Lengolo la Jakobo 3:1-18

  • Ho laola leleme (1-12)

    • Le se ke la ba mesuoe le le bangata (1)

  • Bohlale bo tsoang leholimong (13-18)

3  Bana beso, le se ke la ba mesuoe le le bangata hobane lea tseba hore re tla amohela kahlolo e boima ho feta ea ba bang.+ 2  Kaofela ha rona re etsa liphoso* hangata.+ Haeba motho a sa khopise batho ba bang ka seo a se buang, motho eo o phethahetse ebile o khona ho laola ’mele oohle oa hae.* 3  Haeba re kenya litomo melomong ea lipere, li tla re mamela ’me re tla khona ho laola ’mele eohle ea tsona. 4  Nahanang ka likepe: Le hoja li le kholo haholo ebile li tsokotsoa ke meea e matla, bakhanni ba tsona ba sebelisa masokoana a manyenyane haholo ho li isa moo ba batlang. 5  Leleme le lona ke setho se senyenyane sa ’mele empa le ithorisa haholo. Mollo o monyenyane o ka chesa moru o moholo haholo. 6  Leleme le tšoana le mollo.+ Ke karolo ea ’mele e etsang lintho tse fosahetseng le e silafatsang ’mele oohle.+ Le ka senyetsa motho bophelo, hape le tšoana le Gehena* hobane lea senya. 7  Batho ba khona ho laola mefuta eohle ea liphoofolo tse hlaha, linonyana, lihahabi le libopuoa tse phelang leoatleng ebile ba se ba ntse ba li laola. 8  Empa ha ho na motho ea ka laolang leleme. Ha le laolehe, le kotsi ebile le tletse chefo.+ 9  Re le sebelisa ho rorisa Ntate oa rona Jehova* re be re le sebelise ho rohaka batho ba bopiloeng ka “setšoantšo sa Molimo.”+ 10  Molomong o le mong ho tsoa thoriso le thohako. Bana beso, ha hoa lokela ho ba joalo.+ 11  Na metsi a monate le a mabe a ka tsoa selibeng se le seng? 12  Bana beso, sefate sa feie* se ke ke sa hlahisa mehloaare kapa sefate sa morara sa hlahisa lifeie.+ Le metsi a letsoai a ke ke a hlahisa metsi a monate. 13  Ke mang har’a lona ea bohlale le ea nang le kutloisiso? Haeba o teng, a bontše ka boitšoaro ba hae bo botle hore o etsa lintho tsohle ka bonolo boo motho a bang le bona hobane a le bohlale. 14  Empa haeba ka lipelong tsa lona le le mona+ ebile le rata liqabang,*+ le se ke la ithorisa+ ka hore le bohlale hobane le tla be le bua leshano. 15  Bohlale bona ha se bo tsoang leholimong empa ke ba lefatše.+ Ke bohlale ba batho ba laoloang ke litakatso tsa bona ebile ke bohlale ba bademona. 16  Moo ho nang le mona le liqabang* ho lula ho e-na le meferefere le lintho tsohle tse mpe.+ 17  Empa motho ea nang le bohlale bo tsoang leholimong pele ho tsohle o phela bophelo bo hloekileng,+ hape o na le khotso,+ ha a manganga,+ o itokiselitse ho mamela, o mohau haholo, o etsa lintho tse ntle,+ ha a khetholle+ ebile ha se moikaketsi.+ 18  Batho ba sebelisanang hantle le batho ba bang, ba etsa hore ho be le khotso+ ’me qetellong ba etsa lintho tse lokileng.*+

Linaletsana

^ Ka Segerike: “khoptjoa.”
^ Kapa: “laola ’mele oohle oa hae joalokaha eka ke ka tomo.”
^ Kapa: “feiga.”
^ Kapa mohlomong: “le icheba bolona.”
^ Kapa mohlomong: “batho ba ichebileng bobona.”
^ Ka Segerike: “Litholoana tsa ho loka li jaloa ka khotso ho ba etsang khotso.”