Ithute Lipaleng Tsa Bibele

Selelekela sa Karolo ea 14

Sesotho (Lesotho)
Selelekela sa Karolo ea 14
https://cms-imgp.jw-cdn.org/img/p/1102016144/univ/art/1102016144_univ_sqr_xl.jpg
lfb maq. 218-219

Selelekela sa Karolo ea 14

Selelekela sa Karolo ea 14

Bakreste ba mehleng ea Jesu ba ne ba bolella batho litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo ho isa libakeng tse hole. Jesu o ile a ba bolella hore na ba rute batho libakeng life. Hape, ka mohlolo a etsa hore ba bue lipuo tsa batho bao ba ba rutang. Jehova o ile a ba thusa hore ba be sebete le ha ba hlorisoa.

Jesu o ile a bontša moapostola Johanne khanya ea Jehova ponong. Ponong e ’ngoe, Johanne o ile a bona ’Muso oa Molimo o felisa puso ea Satane ka ho sa feleng. O ile a bona Jesu e le Morena ’me a e-na le ba 144 000 ba tla busa le eena. Johanne o ile a boela a bona ha lefatše lohle e e-ba paradeise ’me batho bohle ba rapela Jehova ka khotso ebile ba momahane.

KAROLONG ENA

THUTO EA 94

Barutuoa ba Fuoa Moea o Halalelang

Ho ile ha etsahala mohlolo ofe ka mor’a hore barutuoa ba fuoe moea o halalelang?

THUTO EA 95

Ho ne ho se Letho le ka ba Sitisang

Baeta-pele ba bolumeli ba ileng ba bolaea Jesu ba batla ho sitisa barutuoa ho ruta batho Lentsoe la Molimo. Empa ba ke ke ba atleha.

THUTO EA 96

Jesu o Khetha Saule

Saule o hloile Bakreste empa haufinyane o tl’o fetoha.

THUTO EA 97

Korneliase o Fuoa Moea o Halalelang

Ke hobane’ng ha Molimo a roma Petrose ntlong ea motho eo e seng Mojuda?

THUTO EA 98

Batho ba Lichaba Tse Ngata e ba Bakreste

Moapostola Pauluse le baromuoa ba bang ba isa litaba tse monate linaheng tse hole.

THUTO EA 99

Molebeli oa Teronko o Ithuta Lentsoe la Molimo

Modemona, tšisinyeho ea lefatše le lerumo li amana joang paleng ee?

THUTO EA 100

Pauluse le Timothea

Banna bana ba babeli ba sebetsa ’moho e le metsoalle ka lilemo tse ngata.

THUTO EA 101

Pauluse o Isoa Roma

Ba ne ba le kotsing e kholo empa Pauluse ha aa ka a khathalloa ke pere.

THUTO EA 102

Lintho Tseo Johanne a li Boneng

Jesu o mo bontša lipono tse ngata tsa lintho tse tla etsahala nakong e tlang.

THUTO EA 103

“’Muso oa Hao o Tle”

Lintho tseo Johanne a li boneng li bontša kamoo ’Muso oa Molimo o tla fetola bophelo kateng lefatšeng.