Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 8

Molimo o Rata Batho ba Hloekileng

Molimo o Rata Batho ba Hloekileng

“Ho ea ipolokang a hloekile u tla iponahatsa u hloekile.”—PESALEME EA 18:26.

1-3. (a) Ke hobane’ng ha ’mè a etsa bonnete ba hore mora oa hae o hloekile ebile o makhethe? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore barapeli ba hae ba hloeke, ’me ke eng e re susumelletsang hore re batle ho ipoloka re hloekile?

’MÈ O lokisetsa moshanyana oa hae e monyenyane tsela. O etsa bonnete ba hore oa mo tolisa le hore liaparo tsa hae li makhethe ebile li hloekile. Oa tseba hore e le hore ngoana eo a phele hantle, bohloeki boa hlokahala. O boetse o hlokomela hore tsela eo mora oa hae a shebahalang ka eona e bontša ho hong ka batsoali ba hae.

2 Jehova, Ntate oa rōna oa leholimo, o batla hore bahlanka ba hae ba hloeke. Lentsoe la hae le re: “Ho ea ipolokang a hloekile u tla iponahatsa u hloekile.” * (Pesaleme ea 18:26) Jehova oa re rata, oa tseba hore ho ipoloka re hloekile ho tla re tsoela molemo haholo. O boetse o lebeletse hore kaha re Lipaki tsa hae, re mo hlahise hantle. Ka sebele, ponahalo ea rōna e hloekileng le boitšoaro ba rōna bo botle li tla tlotlisa Jehova le lebitso la hae le halalelang, ho e-na le ho tlisetsa Jehova le le lebitso la hae thohako.—Ezekiele 36:22; 1 Petrose 2:12.

3 Ho tseba hore Molimo o rata batho ba hloekileng ho re susumelletsa ho ipoloka re hloekile. Re batla hore tsela eo re phelang ka eona e mo tlotlise kahobane rea mo rata. Re boetse re batla ho ipoloka leratong la hae. Kahoo, a re hlahlobeng hore na ke hobane’ng ha re lokela ho ipoloka re hloekile, hore na ho hloeka ho akarelletsa eng le hore na re ka ipoloka re hloekile joang. Tlhahlobo e joalo e ka re thusa ho bona hore na ebe ho na le moo re lokelang ho ntlafatsa teng.

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO IPOLOKA RE HLOEKILE?

4, 5. (a) Lebaka le ka sehloohong leo re lokelang ho ipoloka re hloekile ka lona ke lefe? (b) Bohloeki ba Jehova bo bonahala joang linthong tse bonoang tseo a li bōpileng?

4 Tsela e ’ngoe eo Jehova a re tsamaisang ka eona ke ka mohlala. Kahoo, Lentsoe la hae le re khothalletsa hore ‘re be baetsisi ba Molimo.’ (Baefese 5:1) Lebaka le ka sehloohong la hore re ipoloke re hloekile ke lena: Jehova, Molimo eo re mo rapelang, o hloekile, ha aa silafala ebile o halalela kahohle.—Levitike 11:44, 45.

5 Bohloeki ba Jehova, joaloka litšobotsi le litsela tsa hae tse ngata haholo, bo bonahala linthong tse bonoang tseo a li bōpileng. (Baroma 1:20) Lefatše le ne le etselitsoe hore e be lehae le hloekileng la batho. Jehova o entse limela le libōpuoa tse ling tse re hloekisetsang moea le metsi ka linako tsohle. Likokoanyana tse ling tse bonoang feela ka mochine o hōlisang lintho li fetola litšila hore e be lintho tse seng kotsi. Bo-rasaense ba sebelisitse tse ling tsa likokoanyana tsena tse lapileng ho hloekisa oli e tšolohileng le tšilafalo e ’ngoe e bakoang ke boithati ba batho le meharo ea bona. Ka ho hlakileng, bohloeki ke ba bohlokoa ho “Moetsi oa lefatše.” (Jeremia 10:12) Le ho rōna e lokela ho ba ba bohlokoa.

6, 7. Molao oa Moshe o ile oa hatisa joang hore ho ne ho hlokahala hore ba neng ba rapela Jehova ba hloeke?

6 Lebaka le leng leo ka lona re lokelang ho ipoloka re hloekile ke hore Jehova, Morena ’Musi oa rōna, o batla hore barapeli ba hae ba hloeke. Molaong oo Jehova a neng a o file Baiseraele, bohloeki bo ne bo amana haufi le borapeli. Molao o ne o bolela ka ho hlaka hore ka Letsatsi la ho Koahela Libe, moprista ea phahameng o ne a lokela ho itlhatsoa ’mele habeli eseng hanngoe. (Levitike 16:4, 23, 24) Baprista ba neng ba sebeletsa ba ne ba lokela ho itlhatsoa matsoho le maoto pele ba nyehela mahlabelo ho Jehova. (Exoda 30:17-21; 2 Likronike 4:6) Molao o ne o thathamisa lintho tse ka bang 70 tse neng li etsa hore ’mele o se ke oa hloeka le tse neng li etsa hore tšebeletso e etsoang e silafale. Haeba Moiseraele a ne a sa hloeka, o ne a ke ke a kopanela borapeling, ’me maemong a itseng, o ne a ahloleloa lefu haeba a ne a ka kopanela borapeling. (Levitike 15:31) Mang kapa mang ea neng a hana ho itlhoekisa kamoo ho laetsoeng, ho akarelletsa ho itlhatsoa ’mele le ho hlatsoa liaparo tsa hae, o ne a ‘felisoa har’a phutheho.’—Numere 19:17-20.

7 Le hoja re se tlas’a Molao oa Moshe, o re thusa ho bona hore na Molimo o nahana litaba joang. Ka ho hlakileng, Molao o ne o hatisa hore ho ne ho hlokahala hore barapeli ba Molimo ba hloeke. Jehova ha aa fetoha. (Malakia 3:6) Borapeli ba rōna bo ke ke ba amoheleha ho eena ntle leha e le bo “hloekileng le [bo] sa silafalang.” (Jakobo 1:27) Kahoo, re lokela ho tseba hore na o lebeletse hore re etse joang ntlheng ena.

SEO HO HLOEKA MAHLONG A MOLIMO HO SE AKARELLETSANG

8. Jehova o lebeletse hore re ipoloke re hloekile lintlheng life?

8 Ka Bibeleng, khopolo ea ho hloeka ha e ame feela ho hloeka ’meleng. Ho hloeka mahlong a Molimo ho ama ntho e ’ngoe le e ’ngoe bophelong ba rōna. Jehova o lebeletse hore re ipoloke re hloekile lintlheng tse ’nè tsa bohlokoa—borapeling, boitšoarong, kelellong le ’meleng. A re hlahlobeng hore na ntlha ka ’ngoe e akarelletsa eng.

9, 10. Ho ipoloka re hloekile borapeling ho bolela’ng, ’me Bakreste ba ’nete ba qoba eng?

9 Ho hloeka borapeling. Ka mantsoe a bonolo, ho hloeka borapeling ho bolela ho se kopanye borapeli ba ’nete le ba bohata. Ha Baiseraele ba ne ba tloha Babylona ba khutlela Jerusalema, ba ne ba lokela ho mamela keletso ena e bululetsoeng: “Tsoang mona, le se ke la ama letho le sa hloekang; . . . le ipoloke le hloekile.” (Esaia 52:11) Lebaka le ka sehloohong la hore Baiseraele ba khutlele hae e ne e le ho ea tsosolosa borapeli ba Jehova. Borapeli boo bo ne bo lokela ho hloeka—bo se ke ba qaphaletsoa ke mekhoa, meetlo le lithuto leha e le life tse sa hlompheng Molimo tsa bolumeli ba Babylona.

10 Kajeno, rōna Bakreste ba ’nete, re lokela ho hlokomela hore re se ke ra silafatsoa ke borapeli ba bohata. (1 Bakorinthe 10:21) Ntlheng ena, ho hlokahala hore re hlokomele hobane re pota-potiloe ke tšusumetso ea bolumeli ba bohata. Linaheng tse ngata, ho na le mekhoa, lineano le liketso tsa batho tse fapa-fapaneng tse amanang le lithuto tsa bolumeli ba bohata, tse kang khopolo ea hore ka hare ho motho ho na le ntho e tsoelang pele e phela ha a e-shoa. (Moeklesia 9:5, 6, 10) Bakreste ba ’nete ba qoba mekhoa e amanang le litumelo tsa bolumeli ba bohata. * Re ke ke ra lumella ba bang hore ba re hatelle hore re sekisetse melao-motheo ea Bibele ea borapeli bo hloekileng.—Liketso 5:29.

11. Boitšoaro bo hloekileng bo akarelletsa eng, ’me ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re ipoloke re hloekile ntlheng ee?

11 Ho hloeka boitšoarong. Ho ipoloka re hloekile boitšoarong ho akarelletsa ho qoba mefuta eohle ea boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate. (Baefese 5:5) Ke habohlokoa hore re lule re hloekile boitšoarong. Joalokaha re tla bona khaolong e latelang ea buka ena, e le hore re ipoloke leratong la Molimo, re lokela ho ‘balehela bohlola.’ Lihlola tse sa bakeng ‘li ke ke tsa rua ’muso oa Molimo.’ (1 Bakorinthe 6:9, 10, 18) Mahlong a Molimo, batho ba joalo ba har’a ba “nyonyehang litšileng tsa bona.” Haeba ba hlōleha ho ipoloka ba hloekile boitšoarong, “kabelo ea bona e tla ba . . . lefu la bobeli.”—Tšenolo 21:8.

12, 13. Ho na le kamano efe pakeng tsa menahano le liketso, ’me re ka ipoloka re hloekile monahanong joang?

12 Ho hloeka monahanong. Menahano e tsoala liketso. Haeba re lumella menahano e fosahetseng hore e ahe ka likelellong le lipelong tsa rōna, ho ka etsahala hore kapele feela re etse liketso tse sa hloekang. (Matheu 5:28; 15:18-20) Empa haeba re tlatsa likelello tsa rōna ka mehopolo e metle le e hloekileng, sena se ka re susumelletsa ho ba le boitšoaro bo hloekileng. (Bafilipi 4:8) Re ka ipoloka re hloekile monahanong joang? Ho hong hoo re ka ho etsang e ka ba ho qoba boithabiso ba mofuta o mong le o mong bo ka silafatsang monahano oa rōna. * Ho phaella moo, re ka tlatsa likelello tsa rōna ka menahano e hloekileng ka hore re ithute Lentsoe la Molimo kamehla.—Pesaleme ea 19:8, 9.

13 E le hore re ipoloke leratong la Molimo, ho hlokahala hore re lule re hloekile borapeling, boitšoarong le kelellong. Lintlha tsena tsa bohloeki li tšohloa ka botlalo likhaolong tse ling tsa buka ena. Joale, a re ke re hlahlobeng ntlha ea bone—bohloeki.

RE KA IPOLOKA RE HLOEKILE JOANG?

14. Ke hobane’ng ha bohloeki e se feela taba ea motho ka mong?

14 Bohloeki bo akarelletsa ho ipoloka re hloekile ’meleng le ho boloka tikoloho eo re lulang ho eona e hloekile. Na bohloeki boo ke taba ea motho ka mong e sa lokelang ho ama batho ba bang? Ka sebele ho ke ke ha e-ba joalo ho barapeli ba Jehova. Joalokaha ho se ho boletsoe, ho hloeka ha rōna ke habohlokoa ho Jehova eseng feela hobane ho le molemong oa rōna empa hape ke hobane ho bonahatsa seo a leng sona. Nahana ka papiso e entsoeng qalong. Na ho bona ngoana ea litšila le ea apereng habohlasoa kamehla ha ho u etse hore u ipotse hore na batsoali ba hae ke batho ba mofuta ofe? Re ne re ke ke ra rata hore eng kapa eng e amanang le ponahalo ea rōna kapa tsela eo re phelang ka eona e tlisetse Ntate oa rōna oa leholimo thohako kapa e re sitise ha re bolela molaetsa. Lentsoe la Molimo le re: “Ka tsela leha e le efe ha re fane ka sesosa leha e le sefe sa ho khoptjoa, e le hore bosebeletsi ba rōna bo se ke ba fumanoa bo e-na le molato; empa re ipuella ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe hore re basebeletsi ba Molimo.” (2 Bakorinthe 6:3, 4) Ebe joale re ka ipoloka re hloekile joang?

15, 16. Mekhoa e metle ea bohloeki e akarelletsa eng, ’me liaparo tsa rōna li lokela ho ba joang?

15 Ho hloeka ha rōna ’meleng le ponahalo ea rōna. Le hoja mekhoa le maemo a bophelo li fapana ho ea ka linaha, ka kakaretso re ka fumana sesepa le metsi tse lekaneng hore re ka itlhatsoa ’meleng kamehla le ho tiisa hore rōna le bana ba rōna re hloekile. Mekhoa e metle ea bohloeki e akarelletsa ho hlapa matsoho ka sesepa le metsi pele re ja kapa pele re tšoara lijo, ka mor’a ho sebelisa ntloana le ka mor’a ho hlatsoa ngoana le ho mo hlobolisa leleiri. Ho hlapa matsoho ka sesepa le metsi ho ka thibela maloetse ha ba ha pholosa bophelo. Ho ka thibela likokoana-hloko tse kotsi hore li se ke tsa jaleha hohle, kahoo ha thusa batho hore ba se ke ba tšoaroa ke maloetse a tsamaeang le letšollo. Linaheng tseo ho tsona ho sa tloaelehang hore matlo a be le tsamaiso ea likhoere-khoere, mohlomong likhoerekhoere li ka hlekoa ka hore li epeloe, joalokaha ho ne ho etsoa Iseraele ea boholo-holo.—Deuteronoma 23:12, 13.

16 Liaparo tsa rōna le tsona li lokela ho hlatsuoa kamehla e le hore li hloeke li be li shebahale hantle. Ha ho hlokahale hore liaparo tsa Mokreste e be tsa theko e holimo kapa e be tsa feshene ea morao-rao, empa li lokela ho ba makhethe, li hloeke li be li hlomphehe. (1 Timothea 2:9, 10) Ho sa tsotellehe hore na re hokae, re batla hore ponahalo ea rōna e ‘khabise thuto ea Mopholosi oa rōna, Molimo.’—Tite 2:10.

17. Ke hobane’ng ha ho loketse hore mahae a rōna le tikoloho ea ’ona li hloeke li be li shebahale hantle?

17 Mahae a rōna le tikoloho ea ’ona. Ho ka etsahala hore ebe mahae a rōna ha a majabajaba, empa a lokela ho hloeka le ho shebahala hantle kahohle kamoo ho ka khonehang. Ka tsela e tšoanang, haeba re tsamaea ka likoloi ha re e-ea libokeng le tšebeletsong ea tšimo, re ka etsa sohle seo re ka se khonang hore kamehla re li boloke li hloekile, ka ntle le ka hare. Re se ke ra lebala hore lehae le hloekileng le tikoloho e hloekileng li pakela Molimo eo re mo rapelang. Ha e le hantle, re ruta batho hore Jehova ke Molimo ea hloekileng, hore o tla “felisa ba senyang lefatše,” le hore ’Muso oa hae o tla tloha o fetola lehae la rōna la lefatše hore e be paradeise. (Tšenolo 11:18; Luka 23:43) Ka sebele re batla hore ponahalo ea mahae a rōna le ea thepa ea rōna e bontše hore le hona joale re se re ntse re ithuta mekhoa e hloekileng e tla amoheleha lefatšeng le lecha le tlang.

Bohloeki bo akarelletsa ho ipoloka re hloekile ’meleng le ho boloka tikoloho eo re lulang ho eona e hloekile

18. Re ka bontša joang hore re hlompha Liholo tsa rōna tsa ’Muso?

18 Libaka tsa rōna tsa borapeli. Lerato leo re ratang Jehova ka lona le re susumelletsa ho hlompha Liholo tsa rōna tsa ’Muso tseo e leng litsi tsa borapeli ba ’nete libakeng tsa habo rōna. Ha batho ba bacha ba tla liholong tsena, re batla hore ba khahloe ke libaka tseo re kopanelang ho tsona. Ho hlokahala hore liholo tsena li hloekisoe li be li lokisoe kamehla e le hore li lule li khahlisa ebile li shebahala hantle. Re bontša hore re hlompha Liholo tsa rōna tsa ’Muso ka ho etsa sohle se matleng a rōna ho li boloka li le boemong bo botle. Ke tokelo hore re fane ka nako ea rōna hore re thuse ka ho hloekisa le “ho nchafatsa le ho lokisa” libaka tsa rōna tsa borapeli. (2 Likronike 34:10) Ho sebetsa melao-motheo e tšoanang ha re tšoaretse likopano tse khōlō le tse nyenyane Holong ea Kopano kapa mohahong o mong.

HO QOBA LITLOAELO LE MEKHOA E SILAFATSANG

19. E le hore re ipoloke re hloekile ’meleng, re lokela ho qoba eng, ’me Bibele e re thusa joang ntlheng ee?

19 E le hore re ipoloke re hloekile ’meleng, re lokela ho qoba litloaelo le mekhoa e silafatsang, e kang ho tsuba, ho sebelisa joala hampe le ho sebelisa lithethefatsi tse lemalloang kapa tse fetolang kelello, tseo re sa li fuoang ke ngaka. Bibele ha e bolele ka ho toba litloaelo le mekhoa eohle e sa hloekang le e nyonyehang e atileng kajeno, empa e na le melao-motheo e re thusang ho bona kamoo Jehova a ikutloang kateng ka lintho tse joalo. Kaha re tseba maikutlo a Jehova, lerato leo re mo ratang ka lona le re susumelletsa hore re etse lintho tseo a li amohelang. A re sekasekeng melao-motheo e mehlano ea Mangolo.

20, 21. Jehova o batla hore re qobe mekhoa ea mofuta ofe, ’me re na le lebaka lefe le matla la hore re e qobe?

20 “Kaha re na le litšepiso tsena, baratuoa, a re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea, re phethahatse khalalelo ka ho tšaba Molimo.” (2 Bakorinthe 7:1) Jehova o batla hore re qobe mekhoa e silafatsang ’mele ea rōna le e lematsang meea ea rōna. Ka lebaka leo, re lokela ho qoba lintho tse lemalloang tseo ho tsejoang hore li kotsi ’meleng le kelellong.

21 Bibele e fana ka lebaka le matla la hore ‘re itlhatsoe litšila tsohle.’ Hlokomela hore 2 Bakorinthe 7:1 e qala ka ho re: “Kaha re na le litšepiso tsena.” Ke litšepiso life? Joalokaha ho boletsoe litemaneng tse tlang pele ho ena, Jehova oa re tšepisa: “Ke tla le amohela. Ke tla ba ntat’a lōna.” (2 Bakorinthe 6:17, 18) Ak’u nahane: Jehova o tšepisa hore o tla u hlokomela, a u sireletse le ho u rata joalokaha ntate a rata mora kapa morali oa hae. Empa Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsena hafeela u qoba litšila tsa “nama le tsa moea.” Kahoo, e ne e tla ba bothoto bo bokaakang hore u lumelle tloaelo kapa mokhoa ofe kapa ofe o nyonyehang hore o u amohe kamano eo ea bohlokoa le e haufi le Jehova!

22-25. Ke melao-motheo efe ea Mangolo e ka re thusang ho qoba litloaelo le mekhoa e sa hloekang?

22 “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.” (Matheu 22:37) Jesu o ile a qolla taelo ena e le ea bohlokoa ho feta tsohle. (Matheu 22:38) Jehova o lokeloa ke lerato le joalo le tsoang ho rōna. E le hore re mo rate ka lipelo tsohle tsa rōna, meea eohle ea rōna le likelello tsohle tsa rōna, re lokela ho qoba mekhoa e ka khutsufatsang bophelo ba rōna kapa ea fifatsa matla a ho nahana ao Molimo a re fileng ’ona.

23 [Jehova] o fa batho bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle.” (Liketso 17:24, 25) Bophelo ke mpho e tsoang ho Molimo. Re rata Mofani oa mpho ena, kahoo re batla ho e hlompha. Re qoba litloaelo kapa mekhoa efe kapa efe e kotsi bophelong ba rōna, hobane rea hlokomela hore mekhoa e joalo e bontša ho hloka tlhompho ho pepenene bakeng sa mpho ea bophelo.—Pesaleme ea 36:9.

24 “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Matheu 22:39) Hangata litloaelo le mekhoa e sa hloekang e ama motho ea e etsang ebile e ama le batho ba haufi le eena. Ka mohlala, ho hema mosi oa koae ea motho ea tsubang ho ka lematsa batho ba sa tsubeng. Motho ea lematsang batho ba haufi le eena o tlōla molao-motheo oa Molimo oa hore re rate baahelani ba rōna. Hape, liketso tsa hae li bontša hore ha a bue ’nete ha a re o rata Molimo.—1 Johanne 4:20, 21.

25 ‘Ipehe tlaase le ho mamela mebuso le balaoli joaloka babusi.’ (Tite 3:1) Linaheng tse ngata, ho ba le lithethefatsi tse itseng kapa ho li sebelisa ke tlōlo ea molao. Kaha re Bakreste ba ’nete, ha re na lithethefatsi tse sa lumelloeng ke molao ebile ha re li sebelise.—Baroma 13:1.

26. (a) E le hore re ipoloke leratong la Molimo, ho hlokahala hore re etse’ng? (b) Ke hobane’ng ha ho lula re hloekile mahlong a Molimo e le tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela?

26 E le hore re ipoloke leratong la Molimo, re lokela ho lula re hloekile, eseng feela linthong tse seng kae empa linthong tsohle. Ho ka ’na ha e-ba thata ho tlohela le ho qoba litloaelo le mekhoa e silafatsang, empa ke ntho e ka etsahalang. * Ka sebele, ho e tlohela ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela, hobane kamehla Jehova o re ruta hore re itsoele molemo. (Esaia 48:17) Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa, ha re lula re hloekile re ka khotsofatsoa ke ho tseba hore re bonahatsa lerato la Molimo hantle, ’me kahoo ra ipoloka leratong la hae.

^ ser. 2 Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “hloekile” ha le hlalose feela ho hloeka ’meleng, empa le boetse le hlalosa ho hloeka boitšoarong kapa borapeling.

^ ser. 10 Bona Khaolo ea 13 ea buka ena tabeng ea mekete le mekhoa e boletsoeng ka ho toba eo Bakreste ba ’nete ba e qobang.

^ ser. 26 Bona lebokose le nang le sehlooho se reng  “Na ke Loanela ho Etsa se Nepahetseng?” leqepheng la 94, le le ka holimo le nang le sehlooho se reng  “Lintho Tsohle Lia Khoneha ho Molimo.”

^ ser. 67 Lebitso le fetotsoe.