Selelekela sa Karolo ea 1
Bibele e qala ka ho re phetela pale ea lintho tse bopiloeng. E re bolella ka lintho tse ntle tseo Jehova a li entseng leholimong le lefatšeng. Haeba u motsoali, thusa ngoana oa hao hore a bone lintho tse ngata tse hlollang tse bopiloeng. Mo bolelle hore Molimo o entse motho e le ea phahametseng liphoofolo. Motho eena o tseba ho bua, ho nahana, ho qapa lintho, ho bina le ho rapela. Thusa ngoana oa hao hore a tsebe hore Jehova o matla, o bohlale le hore o rata lintho tsohle tseo a li bopileng, ho akarelletsa e mong le e mong oa rona.
KAROLONG ENA
THUTO EA 1
Molimo o Entse Leholimo le Lefatše
Bibele e re Molimo o bopile leholimo le lefatše. Empa na oa tseba hore na Molimo o bopile lengeloi lefe pele a etsa batho le lintho tse ling kaofela?
THUTO EA 2
Molimo o Bopile Monna oa Pele le Mosali oa Pele
Molimo o bopile monna oa pele le mosali oa pele eaba o ba beha serapeng sa Edene. O ne a batla hore ba qale lelapa le ho etsa hore lefatše lohle e be paradeise.

