Ithute Lipaleng Tsa Bibele

Naamane le Ngoanana oa Moiseraele

Sesotho (Lesotho)
Naamane le Ngoanana oa Moiseraele
https://cms-imgp.jw-cdn.org/img/p/1102016061/univ/art/1102016061_univ_sqr_xl.jpg
lfb thuto 51

THUTO EA 51

Naamane le Ngoanana oa Moiseraele

Naamane le Ngoanana oa Moiseraele

Ho ne ho e-na le ngoanana e mong oa Moiseraele ea neng a lula naheng ea Siria, e hole le habo. Masole a Siria a ne a mo nkile ho batho ba habo ’me joale a sebeletsa mosali oa mookameli oa masole ea bitsoang Naamane. Ngoanana eo o ne a rapela Jehova, le hoja batho bao a lulang le bona ba ne ba sa mo rapele.

Naamane o ne a tsoile lepera ’me le mo utloisa bohloko haholo. Ngoanana eo o ne a batla ho mo thusa. Eaba o re ho mosali oa Naamane: ‘Ke tseba motho ea ka folisang ntate Naamane. Ho na le moprofeta oa Jehova ea bitsoang Elisha Iseraele. A ka khona ho folisa ntate Naamane.’

Eaba mosali oa Naamane o bolella Naamane seo ngoanana eo a mo bolelletseng sona. Kaha Naamane o ne a ikemiselitse ho etsa eng kapa eng e le hore a fole, o ile a lumela ho ea ho Elisha naheng ea Iseraele. O ne a lebeletse hore Elisha o tla mo tšoara ka tsela e khethehileng. Empa ho e-na le hore Elisha a ee ho eena, a roma mohlanka oa hae hore a e’o mo lumelisa ’me a re ho eena: ‘E-ea Nokeng ea Jordane ’me u hlape ka ho eona ka makhetlo a supileng. Ka mor’a moo, u tla fola.’

Naamane o ile a utloa bohloko haholo. A re: ‘Ke ne ke nahana hore moprofeta enoa o tla bitsa lebitso la Molimo oa hae a be a foke matsoho pele a mpholisa. Ho fapana le hoo, o mpolella hore ke ee nokeng eo ea Iseraele. Re na le linoka tse betere ho e feta Siria. Ke’ng a sa re ke ee moo?’ Kahoo, Naamane a tloha ha Elisha a halefile haholo.

Empa bahlanka ba Naamane ba mo thusa hore a nahane hantle. Ba re ho eena: ‘Akere u batla ho fola? Moprofeta enoa ha a re u etse ntho e thata haholo. Ke hobane’ng ha u sa etse seo a reng u se etse?’ Naamane a ba mamela. A ea Nokeng ea Jordane ’me a kena ka ho eona ka makhetlo a supileng. Lekhetlong lena la bosupa, Naamane a tsoa a folile ka ho feletseng. O ne a thabile haholo. Kahoo a khutlela ho Elisha ho ea mo leboha. Naamane a re: ‘Joale kea tseba hore Jehova ke Molimo oa ’nete.’ U nahana hore ngoanana eo oa Moiseraele o ile a ikutloa joang ha Naamane a khutla a folile?

“U etsa hore masea le bana ba banyenyane ba u rorise.”—Matheu 21:16