Ithute Lipaleng Tsa Bibele

Selelekela sa Karolo ea 11

Sesotho (Lesotho)
Selelekela sa Karolo ea 11
https://cms-imgp.jw-cdn.org/img/p/1102016141/univ/art/1102016141_univ_sqr_xl.jpg
lfb maq. 160-161

Selelekela sa Karolo ea 11

Selelekela sa Karolo ea 11

Karolong ena re tl’o ithuta ka Mangolo a Segerike a Bakreste. Jesu o hlahetse lelapeng le futsanehileng le neng le lula motsaneng o monyenyane. O ne a sebetsa le ntate oa hae oa ’metli oa mapolanka. Jesu ke eena ea neng a tla pholosa batho. Jehova o mo khethile hore e be Morena oa ’Muso oa leholimo. Thusa ngoana oa hao hore a lemohe kamoo Jehova a ileng a khetha ka hloko kateng lelapa leo Jesu a neng a tla holela ho lona. Buisanang kamoo Jehova a ileng a sireletsa Jesu kateng hore a se ke a bolaoa ke Heroda le hore ha ho letho le ka sitisang morero oa Jehova ho phethahala. Mo bontše kamoo Jehova a ileng a sebelisa Johanne kateng hore a lokisetse Jesu tsela. Mo thuse ho lemoha hore esita leha Jesu a sa le monyenyane, o ile a bontša hore o rata tataiso e bohlale ea Jehova.

KAROLONG ENA

THUTO EA 68

Elizabetha o ba le Ngoana

Ke hobane’ng ha Zakaria a ile a bolelloa hore e tla ba semumu ho fihlela ngoana oa hae a hlaha?

THUTO EA 69

Gabariele o Etela Maria

Lengeloi le mo bolella molaetsa o ileng oa fetola bophelo ba hae.

THUTO EA 70

Mangeloi a Tsebahatsa Tsoalo ea Jesu

Balisa ba ileng ba utloa ka taba eo ba ile ba tsamaea.

THUTO EA 71

Jehova o Sireletsa Jesu

Morena ea khopo o ne a batla ho bolaea Jesu.

THUTO EA 72

Ha Jesu a Ntse a Hola

O ile a makatsa mesuoe e tempeleng joang?

THUTO EA 73

Johanne o Lokisa Tsela

Johanne e ba moprofeta ha a hola. O ruta batho hore Mesia oa tla. Batho ba etsa’ng ha ba utloa molaetsa?