Selelekela sa Karolo ea 9
Karolong ena re tl’o ithuta ka batho ba akarelletsang bacha , baprofeta le marena, ba ileng ba bontša ka tsela e ikhethang hore ba tšepa Jehova. Ho ne ho e-na le ngoanana oa Moiseraele ea neng a lula Siria. O ne a lumela hore moprofeta oa Jehova a ka folisa Naamane. Moprofeta Elisha o ne a kholisehile hore Jehova o tla mo sireletsa ho ba lireng. Moprista ea Phahameng Jehojada o ile a ipeha kotsing e le hore a sireletse Joase ho nkhono oa hae ea khopo ea bitsoang Athalia. Morena Ezekiase o ne a lumela hore Jehova o tla sireletsa Jerusalema, kahoo a hana ho inehela ho Baasiria. Morena Josiase o ile a felisa borapeli ba litšoantšo naheng ea habo, a tsosolosa tempele ’me a thusa sechaba sa habo hore se khutlele borapeling ba ’nete.
KAROLONG ENA
THUTO EA 51
Naamane le Ngoanana oa Moiseraele
Ngoanana oa Moiseraele o bolella mong’a hae hore Jehova o na le matla a ho etsa mehlolo.
THUTO EA 52
Lebotho le Matla la Jehova
Mohlanka oa Elisha o ile a bona hore ‘ba nang le bona ba bangata ho feta ba nang le Basiria.’
THUTO EA 54
Jehova o Ile a Mamella Jonase
Ho tlile joang hore tlhapi e kholo e koenye moprofeta e mong oa Molimo? O ile a tsoa joang ka ho eona? Jehova o ile a mo ruta thuto efe?
THUTO EA 55
Lengeloi la Jehova le Sireletsa Ezekiase
Lira tsa Bajuda li ne li re Jehova a ke ke a sireletsa batho ba hae, empa li ne li fositse!
THUTO EA 56
Josiase o ne a Rata Molao oa Molimo
Josiase e ile ea e-ba morena ha a le lilemo li robeli, ’me a thusa batho ba habo hore ba rapele Jehova.

