Lengolo la Pele le Eang ho Bakorinthe 6:1-20

  • Bakreste ba isana khotla (1-8)

  • Batho ba ke keng ba kena ’Musong oa Molimo (9-11)

  • Tlotlisang Molimo ka ’mele ea lona (12-20)

    • “Balehang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano” (18)

6  Haeba u qabane le ngoan’eno,+ na kannete u na le sebete sa ho mo isa khotla ka pel’a batho bao e seng balumeli? Ke hobane’ng ha u sa ee ho batho ba khethiloeng ke Molimo ka phuthehong?* 2  Na ha le tsebe hore batho ba khethiloeng ke Molimo* ba tla ahlola lefatše?+ Haeba le tla ahlola lefatše, na le ka hloleha ho rarolla litaba tse sa reng letho? 3  Na ha le tsebe hore re tla ahlola mangeloi?+ Joale ke hobane’ng ha le sitoa ho rarolla mathata a sa reng letho a bophelo boo? 4  Haeba le e-na le mathata bophelong ao le hlokang ho a rarolla,+ ke hobane’ng ha le ka a isa ho baahloli bao e seng karolo ea phutheho? 5  Ke bua tjena e le hore le soabe. E tlameha ebe ho na le motho ea bohlale har’a lona ea ka rarollang mathata a lona. 6  Ho ntse ho le joalo, Mokreste o isa Mokreste* e mong khotla, le hona ka pel’a batho bao e seng balumeli. 7  Haeba le qosana ka bolona, le se le ntse le hlolehile. Ke hobane’ng ha le sa itlohele hore le fosetsoe?+ Ke hobane’ng ha le sa itlohele hore le etsetsoe bolotsana? 8  Ho fapana le hoo, le fosetsa bana ba bo lona ebile le ba etsetsa bolotsana. 9  Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ba ke ke ba kena ’Musong oa Molimo?+ Le se ke la khelosoa.* Batho ba tloaetseng ho etsa* boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ba rapelang litšoantšo,+ ba febang,+ banna ba etsang thobalano le banna ba bang,*+ 10  masholu, batho ba sa khotsofaleng,*+ matahoa,+ ba litlhapa* kapa ba nkang lintho tsa batho ba bang ka mahahapa ba ke ke ba kena ’Musong oa Molimo.+ 11  Ba bang ba lona le ne le le joalo empa le hloekisitsoe,+ le halalelitsoe+ hape le nkoa le lokile+ ka lebitso la Morena oa rona Jesu Kreste le ka moea oa Molimo oa rona. 12  Ke lumeletsoe ho etsa lintho tsohle empa ha se lintho tsohle tse molemo.+ Ke lumeletsoe ho etsa lintho tsohle empa nke ke ka lumella ntho leha e le efe hore e ntaole. 13  Lijo li etselitsoe mpa le mpa e etselitsoe lijo empa Molimo o tla li felisa li le peli.+ ’Mele ha oa etsetsoa ho etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano* empa o etselitsoe ho sebeletsa Morena+ hape Morena oa o hlokomela. 14  Molimo o ile a tsosa Morena+ ’me le rona o tla re tsosa bafung+ ka matla a hae.+ 15  Na ha le tsebe hore ’mele ea lona e ikarabella ho Kreste?+ Na ho nepahetse ho nka seo e leng sa Kreste ebe le se kopanya le letekatse? Ho hang! 16  Na ha le tsebe hore motho ea etsang thobalano le letekatse ke ’mele o le mong le lona? Etsoe Molimo o re: “Ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe.”+ 17  Empa ea ikopanyang le Morena o nahana joaloka eena.*+ 18  Balehang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.*+ Libe tse ling tsohle tseo motho a li etsang ha li ame ’mele oa hae ka ho toba empa ea tloaetseng ho etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano o siteloa ’mele oa hae.+ 19  Na ha le tsebe hore ’mele ea lona ke tempele+ ea moea o halalelang oo le o filoeng ke Molimo?+ Le ikarabella ho Molimo+ 20  hobane o le rekile ka theko e phahameng.+ Kahoo, le mo tlotlise+ ka ’mele ea lona.+

Linaletsana

^ Ka Segerike: “bahalaleli.”
^ Ka Segerike: “bahalaleli.”
^ Ka Segerike: “ngoan’abo.”
^ Ka Segerike ho sebelisitsoe mantsoe a mabeli a fapaneng, mantsoe ao a akareletsa banna ba lumelang ho etsa thobalano le banna ba bang le ba etsang thobalano le banna ba bang.
^ Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
^ Kapa: “ba etsang.”
^ Kapa: “thetsoa.”
^ Kapa: “ba meharo.”
^ Kapa: “ba hlabang ba bang ka mantsoe.”
^ Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
^ Ka Segerike: “ke moea o le mong le eena.”
^ Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.