SEHLOMATHISO
Ho Rarolla Liphapang Litabeng Tsa Khoebo
Joalokaha ho tlalehiloe ho 1 Bakorinthe 6:1-8, moapostola Pauluse o ile a tšohla taba ea linyeoe tse bang teng pakeng tsa balumeli-’moho. O ile a bolela hore o soabisitsoe ke hore Bakreste ba Korinthe ba ne ba “iteta sefuba ho ea khotla ka pel’a batho ba sa lokang.” (Temana ea 1) Pauluse o ile a fana ka mabaka a matla a hore na ke hobane’ng ha Bakreste ba sa lokela ho qosana makhotleng a lefatše empa ba lokela ho lokisa liqabang tsa bona ka tataiso eo ba e fumanang ka phuthehong. A re tšohleng a mang a mabaka a keletso ena e bululetsoeng ebe joale re tšohla maemo a ’maloa ao keletso ena e bululetsoeng e sa sebetseng ka ho toba ho ’ona.
Haeba re e-na le qabang ea khoebo le molumeli-’moho le rōna, re tla qala ka ho sebetsa litaba ka tsela ea Jehova, eseng ea rōna. (Liproverbia 14:12) Joalokaha Jesu a ile a bontša, ho molemo hore ho se lumellane ho lokisoe ka potlako pele ho fetoha taba e khōlō. (Matheu 5:23-26) Leha ho le joalo, ka masoabi Bakreste ba bang ba rata likhang hoo ba bileng ba isang liphapang makhotleng a lefatše. Pauluse o ile a re: “Ka sebele, ho bolela ho hlōleha ka ho feletseng bakeng sa lōna hore ebe lea qosana.” Hobane’ng? Lebaka la bohlokoahali ke hore ka lebaka la linyeoe tseo, lebitso le letle la phutheho le la Molimo eo re mo rapelang, le ka ’na la hlaha hampe. Kahoo, re nka ka botebo potso ena ea Pauluse: “Ho e-na le hoo ke hobane’ng ha le sa itlohelle hore le fosetsoe?”—Temana ea 7.
Pauluse o ile a boela a beha lebaka la hore Molimo o file phutheho tokisetso e ntle ea ho rarolla liphapang tse ngata. Baholo ke banna ba Bakreste ba hlalefisitsoeng ke tsebo eo ba nang le eona ea linnete tsa Mangolo, ’me Pauluse o re ba “khona ho ahlola pakeng tsa barab’abo [bona]” mabapi le “litaba tsa bophelo bona.” (Temana ea 3-5) Jesu o ile a bontša hore liphapang tse amang liphoso tse khōlō, tse kang ho etselletsa le bomenemene, li lokela ho rarolloa ka hore ho lateloe mehato e meraro: oa pele, batho ba amehang ba lokela ho lokisa bothata ba le bang; oa bobeli, haeba bohato ba pele bo hlōleha, ho ka tlisoa paki e le ’ngoe kapa tse peli; oa boraro, haeba bohato ba bobeli bo hlōleha, taba e ka isoa phuthehong ho baholo bao e leng baemeli ba eona.—Matheu 18:15-17.
Ha e le hantle, ha ho hlokahale hore baholo ba Bakreste e be baemeli ba molao kapa bo-rakhoebo ebile mosebetsi oa bona hase ho fana ka keletso ea molao kapa ea khoebo. Ha ba behe maemo ao barab’abo bona ba lokelang ho rarolla liphapang tsa khoebo ka ’ona. Ho e-na le hoo, ba batla ho thusa bohle ba amehang hore ba sebelise Mangolo le hore ba lumellane ka tharollo e tla tlisa khotso. Maemong a rarahaneng, ba ka ’na ba buisana le molebeli oa potoloho kapa ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, ho na le maemo ao keletso ea Pauluse e sa a amang. A mang a ’ona ke afe?
Maemong a mang, ho qosa lekhotleng e ka ’na ea e-ba feela ho phetha molao ha motho a batla hore taba e qetelle ka khotso le ntle ho boikhabi. Ka mohlala, ho qosa lekhotleng e ka ’na ea e-ba oona mokhoa feela o teng oa ho fumana lengolo la tlhalo, tokelo ea molao ea ho nka ngoana, ho lokisa taba ea ho fumana chelete ea ho hlokomeloa ke molekane, ho fumana matšeliso a inshorense, ho balelloa har’a batho ba kolotoang nyeoeng ea motho ea ipolelang hore o chonne le ho faneng ka bopaki ba bonnete ba lengolo la thato ea mofu. Ho boetse ho na le maemo ao ho ’ona mor’abo rōna a ka bonang ho hlokahala hore le eena a ritele nyeoe e le hore a itšireletse ka lekhotleng. *
Haeba linyeoe tse joalo li sa riteloe ka moea oa ntoa, ho ka etsahala hore li se ke tsa e-ba khahlanong le morero oa keletso e bululetsoeng ea Pauluse. * Leha ho le joalo, ntho e lokelang ho tla pele ho Mokreste e lokela ho ba ho halaletsoa ha lebitso la Jehova hammoho le hore phutheho e be le khotso le bonngoe. Ntho ea pele eo balateli ba Kreste ba tsebahalang ka eona le eo ba khetholloang ka eona ke lerato, ’me “lerato . . . ha le batle lithahasello tsa lona.”—1 Bakorinthe 13:4, 5; Johanne 13:34, 35.
^ ser. 2 Ka seoelo Mokreste e mong a ka ’na a siteloa e mong ka tlōlo e khōlō ea molao—e kang ho beta, ho hlasela, ho bolaea, kapa ho utsoa ntho e khōlō. Maemong ao, ho ke ke ha thoe hase Bokreste ha motho a tlalehela ba boholong, le haeba ho etsa joalo ho ka fella ka hore ho riteloe nyeoe ea tlōlo ea molao.
^ ser. 3 Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, re kōpa hore u bone Molula-Qhooa oa March 15, 1997, leqepheng la 17-22, le oa October 15, 1991, leqepheng la 25-8.