoalle oa Jehova.”*+ 24  Kahoo, motho o nkoa a lokile ka lebaka la liketso tsa hae eseng ka lebaka la tumelo feela. 25  Rahaba oa letekatse le eena o ile a nkoa a lokile ka lebaka la liketso tsa hae ka mor’a hore a amohele baromuoa ha hae le ho ba thusa hore ba balehe.+ 26  Feela joalokaha ’mele o se nang moea* o shoele,+ le tumelo e se nang mesebetsi e shoele.+

Linaletsana

^ Kapa: “oa le khalemela.”
^ Kapa: “phefumoloho.”