Selelekela sa Karolo ea 10
Jehova ke Morena ea phahameng ka ho fetisisa. Haesale e le eena ea laolang lintho ’me o tla lula a li laola. Ka mohlala, o ile a pholosa Jeremia hore a se ke a shoella ka sekoting se seretse. O ile a sireletsa Shadrake, Meshake le Abednego hore ba se ke ba shoella ka seboping sa mollo a ba a pholosa Daniele hore a se ke a bolaoa ke litau. Jehova o ile a sireletsa Esthere e le hore a ka pholosa batho ba habo. A ke ke a lumella hore bokhopo bo ’ne bo tsoele pele ka ho sa feleng. Boprofeta ba setšoantšo se seholo le sefate se seholo bo bontša hore ’Muso oa Jehova o tla felisa bokhopo bohle bo teng lefatšeng ’me o buse lefatše.
KAROLONG ENA
THUTO EA 57
Jehova o Roma Jeremia ho ea Bolela Molaetsa oa Hae
Seo Jeremia a ileng a se bua se ile sa etsa hore baholo ba koate.
THUTO EA 58
Jerusalema ea Timetsoa
Jehova o lahla batho ba Juda hobane ba tsoela pele ho rapela melimo ea bohata.
THUTO EA 59
Bashanyana ba Bane ba Ileng ba Mamela Jehova
Bajuda ba banyenyane ba ikemiselitse ho lula ba tšepahalla Jehova, esita leha ba le lekhotleng la borena la Babilona.
THUTO EA 60
’Muso o Tla Lula o le Teng
Daniele o hlalosa se boleloang ke toro e makatsang ea Nebukadnezare.
THUTO EA 61
Ba Ile ba Hana ho Khumamela Setšoantšo
Shadrake, Meshake le Abednego ba hana ho rapela setšoantšo sa morena oa Babilona sa khauta.
THUTO EA 62
’Muso o Tšoanang le Sefate se Seholo
Toro ea Nebukadnezare e bua ka bokamoso ba hae esale pele.
THUTO EA 64
Daniele ka Sekoting sa Litau
Rapela Jehova letsatsi le leng le le leng, joaloka Daniele!
THUTO EA 65
Esthere o Pholosa Batho ba Habo
Le hoja e ne e le molichaba ebile e le khutsana, o ile a qetella e le mofumahali.
THUTO EA 66
Esdrase o Ruta Batho Molao oa Molimo
Ka mor’a hore Baiseraele ba mamele Esdrase, ba ile ba etsa tšepiso e khethehileng ho Molimo.
THUTO EA 67
Marako a Jerusalema
Nehemia o ile a tseba hore lira tsa Baiseraele li rera ho hlasela. Ke hobane’ng ha a ne a sa tšoha?

