Lengolo la Pele le Eang ho Timothea 2:1-15

  • Le rapelle batho ba mefuta eohle (1-7)

    • Molimo o mong le ’muelli o mong (5)

    • Tefo e hlokahalang e le hore batho bohle ba lopolloe sebeng (6)

  • Litaelo tse fuoang banna le basali (8-15)

    • Le apare ka tsela e bontšang hore lea itlhompha (9, 10)

2  Pele ho tsohle, ke le eletsa hore le rapelle batho ba mefuta eohle, le ba kopele thuso, le ba etsetse lithapelo tse matla le be le ba lebohele ho Molimo. 2  Hape le rapelle marena le bohle ba maemong a phahameng+ e le hore re ka phela bophelo bo khutsitseng re bile re e-na le khotso ha re ntse re sebeletsa Molimo ka botšepehi le ka mafolofolo linthong tsohle.+ 3  Ha re etsa joalo, re etsa ntho e ntle e thabisang Molimo, Mopholosi oa rona+ 4  eo thato ea hae e leng hore batho ba mefuta eohle ba pholohe+ le hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete. 5  Kaha ho na le Molimo a le mong+ le ’muelli a le mong+ pakeng tsa Molimo le batho.+ ’Muelli eo ke Kreste Jesu+ 6  ea ileng a fana ka bophelo ba hae e le tefo e neng e hlokahala e le hore batho bohle ba lopolloe sebeng.+ Batho ba tla bua ka taba ena ka nako e loketseng. 7  Ke ka lebaka leo Molimo a nkhethileng hore ke be moapostola+ le hore ke bolele le ho ruta batho ba lichaba ’nete+ le hore ba be le tumelo. Ke bua ’nete, ha ke bue leshano. 8  Ka hona, ke lakatsa hore libakeng tsohle banna ba tšepahalang ba lule ba rapela,+ ba se ke ba halefa+ kapa ba pheha khang le batho ba bang.+ 9  Basali le bona ba ikhabise ka ho apara hantle* le ka tsela e bontšang hore baa itlhompha le hore ba na le kelello. Ba se ke ba ikhabisa ka ho loha meloho e feteletseng, ka khauta, liperela kapa liaparo tse turang haholo.+ 10  Ho e-na le hoo, ba ikhabise ka liketso tse lokileng e leng eona tsela ea ho ikhabisa e tšoanelang basali ba ipolelang hore ba hlompha Molimo.+ 11  Mosali a thole* ’me a ikokobetse ha a rutoa.+ 12  Ha ke lumelle mosali ho ruta kapa ho laola monna empa a lule a thotse.*+ 13  Etsoe Adama o ile a boptjoa pele eaba ho boptjoa Eva.+ 14  Hape ha se Adama ea ileng a thetsoa empa ke mosali ea ileng a thetsoa+ ’me a etsa sebe. 15  Leha ho le joalo, o tla sireletsoa ke ho ba le bana+ hafeela a* lula a e-na le tumelo, a le lerato, a halalela a bile a e-na le kelello.+

Linaletsana

^ Kapa: “ka tsela e hlomphehang.”
^ Kapa: “a khutse.”
^ Kapa: “a khutsitse.”
^ Ka Segerike: “ba.”