Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 92

Jesu o Hlaha ho Batšoasi ba Litlhapi

Jesu o Hlaha ho Batšoasi ba Litlhapi

Ka mor’a hore Jesu a hlahe ho baapostola, Petrose o ile a e’o tšoasa litlhapi leoatleng la Galilea. Thomase, Jakobo, Johanne le baapostola ba bang ba ile ba tsamaea le eena. Ba ile ba leka ho tšoasa litlhapi bosiu kaofela empa ba se ke ba li fumana.

Hoseng ba ile ba bona ntate e mong a eme pel’a leoatle. A ba hoeletsa a re: ‘Na le fumane litlhapi?’ Ba re: “Che!” Eaba ntate eo o re: “Lahlelang linete tsa lona ka letsohong le letona.” Eitse ha ba etsa joalo, linete tsa bona tsa tlala litlhapi hoo ba neng ba sitoa le ho li hulela ka har’a sekepe. Ha Johanne a elelloa hore ntate eo ke Jesu a re: “Ke Morena!” Hang-hang Petrose a ikakhela ka metsing eaba o tola ho ea lebopong la leoatle. Barutuoa ba bang ba tla ka sekepe.

Ha ba fihla lebopong la leoatle, ba ile ba fumana Jesu a ntse a pheha bohobe le tlhapi. Eaba Jesu o ba kopa hore ba tlise litlhapi tsa bona hore ba eketse lijo. A re ho bona: ‘A re jeng.’

Ha ba qeta ho ja, Jesu a re ho Petrose: ‘Na u nthata ho feta ho tšoasa litlhapi?’ Petrose a re: ‘E, Morena, oa tseba hore kea u rata.’ Jesu a re ho eena: ‘Fepa linku tsa ka.’ Jesu a mo botsa hape a re: ‘Petrose, na oa nthata?’ Petrose a re: ‘Morena, oa tseba hore kea u rata.’ Jesu a re: “Lisa linku tsa ka tse nyenyane.” Jesu a mo botsa ka lekhetlo la boraro. Petrose a araba a utloile bohloko a re: ‘Morena, u tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Oa tseba hore kea u rata.’ Jesu a re: “Fepa linku tsa ka tse nyenyane.” A re ho Petrose: ‘Tsoela pele u le molateli oa ka.’

“‘Ntšaleng morao, ’me ke tla le etsa batšoasi ba batho.’ Hang-hang ha ba tlohela matlooa, ba mo latela.”—Matheu 4:19, 20