Selelekela sa Karolo ea 13
Jesu o ile a tla lefatšeng ho fana ka bophelo ba hae ho batho ba sa phethahalang. Le hoja a ile a shoa, o hlotse lefatše. Jehova o ile a tšepahalla Mora oa hae ’me a mo tsosa bafung. Ka boikokobetso Jesu o ile a sebeletsa batho ba bang, a ba a ba tšoarela ha ba etsa liphoso, ho fihlela a khokhotheloa palong. Ka mor’a ho tsosoa bafung, Jesu o ile a hlaha ho barutuoa ba hae. O ile a ba ruta ho etsa mosebetsi oa bohlokoa oo a neng a ba file oona. Thusa ngoana oa hao ho bona hore o lokela ho etsa mosebetsi ona oa bohlokoa.
KAROLONG ENA
THUTO EA 87
Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena
Jesu o fa baapostola litaelo tsa bohlokoa lijong tsa shoalane.
THUTO EA 88
Jesu oa Tšoaroa
Judase Iskariota o etella pele batho ba bangata ba tšoereng lisabole le melamu hore ba il’o tšoara Jesu.
THUTO EA 89
Petrose o Latola Jesu
Ho etsahala’ng lebaleng la ntlo ea Kaifase ’me ho etsahala’ng ka Jesu ha a le ka tlung?
THUTO EA 92
Jesu o Hlaha ho Batšoasi ba Litlhapi
Jesu o ile a etsa’ng hore ba hlokomele hore ke eena?
THUTO EA 93
Jesu o Khutlela Leholimong
Pele a nyolohela leholimong, o ile a fa barutuoa ba hae litaelo tsa bohlokoa.

